Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 77

Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata Maruo

Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata Maruo

LUKA 12:​1-34

  • PAPISO EA MONNA OA MORUI

  • JESU O BUA KA LINONYANA LE LIKHAHLA

  • “MOHLATSOANA” O TLA BA TENG ’MUSONG

Ha Jesu a ntse a ja ka tlung ea Mofarisi, batho ba likete ba mo emetse kantle. O kile a ’na a iphumana a le boemong bo tšoanang ha a le Galilea. (Mareka 1:​33; 2:2; 3:9) Batho ba mona Judea ba bonahala ba fapane le Bafarisi bao a ntseng a e-ja le bona, kaha ba batla ho mo bona le ho utloa ha a ruta.

Taba eo Jesu a e buang e ama barutuoa ba hae ka ho toba ha a re: “Itebeleng tomosong ea Bafarisi, e leng boikaketsi.” Jesu o ’nile a fana ka temoso ena pejana ho mona, empa seo a se boneng ha a le lijong se bontša kamoo temoso ena e leng ea bohlokoa kateng. (Luka 12:1; Mareka 8:​15) Bafarisi ba ka ’na ba leka ho pata hore ke batho ba khopo, ka hore ba bonahale eka ba na le mohau, empa ke batho ba kotsi haholo ’me ba lokela ho pepesoa. Jesu o re: “Ha ho letho le patiloeng ka hloko le ke keng la senoloa, le leo e leng sephiri le ke keng la tsejoa.”​—Luka 12:2.

Mohlomong boholo ba batho ba mo potolohileng ke Bajudea ba e-s’o ka ba utloa ha a ruta Galilea. Ke kahoo a phetang lintlha tsa bohlokoa tseo a ileng a li ruta pejana. O khothaletsa batho ba mo mametseng o re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele ’me ka mor’a moo ba sa khone ho etsa letho le fetang moo.” (Luka 12:4) Joalokaha a ile a etsa pejana, o hatisa hore balateli ba hae ba lokela ho tšepa hore Jehova o tla ba hlokomela. Ba boetse ba lokela ho amohela Mora oa Molimo ’me ba hlokomele hore Molimo a ka ba thusa.​—Matheu 10:​19, 20, 26-33; 12:​31, 32.

Joale monna e mong letšoeleng leo oa tletleba o re: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” (Luka 12:​13) Molao o re mora oa letsibolo o fumana likarolo tse peli tsa lefa, kahoo ha hoa lokela hore ba ngangisane. (Deuteronoma 21:​17) Leha ho le joalo, ho bonahala eka monna enoa eena o batla ho fetang karolo eo a e fuoeng ka molao. Ka bohlale Jesu o hana ho nka lehlakore. Oa botsa, o re: “Monn’a heso, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli oa lona?”​—Luka 12:14.

Ka mor’a moo Jesu o eletsa batho bohle o re: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:​15) Ho sa tsotelehe hore na monna ea ruileng o na le lintho tse ngata hakae, na ha se ’nete hore qetellong o tla shoa a li siee kaofela?

Jesu o hatisa ntlha ena ka ho etsa papiso e bontšang bohlokoa ba ho ba le lebitso le letle ka pel’a Molimo. O re: “Tšimo ea motho ea itseng ea ruileng e ile ea beha hantle. Ka lebaka leo a qala ho nahana, a re, ‘Ke tla etsa joang, kaha joale ha ke na moo ke bokellelang lijalo tsa ka teng?’ Kahoo a re, ‘Ke tla etsa sena: Ke tla qhaqha matlo a ka a polokelo ’me ke hahe a maholo, ’me ke tla bokellela lijo-thollo tsohle tsa ka le lintho tsohle tsa ka tse molemo moo, ’me ke tla re ho moea oa ka: “Moea, u na le lintho tse ngata tse molemo tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata, khatholoha, u je, u noe, u ithabise.” ’ Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’ Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”​—Luka 12:​16-21.

Barutuoa ba Jesu hammoho le batho ba bang ba mo mametseng ba ka ’na ba tšoasoa ke leraba lena la ho rata maruo, kapa maruo a lefatše lena a ka ba sitisa ho sebeletsa Jehova.

Kahoo, Jesu o pheta keletso eo a ileng a fana ka eona nakong e ka etsang selemo le halofo e fetileng Thutong ea hae ea Thabeng. O re: “Le khaotse ho tšoenyeha ka meea ea lona mabapi le hore na le tla ja’ng kapa ka ’mele ea lona mabapi le hore na le tla apara’ng. . . . Lemohang hore makhoaba ha a jale peo leha e le ho kotula, ’me ha a na moliko kapa ntlo ea polokelo, leha ho le joalo Molimo oa a fepa. Le ba bohlokoa hakaakang ho feta linonyana? . . . Lemohang kamoo likhahla li holang kateng, ha li sehle leha e le ho ohla, empa kea le bolella, le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsona. . . . Kahoo khaotsang ho batla seo le ka se jang le seo le ka se noang, ’me le khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo. . . . Ntat’a lona oa tseba hore le hloka lintho tsena. . . . Le batle ’Muso oa hae le sa khaotse, ’me lintho tsena le tla li ekeletsoa.”​—Luka 12:​22-31; Matheu 6:​25-33.

Ke bo-mang ba tla batla ’Muso oa Molimo? Jesu o senola hore ke batho ba seng bakae, e leng “mohlatsoana” oa batho ba tšepahalang. Hamorao ho tla senoloa hore palo ea bona ke 144 000. Ba letetsoe ke’ng? Jesu o ba tiiselitse ka ho re: “Ntat’a lona o amohetse ho le fa ’Muso.” Batho bana ba ke ke ba phathahana ka ho bokella maruo lefatšeng, kaha maruo ana a ka utsuoa ke masholu. Leha ho le joalo, ba tla phathahana ka ho ipokellela “letlotlo le sa feleng le ka mohla maholimong,” moo ba tla beng ba busa le Kreste.​—Luka 12:​32-34.