Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 4

Jesu o Khutlela Judea

“Kopang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”​—Luka 10:2

Jesu o Khutlela Judea

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 66

Jesu o Moketeng oa Litabernakele Jerusalema

Ke eng e neng e etsa hore batho ba mametseng Jesu ba nahane hore o na le modemona?

KHAOLO EA 67

“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”

Hoo e ka bang lekhotla lohle le phahameng la Bajuda le hanyetsa Jesu empa setho se le seng se beta pelo se buella Jesu.

KHAOLO EA 68

Mora oa Molimo ke “Leseli la Lefatše”

Jesu o itse “ ’nete e tla le lokolla.” E lokolla ho eng?

KHAOLO EA 69

Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?

Jesu o hlalosa hore na bana ba Abrahama ba ka khetholloa joang, le hore na ha e le hantle ntate oa hae ke mang.

KHAOLO EA 70

Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone

Barutuoa baa botsa hore na ke hobaneng ha monna ea itseng a tsoetsoe a sa bone. Na ebe o entse sebe? Kapa na ke batsoali ba hae ba entseng sebe? Maikutlo a batho aa fapana ha Jesu a folisa monna eo.

KHAOLO EA 71

Bafarisi ba Hloma Monna ea Neng a Foufetse Lipotso

Mabaka a utloahalang a monna ea neng a tsoetsoe a foufetse a halefisa Bafarisi. Kahoo ba mo leleka synagogeng, e leng sona seo batsoali ba monna enoa ba neng ba tsohile hore se tla etsahala.

KHAOLO EA 72

Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso

Ha ba le Judea, Jesu o roma barutuoa ba 70 ’me o ba bolella hore ba pake ka ’Muso. Barutuoa ba rutela batho hokae, lisynagogeng kapa malapeng a bona?

KHAOLO EA 73

Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe

Ke joang Jesu a ileng a sebelisa papiso ea Mosamaria ea molemo ho ruta thuto ea bohlokoa?

KHAOLO EA 74

Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo

Jesu o etela lelapeng labo Maria le Maretha. O ruta thuto efe ea bohlokoa mabapi le ho amohela baeti? Hamorao o ruta barutuoa ba hae thuto efe ea bohlokoa mabapi le thapelo?

KHAOLO EA 75

Jesu o Senola Mohloli oa Thabo

Jesu o bolella bahanyetsi ba hae ka ‘monoana oa Molimo’ le hore ‘ ’Muso oa Molimo o ba fihletse.’ O boetse o senola mohloli oa thabo ea ’nete.

KHAOLO EA 76

Jesu o ja le Mofarisi

Jesu o pepesa Bafarisi le bangoli hore ke baikaketsi. Ba jarisa batho mejaro efe e boima?

KHAOLO EA 77

Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata Maruo

Jesu o etsa papiso ea monna oa morui ea ahileng matlo a polokelo. O pheta keletso efe mabapi le kotsi ea ho hahamalla maruo?

KHAOLO EA 78

Lula U Itokisitse, Uena Mohlanka ea Tšepahalang!

Jesu oa bontša hore o batla hore barutuoa ba hae ba rutoe ka Molimo. Mosebetsi oa mohlanka ke ofe? Ke hobane’ng ha keletso ea hore ba lule ba itokisitse e le ea bohlokoa?

KHAOLO EA 79

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba sa Lumelang ba Tl’o Timetsoa?

Jesu o re batho bao a ntseng a leka ho ba thusa ba tl’o timetsoa haeba ba sa bake. Na ba tla ithuta thuto ee ea bohlokoa eo Jesu a lekang ho ba ruta eona e amanang le kamano ea bona le Molimo?

KHAOLO EA 80

Molisa ea Molemo le Masaka

Kamano e teng pakeng tsa molisa le linku tsa hae e hlakisa hantle kamoo Jesu a ikutloang kateng ka barutuoa ba hae. Na ba tla ela hloko lithuto tsa hae ebe baa mo latela?

KHAOLO EA 81

Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo

Ba bang ba bahanyetsi ba Jesu ba mo qosa ka hore o iketsa eka o lekana le Molimo. O araba liqoso tsee tsa bona ka bohlale joang?