Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 88

Phetoho Bakeng sa Monna oa Morui le Lazaro

Phetoho Bakeng sa Monna oa Morui le Lazaro

LUKA 16:​14-31

  • PAPISO EA MONNA OA MORUI LE LAZARO

Haesale Jesu a ntse a ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa mabapi le ho sebelisa maruo. Leha ho le joalo, ha se barutuoa ba hae feela ba mo mametseng. Bafarisi le bona ba mametse, ’me ba lokela ho nahana ka botebo ka lintho tseo Jesu a ntseng a li ruta. Hobane’ng? Hobane ba “rata chelete.” Ha ba utloa lintho tseo Jesu a ntseng a li ruta, ba “qala ho mo tšeha ka ho nyefola.”​—Luka 15:2; 16:​13, 14.

Leha ho le joalo, seo ha se tšose Jesu. O re ho bona: “Le ipolela hore le lokile ka pel’a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lona, hobane se phahameng har’a batho ke ntho e nyonyehang mahlong a Molimo.”​—Luka 16:15.

Haesale Bafarisi e le ba “phahameng har’a batho,” empa joale ke nako ea hore lintho li fetohe, li nke mothinya osele. Batho ba phahameng, barui, batho ba hlaheletseng lipolotiking le ba nang le tšusumetso bolumeling ba tla theoleloa fatše. Batho ba elang hloko hore ba hloka ho tseba Molimo ke bona ba tla phahamisoa.

Jesu o hatisa hore ho na le phetoho e kholo e etsahalang ha a re: “Molao le Baprofeta ba ne ba le teng ho fihlela ho Johanne. Ho tloha ka nako eo ho ea pele ’Muso oa Molimo o ntse o boleloa e le litaba tse molemo, ’me motho oa mofuta o mong le o mong o hahamalla pele ho oona. Ka sebele, ho bonolo hore leholimo le lefatše li fete ho e-na le hore phatsa e le ’ngoe ea tlhaku ea Molao e se ke ea qala ho phethahala.” (Luka 3:​18; 16:​16, 17) Mantsoe aa a Jesu a bontša joang hore phetoho ee e se e ntse e etsahala?

Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ikotla sefuba ka hore bona ba ikobela Molao oa Moshe. Hopola hore ha Jesu a ne a tutubolla mahlo a monna oa sefofu Jerusalema, ka boikakaso Bafarisi ba ile ba re: “Rona re barutuoa ba Moshe. Rea tseba hore Molimo o buile le Moshe.” (Johanne 9:​13, 28, 29) Sepheo se seng sa Molao o neng o fanoe ka Moshe e ne e le hore o tataisetse batho ba ikokobelitseng ho Mesia, e leng Jesu. Johanne Mokolobetsi o ile a re Jesu ke Konyana ea Molimo. (Johanne 1:​29-34) Esale ho tloha ha Johanne a ne a qala tšebeletso ea hae, Bajuda ba ikokobelitseng, haholo-holo ba futsanehileng, ba ile ba utloa ka “ ’Muso oa Molimo.” Ho na le “litaba tse molemo” bakeng sa bohle ba batlang ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo le ba batlang ho rua molemo ho oona.

Molao oa Moshe o finyella morero oa oona kaha o thusitse batho ho elelloa hore na Mesia ke mang. Ho se hokae, batho ba tla be ba se ba sa qobellehe ho o mamela. Ka mohlala, Molao o ne o lumella tlhalo ka mabaka a fapa-fapaneng, empa Jesu o hlalosa hore “e mong le e mong ea hlalang mosali oa hae ’me a nyala e mong oa feba, ’me ea nyalang mosali ea hlaliloeng ke monna oa feba.” (Luka 16:​18) Taba ena e halefisa Bafarisi kaha ba rata ho iketsetsa melao ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe!

