Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 24

Ba Tšepisitse Empa ha ba Phethe

Ba Tšepisitse Empa ha ba Phethe

Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nyoloha u tle thabeng. Ke tla u ngolla melao ea ka matlapeng ao ke tla u fa ’ona.’ Moshe o ile a hloa thaba ’me a qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 moo. Ha a ntse a le moo, Jehova o ile a ngola Melao e Leshome matlapeng a mabeli ’me a a fa Moshe.

Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba nahana hore Moshe o ba siile. Kahoo, ba re ho Arone: ‘Re batla motho ea tla re etella pele. Re etsetse molimo!’ Eaba Arone o re: ‘Mpheng khauta ea lona.’ A qhibilihisa khauta eo eaba o etsa namane ka eona. Baiseraele ba re: ‘Namane ena ke Molimo oa rona ea re ntšitseng Egepeta!’ Ba qala ho e rapela ’me ba etsa mokete. Na ho etsa joalo ho ne ho fosahetse? E, ho ne ho fosahetse hobane ba ne ba tšepisitse hore ba tla rapela Jehova feela. Empa joale ba ne ba se ba sa phethe seo ba se tšepisitseng.

Jehova o ile a bona seo ba se etsang ’me a re ho Moshe: ‘Theoha u ee ho Baiseraele. Ha ba etse seo ke itseng ba se etse. Ba rapela molimo oa bohata.’ Kahoo, Moshe a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli.

Ha Moshe a atamela litenteng, o ile a utloa batho ba bina. A bona hore ba ntse ba tantša le ho inamela namane ea khauta. Moshe o ile a halefa haholo. Eaba o lahlela matlapa ao fatše ’me a pshatleha. Ka mor’a moo, a senya namane eo ea khauta. ’Me a botsa Arone, a re: ‘Ho tlile joang hore sechaba se u susumelletse ho etsa ntho e mpe tjee?’ Arone a re: ‘U se ke oa halefa. Oa tseba hore na batho bana ba joang. Ba ne ba batla molimo, eaba ba lahlela khauta ea bona ka mollong ’me ha tsoa namane ena!’ Arone o ne a fositse. Moshe a boela a nyolohela thabeng ’me a kopa Jehova hore a tšoarele Baiseraele.

Jehova o ile a tšoarela Baiseraele ba neng ba ikemiselitse ho mo mamela. Na oa bona hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore Baiseraele ba latele tataiso ea Moshe?

“Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha, etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello. U phethe boitlamo boo u bo etsang.”—Moeklesia 5:4