Selelekela sa Karolo ea 6
Ha Baiseraele ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, tabernakele e ile ea e-ba eona sebaka sa borapeli. Baprista ba ne ba ruta Molao ’me baahloli ba tataisa sechaba. Karolong ena re tl’o bona kamoo liqeto tseo re li etsang li re amang esita le ho ama ba bang kateng. Moiseraele ka mong o ne a ikarabella ho Jehova le ho ba habo. Re tl’o bona kamoo Debora, Naomi, Joshua, Anna, morali oa Jafeta le Samuele ba ileng ba susumetsa batho ba bang kateng. Esita le batho ba bang bao e neng e se Baiseraele ba kang Rahaba, Ruthe, Jaele le Bagibeone ba ile ba khetha ho tšehetsa le Baiseraele hobane ba tseba hore Molimo o na le bona.
KAROLONG ENA
THUTO EA 29
Jehova o Khetha Joshua
Molimo o ile a fa Joshua litaelo tse ka re thusang le rona kajeno.
THUTO EA 30
Rahaba o Pata Lihloela
Marako a Jeriko a oa. Empa ntlo ea Rahaba ha e oe, le hoja e ne e itšetlehile ka lerako
THUTO EA 31
Joshua le Bagibeone
Joshua o ile a rapela Molimo a re: “Letsatsi ha le eme!” Na Molimo o ile a mo araba?
THUTO EA 32
Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete
Ka mor’a hore Joshua a shoe, Baiseraele ba ile ba qala ho rapela melimo ea litšoantšo. Ba ile ba phela ka thata, empa ba lopolloa ke Moahloli Barake, moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora le Jaele ea ileng a kokotela Sisera hloohong ka tšepe ea tente!
THUTO EA 33
Ruthe le Naomi
Basali ba babeli ba neng ba shoetsoe ke banna ba ile ba khutlela Iseraele. E mong oa basali bao, e leng Ruthe, o ile a ea masimong ’me ha a le moo Boaze a mo hlokomela.
THUTO EA 34
Gideone o Hlola Bamidiane
Batho ba Jehova ba ile ba mo kopa hore a ba thuse hobane Bamidiane ba ne ba ba phelisa habohloko. Masole a Gideone a 300 a ile a hlola a ba lireng a 135 000 joang?
THUTO EA 35
Anna o Kopa Molimo Hore a mo fe Mora
Elkana o ea tabernakeleng Shilo le Anna, Penina le bana ho ea rapela. Ha ba le moo, Anna o rapella mora. Selemo hamorao, Samuele o oa hlaha!
THUTO EA 36
Tšepiso ea Jafeta
Jafeta o ile a tšepisa Jehova eng, hona hobane’ng? Morali oa Jafeta o ile a re’ng ha a utloa tšepiso ea ntate oa hae ho Jehova?
THUTO EA 37
Jehova o Bua le Samuele
Bara ba moprista ea phahameng Eli ba ne ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista, empa ba sa hlomphe melao ea Molimo. Samuele o ne a fapane le bona le hoja a ne a le monyenyane, ’me Jehova o ile a bua le eena.
THUTO EA 38
Jehova o fa Samsone Matla
Molimo o fa Samsone matla a hore a loantše Bafilista, empa Bafilista baa mo tšoara ka mor’a hore a etse qeto e fosahetseng.