Joale Jesu o pheta papiso e hatisang boholo ba phetoho e ntseng e etsahala. Papiso ena e bua ka banna ba babeli ba fapaneng, ’me maemo a bona a fetoha ka tsela e kholo. Ha u ntse u hlahloba papiso ena, hopola hore ba bang ba batho ba mametseng ke Bafarisi ba ratang chelete le bao batho ba ba nkelang holimo.

Jesu o re: “Monna ea itseng o ne a ruile, ’me o ne a ikhabisa ka bopherese le line, a ithabisa letsatsi le letsatsi ka botle bo hlollang. Empa mokopa-kopa o itseng o bitsoang Lazaro o ne o behoa hekeng ea hae, o tletse liso ’me o lakatsa ho ja lintho tse oang tafoleng ea morui. E, hape, lintja li ne li tla ’me li nyeka liso tsa oona.”​—Luka 16:​19-21.

Bafarisi ba rata chelete, kahoo na re ka ingoaea lihlooho ka hore na papiso ee ea Jesu ea ‘monna ea ruileng’ e bua ka bo-mang? Baeta-pele bana ba bolumeli ba Sejuda ba boetse ba rata ho apara liphahlo tse mahali-hali le tse turu. Ho phaella maruong ao e ka ’nang eaba ba na le ’ona, ba boetse ba shebahala eka ba na le kamano e ntle le Molimo hape ba menyetleng ea lintho tse ngata. Kahoo, ho ba bapisa le monna ea apereng bopherese bo aparoang ke marena ho bontša boemo ba bona bo khethehileng, ha line e tšoeu e bontša ho itokafatsa ha bona.​—Daniele 5:7.

Baeta-pele baa ba ruileng le ba ikhohomosang ba nka batho ba futsanehileng le ba tlaase joang? Ka ho nyelisa ba ba nka e le ʽam ha·ʼaʹrets, kapa batho ba naha (lefatše), ba sa tsebeng Molao le ba sa lokelang ho o rutoa. (Johanne 7:​49) Taba ena e hlakisa hantle boemo ba “mokopa-kopa o . . . bitsoang Lazaro,” o neng o lakatsa le ho fuoa feela “lintho tse oang tafoleng ea morui.” Joaloka Lazaro ea neng a tletse liso hohle, batho ba tlaase ba khelloa fatše, joalokaha eka le Molimo ha a ba batle.

Boemo bona bo bohloko bo tsoetse pele ka nako e telele, empa Jesu oa tseba hore joale e se e le nako ea hore maemo a fetohe bakeng sa ba tšoanang le monna oa morui le ba tšoanang le Lazaro.

MAEMO A MONNA OA MORUI LE LAZARO AA FETOHA

Jesu o tsoela pele ho hlalosa phetoho ena e kholo o re: “Joale ka mor’a nako mokopa-kopa oo oa shoa ’me mangeloi a o nkela sefubeng sa Abrahama. Hape, morui a shoa ’me a patoa. Ha a le Hadese a phahamisa mahlo, a le litlhokofatsong, eaba o bona Abrahama a le hole ’me Lazaro a le sefubeng sa hae.”​—Luka 16:​22, 23.

Batho ba mametseng Jesu baa tseba hore ha se joale Abrahama a shoele a bile a le lebitleng. Mangolo a hlakisa hantle hore ha ho motho ea mabitleng, kapa Sheole ea khonang ho bona kapa ho bua, ho akareletsa le Abrahama. (Moeklesia 9:​5, 10) Joale ebe baeta-pele baa ba bolumeli ba nka hore Jesu o bolela’ng ka papiso ee ea hae? E ka ’na eaba o leka ho hatisa ntlha efe ka batho ba tlaase le baeta-pele ba bolumeli ba ratang chelete?

Jesu o sa tsoa bua ka phetoho e teng ha a re ‘Molao le Baprofeta ba ne ba le teng ho fihlela ho Johanne, empa ho tloha ka nako eo ho ea pele ’Muso oa Molimo o ntse o boleloa e le litaba tse molemo.’ Kahoo, maemo a Lazaro le monna oa morui a fetoha ka lebaka la mosebetsi oa ho ruta oa Johanne le Jesu Kreste ’me ba fumana maemo a macha ho Molimo.

