Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 5

Selelekela sa Karolo ea 5

Likhoeli tse peli ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, ba ile ba fihla Thabeng ea Sinai. Ha ba le moo, Jehova o ile a etsa selekane le bona sa hore ke sechaba sa hae se khethehileng. O ile a ba sireletsa, a ba hlokomela ka sohle seo ba se hlokang, a ba fa manna, liaparo le sebaka se sireletsehileng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a utloisise lebaka le entseng hore Jehova a fe Baiseraele Molao, a ba laele hore ba etse tabernakele le ho khetha baprista. Mo bontše bohlokoa ba ho phetha seo re se tšepisitseng, ho lula re ikokobelitse le ho tšepahala ho Jehova.

KAROLONG ENA

THUTO EA 23

Ba Tšepisa Jehova

Ha Baiseraele ba le Thabeng ea Sinai, ba ile ba tšepisa Molimo hore ba tla mamela melao ea hae.

THUTO EA 24

Ba Tšepisitse Empa ha ba Phethe

Ha Moshe a ntse a fuoa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kholo.

THUTO EA 25

Tabernakele ea Borapeli

Ka tenteng ena e ikhethang ho ne ho e na le areka ea selekane.

THUTO EA 26

Lihloela Tse 12

Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le lihloela tse ling tse leshome.

THUTO EA 27

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hlōleha ho ithuta ntlha ea bohlokoa ka Jehova.

THUTO EA 28

Tonki ea Balame ea Bua

Tonki e ile ea bona motho empa Balame a sa mo bone.