Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 18

Sehlahla se Tukang

Sehlahla se Tukang

Moshe o ile a lula Midiane ka lilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala ’me a ba le bana. Ka letsatsi le leng, ha a ntse a hlokometse linku tsa hae pel’a Thaba ea Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla sa meutloa se ne se tuka, empa se sa che. Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahala’ng, a utloa lentsoe le tsoa sehlahleng ’me le re: ‘Moshe! U se ke oa atamela moo. Rola lieta tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.’ Ke Jehova ea neng a bua a sebelisa lengeloi.

Moshe o ile a tšoha, eaba o ipata sefahleho. Lentsoe la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka eona. Ke tla ba ntša Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke uena ea tla ba etella pele.’ Na ha u nahane hore seo se ile sa makatsa Moshe?

Moshe a botsa a re: ‘Ke tla re’ng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngoe ke mang?’ Molimo a re: ‘U tla re Jehova, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo ke eena ea u rommeng.’ Joale Moshe a re: ‘Ke tla etsa’ng haeba ba sa ’mamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu oa hae fatše. Eaba molamu oo o fetoha noha. Ha Moshe a tšoara noha eo ka mohatla, ea boela ea fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontšo ena e tla ba bopaki ba hore ke ’na ea u rommeng.’

Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Eaba Jehova o re ho eena: ‘Ke tla u bolella seo u lokelang ho se bua ’me ke tla romela abuti oa hao Arone hore a tl’o u thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le eena. Kahoo, a nka mosali oa hae le bana ’me ba khutlela Egepeta.

“Le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo.”—Matheu 10:19