Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 79

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba sa Lumelang ba Tl’o Timetsoa?

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba sa Lumelang ba Tl’o Timetsoa?

LUKA 13:​1-21

  • JESU O BUA KA SEO RE ITHUTANG SONA LITLOKOTSING TSE PELI

  • MOSALI EA HOLOFETSENG O FOLISOA KA SABATHA

Jesu o lekile ka litsela tse ngata ho khothalletsa batho hore ba nahane ka kamano ea bona le Molimo. O etsa sena hape ka mor’a hore a buisane le batho ba neng ba mo emetse kantle ha a le ha Mofarisi.

Ba bang ba bona ba bua ka ketsahalo e ’ngoe e sehloho. Ba bua ka “Bagalilea bao [’Musisi oa Moroma Ponse] Pilato a neng a tsoakile mali a bona le mahlabelo a bona.” (Luka 13:1) Ba bolela’ng?

Mohlomong Bagalilea bana ke ba ileng ba bolaoa ha Bajuda ba likete ba ne ba tletleba ka hore Pilato o sebelisitse chelete ea letlole la tempele bakeng sa ho aha peipi e tlisang metsi Jerusalema. Ho ka etsahala hore ebe Pilato o ila a lumellana le botsamaisi ba tempele hore a sebelise chelete eo. Mohlomong batho ba buang ka tlokotsi ena ba nahana hore Bagalilea ba ileng ba oeloa ke tlokotsi ena e ne e le batho ba khopo. Jesu o hanana le bona.

O re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba ile ba pakoa e le baetsalibe ba babe ho feta Bagalilea ba bang kaofela ka lebaka la hore ba utloisitsoe bohloko ke lintho tsee?” Ha a araba o re che. Leha ho le joalo, Jesu o sebelisa mohlala oo ho lemosa Bajuda, o re: “Ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka ho tšoanang.”​—Luka 13:​2, 3.

Jesu o boetse o bua ka ketsahalo e ’ngoe eo e ka ’nang eaba ha se khale e etsahetse. Mohlomong e amana le ha ho ahoa peipi ea metsi. Oa ba botsa o re: “Ba leshome le metso e robeli bao tora ea Siloame e ileng ea ba oela holimo, ea ba bolaea, na le nahana hore ba ile ba pakoa e le ba nang le molato ho feta batho ba bang kaofela ba ahileng Jerusalema?” (Luka 13:4) E ka ’na eaba letšoele le nahana hore batho bao ba shoele ka lebaka la liphoso tsa bona. Le mona Jesu o hanana le bona. Oa tseba hore batho ba hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang” ’me e ka ’na eaba ho etsahetse joalo le tlokotsing eo. (Moeklesia 9:​11) Leha ho le joalo, ho na le ntho eo batho ba lokelang ho ithuta eona ketsahalong eo. Jesu o re: “Ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka tsela e tšoanang.” (Luka 13:5) Ke hobane’ng ha a toboketsa taba ee hona joale?

Lebaka ke hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane tšebeletsong ea hae. E le ho hlakisa taba ena, o etsa papiso o re: “Monna ea itseng o ne a e-na le sefate sa feiga se lenngoeng serapeng sa hae sa morara, eaba oa tla o batla litholoana ho sona, empa a se ke a fumana letho. Joale a re ho molemi oa morara, ‘Bona ke lilemo tse tharo ke ntse ke tla ke batla litholoana sefateng sena sa feiga, empa ha kea fumana letho. Se reme! Ha e le hantle ke hobane’ng ha se ka boloka mobu oo o se na thuso?’ Ha a araba a re ho eena, ‘Monghali, se tlohele le selemong sena, ho fihlela ke cheka ho se potoloha ’me ke tšela monontša, ’me haeba joale se hlahisa litholoana ka moso, e tla ba hantle, empa haeba se sa li hlahise, u tla se rema.’ ”​—Luka 13:​6-9.

Jesu o qetile lilemo tse fetang tse tharo a ntse a leka ho thusa Bajuda hore ba be le tumelo. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela bao e ileng ea e-ba barutuoa ba hae. Joale, selemong sena sa bone sa tšebeletso ea hae, o ikitlaetsa le ho feta. Ho joalokaha eka oa cheka le ho tšela monontša sefateng sa feiga, ka hore ebe oa bolela le ho ruta Judea le Perea. Liphello ke life? Ke karoloana feela ea Bajuda e mamelang. Ka kakaretso sechaba kaofela se hana ho baka, kahoo se letetsoe ke timetso.

Taba ea hore batho ba bangata ha baa ka ba mamela, e boetse e bonahala haholo ka mor’a Sabatha. Jesu o ruta ka synagogeng. O bona mosali ea neng a kotlobane ka lilemo tse 18 ka lebaka la ho hlokofatsoa ke Modemona. A susumetsoa ke khauho, Jesu o re ho eena: “Mosali, u lokolotsoe bofokoling ba hao.” (Luka 13:​12) Jesu o mo beha matsoho, ’me hang-hang mosali eo oa ema oa otloloha, ebile o rorisa Molimo.

Taba ena e halefisa mookameli oa synagoge, kahoo o re: “Ho na le matsatsi a tšeletseng ao ka ’ona mosebetsi o tšoanelang ho etsoa, ka hona, tloong ka ’ona ’me le phekoloe, eseng ka letsatsi la Sabatha.” (Luka 13:​14) Mookameli eo ha a hane hore Jesu o na le matla a ho folisa, empa o nyatsa ha batho ba tla ka Sabatha! Jesu o mo araba ka tsela e hlakileng, o re: “Baikaketsi, na ka Sabatha e mong le e mong oa lona ha a tlamolle poho ea hae kapa esele ea hae setaleng le ho e tsamaisa ho ea e noesa? Joale, na ho ne ho sa lokela hore mosali enoa eo e leng morali oa Abrahama, le eo Satane a ileng a mo boloka a tlamiloe, bonang! ka lilemo tse leshome le metso e robeli, a lokolloe litlamong tsee ka letsatsi la Sabatha?”​—Luka 13:​15, 16.

Bahanyetsi ba hae baa soaba, empa ha e le letšoele lona la thabisoa haholo ke ho bona lintho tseo Jesu a li etsang. Joale Jesu o pheta lipapiso tse peli tsa boprofeta mabapi le ’Muso oa Molimo, tseo a ileng a bua ka tsona ha a ne a le ka sekepeng Leoatleng la Galilea.​—Matheu 13:​31-33; Luka 13:​18-21.