Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 94

Thapelo le Boikokobetso ke Tsa Bohlokoa Haholo

Thapelo le Boikokobetso ke Tsa Bohlokoa Haholo

LUKA 18:​1-14

  • PAPISO EA MOHLOLOHALI EA PHEHELLANG

  • MOFARISI LE ’MOKELLI OA LEKHETHO

Jesu o se a boleletse barutuoa ba hae papiso e buang ka ho phehella thapelong. (Luka 11:​5-13) Hona joale e ka ’na eaba o Samaria kapa Galilea, ’me o boetse o hatisa bohlokoa ba ho phehella ho rapela.

Jesu o hatisa bohlokoa ba taba ena ka ho etsa papiso ena: “Motseng o itseng ho ne ho e-na le moahloli ea itseng ea neng a sa tšabe Molimo ’me a sa hlomphe motho. Empa ho ne ho e-na le mohlolohali motseng oo ’me a ’na a ea ho eena, a re, ‘Tiisa hore ke fumana toka ho mohanyetsi oa ka molaong.’ Joale, ka nakoana o ne a sa rate, empa ka mor’a moo a ipolella, ‘Le hoja ke sa tšabe Molimo kapa ke sa hlomphe motho, leha ho le joalo, ka lebaka la ho tsoela pele ha mohlolohali enoa ho nkhathatsa, ke tla tiisa hore o fumana toka, e le hore a tle a se ke a ’na a tla ’me a nteteka ka ho feletseng.’ ”​—Luka 18:​2-5.

Ha a hlalosa papiso ena, Jesu o re: “Utloang seo moahloli eo, le hoja a sa loka, a se buileng! Joale, na ka sebele Molimo a ke ke a etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare, esita le hoja a e-na le tiisetso ho bona?” (Luka 18:​6, 7) Ha e le hantle, Jesu o hatisa ntlha efe mabapi le Ntate oa hae?

Ho hlakile hore Jesu ha a bolele hore Jehova Molimo o tšoana le moahloli eo ea khopo ka tsela le ha e le efe. Ho e-na le hoo, haeba moahloli ea khopo a ka qetella a arabetse ha a qophelloa, ha ho tika-tiko hore Molimo le eena o tla araba. Ke Molimo ea molemo le ea lokileng, ’me o tla re araba haeba re sa tele ho rapela. Re bona ntlha ena mantsoeng a Jesu a reng: “Kea le bolella, [Molimo] o tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako.”​—Luka 18:8.

Hangata batho ba tlaase le ba futsanehileng ha ba tšoaroe ka toka, empa ba nang le matla le ba ruileng bona ke linaleli tse pel’a khoeli. Leha ho le joalo, Molimo eena ha a tšoare batho joalo. Ka nako ea hae e loketseng, o tla etsa bonnete ba hore batho ba khopo baa ahloloa ’me bahlanka ba hae ba fumana bophelo bo sa feleng.

Ke mang ea nang le tumelo e tšoanang le ea mohlolohali eo? Ke ba bakae ba kholisehileng e le kannete hore Molimo o tla “etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako”? Jesu o sa tsoa hlalosa bohlokoa ba ho phehella thapelong. Hona joale, o hatisa bohlokoa ba ho lumela hore thapelo e na le matla ka ho re: “Ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?” (Luka 18:8) Taba ena e fana ka maikutlo a hore ha Kreste a fihla, tumelo e kang eo e tla be e se ntho e tloaelehileng.

Batho ba bang ba mametseng Jesu ba nka hore tumelo ea bona e matla. Baa itšepa hore ba lokile, le hoja ba khella batho ba bang fatše.

Bakeng sa batho ba nahanang joalo, Jesu o etsa papiso e latelang: “Banna ba babeli ba ile ba nyolohela ka tempeleng ho ea rapela, e mong e le Mofarisi ’me e mong e le ’mokelli oa lekhetho. Mofarisi a ema ’me a qala ho rapella lintho tsena ka pelong, ‘Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le joaloka ’mokelli enoa oa lekhetho. Ke itima lijo habeli ka beke, ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke li fumanang.’ ”​—Luka 18:​10-12.

Bafarisi ba tsebahala ka ho itlhahisa joalokaha eka ba lokile ka pel’a batho. Ba etsa joalo e le ho khahlisa batho. Libaka tseo ba atisang ho itima lijo ho tsona ke limmarakeng ha e le Mantaha le Labone, e leng matsatsi a phetheselang haholo. Ba hlokolosi le ha ho tluoa tabeng ea ho lefa le boshome ba limela tse nyenyane. (Luka 11:​42) Khoeling tse seng kae pejana, ba ile ba bontša hore ba nyatsa batho ba tlaase, ba re: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.”​—Johanne 7:49.

Jesu o tsoela pele ka papiso ea hae o re: “Empa ’mokelli oa lekhetho a eme hojana o ne a sa rate le ho phahamisetsa mahlo a hae nģ’a leholimong, empa a ’na a ikotla sefuba, a re, ‘Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.’ ” ’Mokelli oa lekhetho ka boikokobetso oa lumela hore ke moetsalibe. Jesu o phethela ka hore: “Kea le bolella, Monna enoa o ile a theohela lapeng la hae e le ea lokileng ho feta monna eane, hobane e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”​—Luka 18:​13, 14.

Kahoo, Jesu o hlakisa bohlokoa ba ho ikokobetsa. Ena ke keletso e molemo bakeng sa barutuoa ba hae, ba holetseng sebakeng seo baikhohomosi ba Bafarisi ba nkang maemo le botumo e le lintho tsa bohlokoa. Hape ke keletso ea bohlokoa bakeng sa balateli bohle ba Jesu.