Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 86

Mora ea Neng a Lahlehile o Khutlile

Mora ea Neng a Lahlehile o Khutlile

LUKA 15:​11-32

  • PAPISO EA MORA EA NENG A LAHLEHILE

Mohlomong Jesu o entse papiso ea nku e lahlehileng le ea chelete ea tšepe ea drakema e lahlehileng ha a ntse a le Perea ka bochabela ho Noka ea Jordane. Lipapiso tsena ka bobeli li re ruta hore re lokela ho thaba ha moetsalibe a baka ’me a khutlela ho Molimo. Bafarisi le bangoli ba ne ba nyatsa Jesu hobane a amohela batho ba joalo. Leha ho le joalo, na ho na le seo banyefoli bao ba ithutang sona lipapisong tseo tsa Jesu? Na baa utloisisa hore na Ntate oa rona oa leholimo o ikutloa joang ka baetsalibe ba bakileng? Joale, Jesu o etsa papiso e amang maikutlo e hatisang thuto e tšoanang.

Papiso ena e bua ka ntate ea nang le bara ba babeli. E monyenyane ke eena eo ho buuoang ka eena haholo. Bafarisi, bangoli le batho ba bang ba mametseng papiso ena ba lokela ho ithuta ho hong ka seo ho buuoang ka sona ka mora e monyenyane. Ka tsela e tšoanang, seo Jesu a se buang ka ntate le mora e moholo ha sea lokela ho tlolisoa mahlo, hobane tsela eo ba itšoarang ka eona e re ruta thuto ea bohlokoa. Kahoo, nahana ka banna bana ba bararo ha Jesu a ntse a etsa papiso ena.

Jesu o re: “Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli. E monyenyane oa bona o re ho ntat’ae, ‘Ntate, mphe karolo ea thepa e oelang ho seo ke se abetsoeng.’ Joale a ba arolela mokhoa oa hae oa ho iphelisa.” (Luka 15:​11, 12) Hlokomela hore mora enoa e monyenyane ha a batle lefa la hae hobane ntate oa hae a se a hlokahetse. Ntate o ntse a phela. Leha ho le joalo, mora o batla lefa la hae hona joale e le hore a ka itaola le ho etsa seo a se ratang ka lona. Ke’ng seo a batlang ho se etsa?

Jesu o tsoela pele o re: “Hamorao, ka mor’a matsatsi a seng makae, mora e monyenyane a bokella lintho tsohle ’me a etela naheng e hole, ’me ha a le moo a hafa thepa ea hae ka ho phela bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama.” (Luka 15:​13) Ho e-na le hore mora enoa a lule lapeng moo a sireletsehileng, a e-na le ntate ea mo hlokomelang ea bileng a mo fang lintho tseo a li hlokang, o ikela naheng e ’ngoe. Ha a le moo, o sebelisa lefa la hae kaofela habohlasoa ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa thobalano.

Ha Jesu o tsoela pele ka papiso ena, oa bontša hore bophelo ba mora enoa bo qala ho mo thatafalla. O re: “Ha a sebelisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, tlala e kholo ea e-ba teng ho pholletsa le naha eo, ’me a qala ho hloka. A ba a ea ’me a ikamahanya le e mong oa baahi ba naha eo, eaba o mo romela masimong a hae ho ea alosa likolobe. O ne a lakatsa ho ja makhapetla a karoba ao likolobe li neng li a ja, ’me ho ne ho se ea neng a mo fa letho.”​—Luka 15:​14-16.

Likolobe li ne li balelloa har’a liphoofolo tseo Molao oa Molimo o neng o re ha lia hloeka. Leha ho le joalo, mora enoa o tlameha ho sebetsa e le molisana oa tsona. O otloa ke tlala hoo a bileng a batlang ho ja lijo tseo ka tloaelo li jeoang ke liphoofolo feela, e leng likolobe tsena tseo a li lisitseng. Ha mora enoa a ntse a le mahlomoleng a bile a nyahame, o “hlaphoheloa kelellong.” Joale o etsa’ng? O re: “Ke banna ba bangata hakae ba hiriloeng ba Ntate ba atetsoeng ke bohobe, ha ’na ke bolaoa ke tlala moo! Ke tla ema ’me ke ee ho Ntate ’me ke re ho eena: ‘Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena. Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Nketse ea joaloka e mong oa banna ba hao ba hiriloeng.’ ” Joale oa ema o ea ho ntate oa hae.​—Luka 15:​17-20.

Ntate oa hae o tla etsa’ng? Na o tla halefela mora le ho mo khalemella hore ebe o ile a etsa booatla ba ho tloha lapeng? Na ntate o tla hloka kutloelo-bohloko ’me a se ke a amohela mora oa hae? Haeba e ne e le uena, u ne u tla itšoara joang? Haeba e ne e le mora kapa morali oa hao teng?

MORA EA LAHLEHILENG O FUMANOE

Jesu o hlalosa tsela eo ntate a ikutloang ka eona le tsela eo a etsang lintho ka eona, o re: “Ha [mora] a sa ntse a le hole, ntat’ae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka lerato.” (Luka 15:​20) Le hoja ntate a utloile ka bophelo bo hlephileng ba mora oa hae, o ntse a mo amohela. Na baeta-pele ba Bajuda, ba bolela’ng hore ba tseba Jehova le hore baa mo sebeletsa, ba tla ithuta papisong ee hore Ntate oa rona oa leholimo o ikutloa joang ka baetsalibe ba bakileng? Na ba tla elelloa hore Jesu le eena o na le boikutlo bo tšoanang?

