Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 68

Mora oa Molimo ke “Leseli la Lefatše”

Mora oa Molimo ke “Leseli la Lefatše”

JOHANNE 8:​12-36

  • JESU OA HLALOSA HORE NA MORA KE MANG

  • BAJUDA KE MAKHOBA KA TSELA EFE?

Ka letsatsi la ho qetela la Mokete oa Litabernakele, e leng letsatsi la bosupa, Jesu o ruta karolong e ’ngoe ea tempele e bitsoang “polokelong ea matlotlo.” (Johanne 8:​20; Luka 21:1) Kamoo ho bonahalang kateng, karolo ena e ka Lebaleng la Basali, moo batho ba ntšetsang menehelo teng.

Nakong ea mokete ha e le bosiu, karolo ena e lula e khantšitsoe. Ho na le liluloana tsa mabone tse ’nè tse kholo. Se seng le se seng sa tsona se na le sekotlolo se seholo se tšetseng oli. Khanya e tsoang maboneng e matla hoo e khonang ho khantša le sebaka se seholo se pota-potileng tempele. Seo Jesu a se buang se ka ’na sa hopotsa bamameli ba hae ka mabone ao. O re: “Ke ’na leseli la lefatše. Ea ntatelang ho hang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”​—Johanne 8:12.

Bafarisi ha ba lumellane le seo Jesu a se buang, ba re: “Ua ipaka, bopaki ba hao ha se ’nete.” Jesu o araba ka ho re: “Esita le haeba ke ipaka, bopaki ba ka ke ’nete, hobane kea tseba hore na ke tsoa hokae le hore na ke ea hokae. Empa lona ha le tsebe hore na ke tsoa hokae le hore na ke ea hokae.” O boetse o re: “Molaong oa lona ho ngoliloe, ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’ Ke ’na ea ipakang, ’me Ntate ea nthomileng oa mpaka.”​—Johanne 8:​13-18.

Bafarisi ha ba amohele mabaka a Jesu, kahoo baa botsa ba re: “Ntat’ao o hokae?” Jesu o araba a sa qea-qee o re: “Ha le tsebe ’na kapa Ntate. Haeba le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.” (Johanne 8:​19) Le hoja Bafarisi ba batla ho tšoara Jesu, ha ho le ea mong ea mo thetsang.

Jesu o pheta mantsoe ao a seng a ile a a bua o re: “Kea tloha, ’me le tla mpatla, ’me leha ho le joalo le tla shoa sebeng sa lona. Moo ke eang le ke ke la tla.” Bajuda ha ba utloisise mantsoe a Jesu hantle ’me baa ipotsa ba re: “A ke ke a ipolaea, na ha ho joalo? Hobane o re, ‘Moo ke eang le ke ke la tla.’ ” Ha ba utloisise seo Jesu a se bolelang hobane ha ba tsebe hore na o tsoa hokae. Oa ba hlalosetsa o re: “Lona le tsoa libakeng tse tlaase, ’na ke tsoa libakeng tse holimo. Lona le tsoa lefatšeng lena, ’na ha ke tsoe lefatšeng lena.”​—Johanne 8:​21-23.

Jesu o bua ka bophelo ba hae leholimong pele a tla lefatšeng, le hore ke Mesia kapa Kreste eo baeta-pele bana ba bolumeli ba lokelang hore ebe ba mo lebeletse. Ho ntse ho le joalo, ba botsa ka ho nyelisa ba re: “U mang?”​—Johanne 8:25.

Kaha ha ba mo amohele ebile baa mo nyatsa, Jesu o re: “Ebile ha e le hantle ke buela’ng le lona?” Leha ho le joalo, Jesu o isa tlhokomelo ho Ntate oa hae ’me oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bajuda ba tlameha ho mamela Mora, o re: “Ea nthomileng ke oa ’nete, ’me lintho tseo ke li utloileng ho eena ke li bua lefatšeng.”​—Johanne 8:​25, 26.

Joale Jesu o bontša hore o tšepa Ntate, e leng ntho eo Bajuda ba hlolehang ho e etsa, o re: “Hang ha le phahamisitse Mor’a motho, joale le tla tseba hore ’na ke eena, le hore ha ke etse letho le itsoelang ho ’na, empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena. Ea nthomileng o na le ’na, ha aa ka a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.”​—Johanne 8:​28, 29.

Ho na le Bajuda ba bang ba lumelang ho Jesu ’me Jesu o re ho bona: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”​—Johanne 8:​31, 32.

Batho ba bang ba nka taba ena ea ho lokolloa e makatsa. Baa hana ba re: “Re bana ba Abrahama ’me le ka mohla ha re e-s’o be makhoba a motho leha e le mang. Ho tla joang hore ebe u re, ‘Le tla lokoloha’?” Bajuda baa tseba hore ka makhetlo ba ile ba e-ba tlasa taolo ea balichaba empa ha ba batle ho bitsoa makhoba. Leha ho le joalo, Jesu oa ba hlakisetsa hore e ntse e le makhoba. O re: “Kannete-nete ke re ho lona, moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe.”​—Johanne 8:​33, 34.

Bajuda ba ipeha kotsing ha ba hana ho lumela hore ke makhoba a sebe. Jesu oa hlalosa o re: “Lekhoba ha le lule ka lapeng ka ho sa feleng, mora o lula ka ho sa feleng.” (Johanne 8:​35) Lekhoba ha le na tokelo ea ho fuoa lefa ’me le ka tebeloa leha e le neng. Ke ngoana ea tsoaletsoeng ka lapeng feela kapa ea holiselitsoeng ka lapeng le hoja e se ngoana oa mali, ea tla lula “ka ho sa feleng,” e leng hafeela a ntse a phela.

Kahoo, ’nete ka Mora ke eona ’nete e lokollang batho ka ho sa feleng sebeng se bolaeang. Jesu o re: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.”​—Johanne 8:​36.