Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 75

Jesu o Senola Mohloli oa Thabo

Jesu o Senola Mohloli oa Thabo

LUKA 11:​14-36

  • HO LELEKA BADEMONA KA “MONOANA OA MOLIMO”

  • RE KA THABA JOANG?

Jesu o sa tsoa pheta litaelo tseo a ileng a fana ka tsona tse mabapi le thapelo. Leha ho le joalo, eo ha se eona feela thuto eo a e phetang ka makhetlo-khetlo nakong ea tšebeletso ea hae. Nakong eo a ntseng a etsa mehlolo motseng oa Galilea, ba ile ba mo qosa ka bohata ka hore matla ao a a sebelisang a tsoa ho ’musi oa bademona. Joale ha a le motseng oa Judea o boetse o qosoa ka taba e tšoanang hape.

Ha Jesu a leleka modemona o keneng ho monna ea itseng, o neng o etsa hore a se ke a khona ho bua, letšoele le ikutloa le hlolletsoe. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba hae ha ba khahloe. Ba qosa Jesu ka ntho e tšoanang ba re: “O leleka bademona ka Beelzebube ’musi oa bademona.” (Luka 11:​15) Ba bang ba kopa hore a ba fe pontšo e tsoang leholimong hobane ba batla bopaki ba hore na ha e le hantle ke mang.

Ha a hlokomela hore ba batla ho mo leka, Jesu o ba arabela joalokaha a ile a arabela bahanyetsi ba hae ha a le Galilea. O re haeba ’muso o arohane o tla oa. O hlalosa ka ho re: “Haeba Satane le eena o arohane, ’muso oa hae o tla ema joang?” Jesu o ba bolella ka ho toba o re: “Haeba ke leleka bademona ka monoana oa Molimo, ka sebele ’Muso oa Molimo o le fihletse.”​—Luka 11:​18-20.

Ho bua ha Jesu ka “monoana oa Molimo” ho lokela ho hopotsa bamameli ba hae ka se ileng sa etsahala qalong ea histori ea Baiseraele. Ba neng ba le teng ha Moshe a etsa mohlolo lebaleng la Faro, ba ile ba hoeletsa ba re: “Ke monoana oa Molimo!” Hape, “ke monoana oa Molimo” o ileng oa boela oa ngola Melao e Leshome holim’a matlapa a mabeli. (Exoda 8:​19; 31:​18) Ka tsela e tšoanang, “monoana oa Molimo,” e leng moea o halalelang kapa matla a Molimo, ke oona o thusang Jesu ho leleka bademona le ho folisa batho ba kulang. Kahoo, ’Muso oa Molimo o fihletse bahanyetsi bao hobane Morena ea khethiloeng oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o har’a bona ’me o etsa mesebetsi ena.

Bokhoni ba Jesu ba ho leleka bademona bo bontša hore o matla ho feta Satane. Sena se tšoana le ha monna ea matla a hlasela le ho hlola monna ea hlometseng ka thata ea lebetseng ntlo ea morena. Jesu o boetse o pheta papiso ea ha moea o litšila o tsoa ho motho. Haeba motho eo a sa tlatse sebaka seo ka lintho tse ntle, moea oo o tla khutla le meea e meng e supileng ’me boemo ba hae bo tla mpefala ho feta pele. (Matheu 12:​22, 25-29, 43-45) Kahoo, sena ke sona se etsahalang ka sechaba sa Baiseraele.

’Mè e mong ea mametseng Jesu o susumeletseha hore a re: “Ho thaba popelo e ileng ea u jara le matsoele ao u a antseng!” Basali ba Bajuda ba ne ba labalabela ho ba le ngoana oa moprofeta, haholo-holo ha e ne e ka ba Mesia. Kahoo, e ka ’na eaba ’mè enoa o nahana hore Maria o thabile haholo kaha ke ’mè oa mosuoe ea hloahloa hakana. Jesu o hlokomelisa ’mè eo hore na mohloli oa thabo ke ofe, ha a re: “Che, ho e-na le hoo, ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:​27, 28) Le ka mohla Jesu ha aa ka a re Maria o lokela ho fuoa tlhompho e khethehileng. Ho e-na le hoo, hore re fumane thabo ho itšetlehile ka hore re be bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ’me ha hoa itšetleha ka hore na re amana le mang kapa re finyeletse eng.

Feela joalokaha Jesu a ile a etsa ha a le Galilea, o khalemela batho ba batlang pontšo e khethehileng e tsoang leholimong. O re ha ho pontšo eo ba tla e fuoa haese “pontšo ea Jonase.” Jonase ka boeena e ile ea e-ba pontšo ka hore ebe o ile a qeta matsatsi a mararo a le ka mpeng ea tlhapi le hore ebe o ile a bolela ka sebete hoo batho ba Ninive ba ileng ba susumetseha hore ba bake. Jesu o re: “Empa, bonang! ho hong ho fetang Jonase ho teng mona.” (Luka 11:​29-32) Jesu o boetse o feta Solomone, eo mofumahali oa Sheba a ileng a tla ho tla utloa bohlale ba hae.

Jesu o phaella ka ho re: “Ka mor’a ho bonesa lebone, motho ha a le behe ka kamoreng ea polokelo e ka tlas’a mohaho kapa ka tlas’a baskete e lekanyang, empa o le beha holim’a seluloana sa lebone.” (Luka 11:​33) E ka ’na eaba o bolela hore ho ruta le ho etsa mehlolo ka pel’a batho bana ho tšoana le ho pata khanya ea lebone. Kaha mahlo a bona ha aa tsepama sebakeng se le seng, ha ba khone ho bona hore na ke hobane’ng ha a etsa mesebetsi ena.

Jesu o sa tsoa folisa monna ea neng a sa khone ho bua ka ho leleka modemona. Sena se lokela hore ebe se susumetsa batho hore ba rorise Molimo le hore ba bolelle batho ba bang hore na Molimo o ba etselitse’ng. Kahoo, Jesu o lemosa bahanyetsi ba hae, o re: “Ka hona, falimehang. Mohlomong leseli le ka ho lona ke lefifi. Ka hona, haeba ’mele oohle oa hao o khanya ho hang ho se karolo e lefifi, kaofela o tla khanya joalokaha lebone le u fa leseli ka mahlaseli a lona.”​—Luka 11:​35, 36.