Selelekela sa Karolo ea 7
Karolong ena re tl’o bua ka Morena Saule le Morena Davida. Qalong, Saule o ne a ikokobelitse ebile a mamela Jehova. Empa ha nako e ntse e ea, a fetoha ’me a se hlole a mamela Jehova. Kahoo, Jehova a re Samuele a tlotse Davida hore e be morena e mocha oa Iseraele. Saule o ne a le mona. Kahoo, a leka ka makhetlo ho bolaea Davida. Empa Davida ha aa ka a iphetetsa. Mora oa Saule ea bitsoang Jonathane o ne a tseba hore Davida o khethiloe ke Jehova, kahoo a rata Davida. Davida o ile a etsa libe tse tebileng. Leha ho le joalo, ha aa ka a koata ha Jehova a mo khalemela. Haeba u motsoali, thusa ngoana hore a bone bohlokoa ba ho mamela Jehova.
KAROLONG ENA
THUTO EA 39
Morena oa Pele oa Iseraele
Molimo o ne a behile baahloli hore ba etelle Baiseraele pele, empa bona ba re ba batla morena. Samuele o tlotsa Saule hore ebe morena oa pele, empa hamorao Jehova o lahla Saule. Hobane’ng?
THUTO EA 40
Davida le Goliathe
Jehova o khetha Davida hore ebe morena oa Iseraele, joale davida oa bontša hore o khethiloe ka nepo.
THUTO EA 41
Davida le Saule
Ke hobane’ng ha e mong oa banna baa a hloile e mong, joale ea hloiloeng o ikutloa joang?