Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 2

Jesu o Hlomphuoa le Pele a ka Tsoaloa

Jesu o Hlomphuoa le Pele a ka Tsoaloa

LUKA 1:​34-56

  • MARIA O CHAKELA MONG KA EENA ELIZABETHA

Ka mor’a hore Gabriele a bolelle Maria hore o tla ba le ngoana eo a tla mo reha Jesu, eo qetellong e tla ba Morena ka ho sa feleng, Maria oa botsa o re: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate le monna?”​—Luka 1:34.

Gabriele o mo araba ka ho re: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.”​—Luka 1:35.

Mohlomong e le ho nolofalletsa Maria hore a lumele molaetsa ona, Gabriele o re ho eena: “Bona! Elizabetha mong ka uena le eena o emotse mora, botsofaling ba hae, ’me ena ke khoeli ea botšelela ho eena, eo ho thoeng ke nyopa, hobane ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”​—Luka 1:​36, 37.

Qetellong Maria o amohela litaba tsa Gabriele ’me o re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.”​—Luka 1:38.

Ka mor’a hore Gabriele a tsamaee, Maria o itokisetsa ho chakela Elizabetha le Zakaria ba lulang leralleng la Judea, pel’a Jerusalema. Leeto la ho tloha Nazaretha ho ea moo, le ka ’na la mo nka matsatsi a mararo ho isa ho a manè.

Joale Maria o fihla ha Zakaria. Ha a kena ka tlung, o lumelisa Elizabetha. Elizabetha o tlala moea o halalelang ’me o re: “Ho hlohonolofetse uena har’a basali, ’me ho hlohonolofetse tholoana ea popelo ea hao! Kahoo ho tla joang hore ebe ke fumane tokelo ee, hore ’mè oa Moren’a ka a tle ho ’na? Etsoe, bona! ha molumo oa tumeliso ea hao o oela litsebeng tsa ka, lesea le ka popelong ea ka le ile la tlola ka nyakallo e kholo.”​—Luka 1:​42-44.

Maria o ananela sena ka pelo eohle ea hae, kahoo o re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova, ’me ka boikutlo ba ka nke ke ka tlohela ho nyakallela Molimo Mopholosi oa ka, hobane o talimile boemo bo tlaase ba lekhabunyane la hae. Etsoe, bonang! ho tloha joale ho ea pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile, hobane Ea matla o nketselitse liketso tse kholo.” Ntho ea bohlokoa eo re e bonang ke hore le hoja Maria a qeta ho tlotloa hakana, o lebisa thoriso eohle ho Molimo. O re: “Lebitso la hae lea halalela, melokong e meng ka mor’a e meng mohau oa hae o holim’a ba mo tšabang.”​—Luka 1:​46-50.

O boetse o rorisa Molimo ka ho re: “O entse ka bonatla ka letsoho la hae, o hasantse hohle ba ikhohomosang boikemisetsong ba lipelo tsa bona. O theotse banna ba nang le matla literoneng ’me o phahamisitse ba tlaase, ba lapileng o ba khorisitse ka botlalo ka lintho tse molemo ’me ba neng ba e-na le leruo o ba khutlisitse ba se na letho. O phalletse Iseraele mohlanka oa hae, ho hopola mohau, feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rona, Abrahama le peo ea hae, ka ho sa feleng.”​—Luka 1:​51-55.

Maria o nka likhoeli tse ka bang tharo a lula ha Elizabetha, mohlomong a ntse a mo thusa le ho isa libekeng tsa ho qetela pele a pepa. Basali bana ka bobeli ba emotse bana ka thuso ea Molimo, ’me e tlameha ebe ke ntho e khothatsang haholo hore ebe ba ’moho nakong ena.

Na u hlokometse hore na Jesu o ile a hlomphuoa joang le pele a hlaha? Elizabetha o ile a mo bitsa “Moren’a ka.” Hape, ngoana ea ka popelong ea hae o ile a “tlola ka nyakallo” ha Maria a fihla. Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona, batho ba bang ba tla tšoara Maria le ngoana oa hae ka tsela e fapaneng.