Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 6

Ngoana eo Esale a Lebelloa

Ngoana eo Esale a Lebelloa

LUKA 2:​21-39

  • JESU OA BOLOTSOA ’ME HAMORAO O TLISOA TEMPELENG

Maria le Josefa ba sala Bethlehema ho e-na le ho khutlela Nazaretha. Ha Jesu a e-na le matsatsi a robeli a hlahile, baa mo bolotsa joalokaha Molao oa Molimo o laela. (Levitike 12:​2, 3) Sebakeng sena, ke tloaelo ho reha ngoan’a moshanyana lebitso letsatsing la borobeli, kahoo ba reha mora oa bona Jesu joalokaha lengeloi Gabriele le ba laetse.

Ho se ho fetile nako e fetang khoeli ’me Jesu o se a e-na le matsatsi a 40. Ho ea ka molao, ’mè oa moshanyana o lokela ho itlhoekisa ka hore a ise sehlabelo tempeleng ha mora oa hae a se a e-na le matsatsi a 40. (Levitike 12:​4-8) Kahoo batsoali ba Jesu ba mo isa tempeleng Jerusalema. Tempele ha e hole haholo le moo ba lulang.

Ho ea ka Molao, sehlabelo seo motsoali a lokelang ho fana ka sona ke leebana le pheleu e-s’o qete selemo. Leha ho le joalo, ha a kolla ntsi hanong a ka fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli. Kaha Maria le Josefa ba futsanehile, ba fana ka maebana a mabeli.

Monna-moholo e mong ea bitsoang Simeone o laetsoe ke moea o halalelang hore a tle tempeleng. Ha a fihla, o fumana Maria le Josefa hammoho le lesea la bona la moshanyana. Molimo o ile a mo bolella hore pele a e-shoa o tla bona Kreste kapa Mesia ea lebeletsoeng. Ha a fihla ho bona o sika lesea lena ka liatleng tsa hae.

Ha Simeone a ntse a sikile Jesu, o rorisa Molimo o re: “Joale, ’Musi Morena, u tlohela lekhoba la hao hore le tsamaee le lokolohile ka khotso ho ea ka polelo ea hao, hobane mahlo a ka a bone mokhoa oa hao oa ho pholosa oo u o lokisitseng mahlong a lichaba tsohle, leseli bakeng sa ho tlosa lesira ho lichaba le khanya ea sechaba sa hao sa Iseraele.”​—Luka 2:​29-32.

Maria le Josefa ba hlolletsoe ha ba utloa mantsoe ana. Simeone oa ba hlohonolofatsa ’me o bolella Maria hore mora oa hae “o behetsoe ho oa le ho tsoha hape ha ba bangata Iseraele.” Ho ekelletsa moo, o boetse o re Maria o tla utloa bohloko bo tebileng joalokaha eka o hlajoa ka sabole.​—Luka 2:34.

Ho na le motho e mong hape ea teng. Lebitso la hae ke Anna, ’me ke moprofeta oa mosali ea lilemo li 84. Ha ho mohla a leng sieo tempeleng. O tla ho Maria le Josefa le leseanyana la bona Jesu. Joale o rorisa Jehova ’me o bua ka Jesu ho mang kapa mang ea ka mo mamelang.

U se u ka inahanela hore na Maria le Josefa ba thaba hakaakang ha tsena tsohle li etsahala. Kannete bona ke bopaki ba hore mora oa bona ke Mopholosi eo esale batho ba Molimo ba mo lebella.