Ntate enoa oa lemoha hore mora oa hae o bakile ha a mo sheba kaha sefahleho sa hae se bontša hore o saretsoe ebile o soabile. Leha ho le joalo, boiteko boo ntate a bo etsang ba ho mo lumelisa ka lerato bo nolofalletsa mora hore a mo bolelle libe tsa hae. Jesu o re: “Joale mora a re ho eena, ‘Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena. Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao.’ ”​—Luka 15:21.

Ntate o laela makhoba a hae o re: “Potlakang! tlisang seaparo se selelele sa ka holimo, se setlehali, ’me le mo apese sona, le mo kenye lesale letsohong ’me le mo roese meqathatso. Le tlise pohoana e nontšitsoeng, le e hlabe ’me re jeng re ithabise, hobane mora enoa oa ka o ne a shoele ’me a boela a phela, o ne a lahlehile ’me a fumanoa.” Joale “ba qala ho ithabisa.”​—Luka 15:​22-24.

Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, mora e moholo o masimong. Jesu ha a bua ka eena o re: “Ha a tla ’me a atamela ntlo a utloa konsarete ea ’mino le motjeko. Kahoo a bitsetsa e mong oa bahlanka ho eena ’me a botsisisa hore na lintho tsena li bolela’ng. A re ho eena, ‘Mor’eno o tlile, ’me ntat’ao o hlabile pohoana e nontšitsoeng, hobane o mo fumane a phela hantle.’ Empa a halefa ’me o ne a sa rate ho kena. Joale ntat’ae a tsoa ’me a qala ho mo kopa. Ha a araba a re ho ntat’ae, ‘Bona ke lilemo tse ngata haholo ke ntse ke le lekhoba la hao ’me ha ho mohla nkileng ka tlola taelo ea hao, ’me leha ho le joalo ’na ha ho mohla u kileng ua mpha potsanyane hore ke ithabise le metsoalle ea ka. Empa hang ha mora enoa oa hao ea ileng a ja mokhoa oa hao oa ho iphelisa le liotsoa a fihla, u mo hlabetse pohoana e nontšitsoeng.’ ”​—Luka 15:​25-30.

Ke bo-mang bao joaloka mora e moholo, ba ileng ba nyatsa mosa le tlhokomelo tseo Jesu a li bontšitseng batho ba tloaelehileng le baetsalibe? Ke bangoli le Bafarisi. Jesu o entse papiso ena hobane a susumetsoa ke hore bangoli le Bafarisi baa mo nyatsa ha a amohela baetsalibe. Ho hlakile hore e mong le e mong ea nyatsang ha Molimo a le mosa, o lokela ho nka thuto eo ka ho teba.

Jesu o qetella papiso ea hae ka ho ba phetela boipiletso boo ntate a bo etsang ho mora e moholo. O re: “Ngoana, u ’nile ua ba le ’na kamehla, ’me lintho tsohle tsa ka ke tsa hao, empa re ne re tlameha ho ithabisa le ho thaba, hobane mor’eno o ne a shoele eaba oa phela, o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.”​—Luka 15:​31, 32.

Jesu ha a bolele hore na mora e moholo o qetella ka ho etsa’ng. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae ‘bongata bo boholo ba baprista bo ile ba qala ho mamela tumelo.’ (Liketso 6:7) E ka ’na eaba har’a baprista bana ho ne ho e-na le ba utloileng ha Jesu a pheta papiso ena e matla e buang ka mora ea neng a lahlehile. E ne e se ntho e thata ho bona hore ba itšele kelello, ba bake, ba be ba khutlele ho Molimo.

Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, barutuoa ba Jesu ba ka nka ka botebo lithuto tse ka sehloohong tseo Jesu a li totobalitseng papisong ena, ’me ba ne ba ka khona ho etsa joalo. Thuto ea pele ke hore, ke bohlale ho ba tšireletsong ea batho ba Molimo, tlas’a tlhokomelo ea Ntate oa rona ea re ratang le ea re fang lintho tseo re li hlokang, ho e-na le ho lelera re lelekisana le menate “naheng e hole.”

Thuto e ’ngoe ke hore haeba e mong oa rona a ka kheloha tseleng ea Molimo, o tlameha ho khutlela ho Ntate ka boikokobetso e le hore a ka boela a fumana kamohelo ea hae.

Ntho e ’ngoe eo re ka ithutang eona ke phapano e teng pakeng tsa tsela eo ntate le mora e moholo ba itšoarang ka eona. Ntate o amohela mora e monyenyane ebile oa mo tšoarela, ha mora e moholo eena a se na kutloelo-bohloko a bile a mo jere ka pelo. Haeba motho ea ileng a hlahlathela a baka ’me a khutlela ‘ntlong ea Ntate,’ bahlanka ba Molimo ba lokela ho mo tšoarela ’me ba mo amohele. Re lokela ho thabela hore mora oa bo rona ea neng ‘a shoele o se a phela’ le hore ea neng ‘a lahlehile o fumanoe.’