Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 39

Morena oa Pele oa Iseraele

Morena oa Pele oa Iseraele

Jehova o ne a khethile baahloli hore ba etelle Baiseraele pele, empa Baiseraele bona ba re ba batla morena. Ba re ho Samuele: ‘Lichaba tse ling tsohle li na le marena. Le rona re batla morena.’ Taba eo ha ea ka ea tšoara Samuele hantle. Kahoo, a rapela Jehova ka taba ena. Jehova a re ho eena: ‘Batho bana ha ba lahle uena. Ba lahla ’na. Ba bolelle hore ba tla ba le morena, empa morena eo o tla ba batla lintho tse ngata.’ Baiseraele ba re: ‘Ha ho na taba. Re batla morena!’

Jehova a bolella Samuele hore monna ea bitsoang Saule e tla ba eena morena oa pele. Ha Saule a etetse Samuele motseng oa Rama, Samuele a mo tlotsa ka oli hloohong hore ebe morena.

Hamorao Samuele a bitsa Baiseraele ho tla ba bontša morena oa bona e mocha. Empa ha ba fihla, ba fumana Saule a le sieo. Na oa tseba hore na o ne a le hokae? O ne a ipatile har’a thoto. Qetellong ha ba mo fumana, ba mo emisa ka pel’a sechaba. Saule o ne a le molelele ho feta batho bohle ’me a le motle haholo. Samuele a re: ‘Bonang motho eo Jehova a mo khethileng hore ebe morena oa lona.’ Baiseraele ba hoeletsa ba re: ‘Morena a re phelele!’

Qalong, Morena Saule o ne a mamela Samuele ’me a hlompha Jehova. Empa ha nako e ntse e ea, a fetoha. Ka mohlala, morena o ne a sa tšoanela ho etsa mahlabelo. Ka lekhetlo le leng, Samuele o ile a re Saule a mo emele, empa a lieha ho tla. Eaba Saule o etsa qeto ea hore o tla etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a re’ng? O ile a re: ‘U ne u sa lokela ho tlola molao oa Jehova.’ Na Saule o ile a ithuta phosong ea hae?

Hamorao, ha Saule a il’o loantša Baamaleke, Samuele o ile a mo bolella hore a ba bolaee kaofela. Empa Saule a khetha ho se bolaee Morena Agage. Jehova o ile a re ho Samuele: ‘Saule o mphuraletse, ha a sa ’mamela.’ Samuele o ile a utloa bohloko haholo, ’me a re ho Saule: ‘Kaha ha u batle ho mamela, Jehova o tl’o khetha morena e mong.’ Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a mo tšoara ka seaparo ’me sa taboha. Eaba Samuele o re ho Saule: ‘Jehova o tl’o u amoha ’muso.’ Jehova o ile a fela a mo amoha oona ’me a o fa motho ea mo ratang le ea mo mamelang.

“Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.”—1 Samuele 15:22