Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 5

Mosebetsi oo Jesu a o Etsang Hamorao ka Bochabela ho Jordane

“Ba bangata ba beha tumelo ho eena.”​—Johanne 10:​42

Mosebetsi oo Jesu a o Etsang Hamorao ka Bochabela ho Jordane

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 82

Mosebetsi oa Jesu Perea

Jesu o hlalosetsa bamameli ba hae hore na ke eng e hlokahalang hore motho a phonyohe. Keletso ea Jesu e ne e le ea bohlokoa ka nako eo. Na e ntse e sebetsa le mehleng ee?

KHAOLO EA 83

Molimo o Mema Bo-Mang Lijong?

Ha Jesu a ntse a lutse ka tlung ea Mofarisi, o etsa papiso e buang ka mokete oa lijo tsa mantsiboea. O hatisa ntlha ea bohlokoa bakeng sa bahlanka bohle ba Molimo. Ke ntlha efe?

KHAOLO EA 84

Ho ba Molateli oa Jesu ke Ntho e Tebileng Hakae?

Ho ba molateli oa Kreste ke ntho e tebileng haholo. Jesu o hlakisa ka ho feletseng hore na ho ameha eng. Batho ba bang bao e neng e ka ’na ea e-⁠ba balateli ba hae ba makatsoa ke lintho tseo a li buang.

KHAOLO EA 85

Ho Thaba ha Moetsalibe a Baka

Bafarisi le bangoli ba nyatsa Jesu ka hore ebe o sebelisana le batho ba eisehang. Ha Jesu a ba araba o sebelisa lipapiso tse bontšang kamoo Molimo a ikutloang kateng ka batho ba baetsalibe.

KHAOLO EA 86

Mora ea Neng a Lahlehile o Khutlile

Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa?

KHAOLO EA 87

Nahanela Pele ’Me U be Bohlale

Jesu o etsa papiso ea lemenemene la motsamaisi ho ruta thuto e sa lebelloang.

KHAOLO EA 88

Phetoho Bakeng sa Monna oa Morui le Lazaro

Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ho utloisisa papiso ea Jesu ke ho utloisisa hore na monna oa morui le Lazaro ba emela’ng.

KHAOLO EA 89

Ha Jesu a le Tseleng e Eang Judea, o Ruta Motseng oa Perea

O hatisa ntho e ka re thusang ho tšoarela batho esita le ha ba re siteloa hangata.

KHAOLO EA 90

“Tsoho le Bophelo”

Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re motho ea bontšang tumelo ho eena “a ke ke a shoa le ka mohla”?

KHAOLO EA 91

Lazaro oa Tsosoa

Ho na le lintho tse peli tse ka sehloohong ketsahalong ena tse etsang hore le bahanyetsi ba Jesu ba sitoe ho latola mohlolo oa hae.

KHAOLO EA 92

Balepera ba Leshome Baa Folisoa, Empa ke a le Mong Feela ea Lebohang

Molepera ea phekotsoeng ha a bontše Jesu feela hore oa leboha, empa o bontša le motho e mong hape.

KHAOLO EA 93

Mor’a Motho o Tla Senoloa

Ho tla ha Kreste ho tla tšoana le lehalima joang?

KHAOLO EA 94

Thapelo le Boikokobetso ke Tsa Bohlokoa Haholo

Papisong ea hae ea mohlolohali le moahloli ea khopo, Jesu o hatisa bohlokoa ba ntho e ’ngoe ea bohlokoa.

KHAOLO EA 95

Jesu o Rata Bana Hape o Ruta ka Tlhalo

Jesu o talima bana ka tsela e fapaneng le ea barutuoa ba hae. Hobane’ng?

KHAOLO EA 96

Jesu o Araba ’Musi e Mocha Lilemong ea Ruileng

Ke eng e susumelletsang Jesu hore a re ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ea ho roka ho e-⁠na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo?

KHAOLO EA 97

Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara

Ke joang ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele?

KHAOLO EA 98

Baapostola ba Boetse ba Batla Maemo

Jakobo le Johanne ba ikopela boemo bo khethehileng ’Musong, empa ha ba bang.

KHAOLO EA 99

Jesu o Folisa banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase

Litlaleho tsa Bibele tse bonahalang eka lia hanyetsana moo Jesu a phekolang monna ea foufetseng Jeriko li ka lumellana joang?

KHAOLO EA 100

Papiso ea Jesu ea Limina Tse Leshome

Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng, empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona”?