Ka ho khetheha, esale batho ba ikokobelitseng kapa ba futsanehileng ba sa rutoe ka Molimo. Leha ho le joalo, hona joale ba fumana thuso ha ba amohela molaetsa oa ’Muso o ileng oa qala ho boleloa ke Johanne Mokolobetsi le Jesu hamorao. Pele ba ne ba lokela ho khotsofalla feela ‘lintho tse oang tafoleng ea borapeli’ ea baeta-pele ba bolumeli. Hona joale ba feptjoa lithuto tsa ’nete tse tsoang ka Mangolong, ka ho khetheha lithuto tse babatsehang tseo Jesu a li hlalosang. Ho joalokaha eka qetellong joale ba ka lehlakoreng le ratehang mahlong a Molimo.

Ka lehlakoreng le leng, ba ruileng le baeta-pele ba bolumeli ba nang le tšusumetso ba hana ho amohela molaetsa oa ’Muso oa Molimo oo Johanne Mokolobetsi a ileng a o phatlalatsa, oo hona joale o phatlalatsoang ke Jesu naheng eohle. (Matheu 3:​1, 2; 4:​17) Ha e le hantle, ba halefile kapa ba hlokofatsoa ke molaetsa oo, o bontšang hore ho tla ba le letsatsi la kahlolo ea Molimo. (Matheu 3:​7-12) Baeta-pele ba bolumeli ba ratang chelete ba ka ba ba utloa ho re kokololo ha Jesu le barutuoa ba hae ba ka khaotsa ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo. Baeta-pele bana ba tšoana le monna oa morui ea papisong ea Jesu, ea reng: “Ntate Abrahama, nkhauhele ’me u romele Lazaro hore a qopetse ntlha ea monoana oa hae ka metsing ’me a pholise leleme la ka, hobane ke bohlokong bo boholo mollong ona o tukang.”​—Luka 16:24.

Leha ho le joalo, ntho eo e ke ke ea etsahala. Boholo ba baeta-pele ba bolumeli ba ke ke ba fetoha. Ba hanne ho ‘mamela Moshe le Baprofeta,’ bao mangolo a bona a neng a lokela hore ebe a ba thusitse ho amohela hore Jesu ke eena eo Molimo a mo khethileng hore e be Mesia le Morena. (Luka 16:​29, 31; Bagalata 3:​24) Hape ha ba ikokobetse ’me ha ba itumelle hore ba susumetsoe ke mafutsana a amohetseng Jesu le ao hona joale a seng a e-na le kamano e ntle le Molimo. Ka lehlakoreng le leng, barutuoa ba Jesu ba ke ke ba sekisetsa kapa hona ho hlapolla ’nete eo ba ithutileng eona, e le hore feela ba khotsofatse baeta-pele ba bolumeli kapa ba ba imolle.

Papisong ea hae, Jesu o hlalosa taba ena ka mantsoe ana a buuoang ke “Ntate Abrahama” ho monna oa morui a reng: “Ngoana, hopola hore u ile ua amohela ka botlalo lintho tsa hao tse molemo nakong ea bophelo ba hao, empa Lazaro ka ho tšoanang o ile a amohela lintho tse mpe. Leha ho le joalo, joale o fumana matšeliso mona empa uena u bohlokong bo boholo. Ntle ho lintho tsena tsohle, khohlo e kholo e tiisitsoe pakeng tsa rona le lona, hoo ba batlang ho tšelela ho lona ba tloha mona ba sitoang, leha e le hore batho ba ka tšelela ho rona ba tloha moo.”​—Luka 16:​25, 26.

Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore phetoho e kholo hakana ea etsahala! Taba ena e qetella ka ho fetoha ha maemo lipakeng tsa baeta-pele ba bolumeli le batho ba ikokobelitseng ba jareng joko ea Jesu le bao joale ba khatholloang le ho rutoa ka Molimo. (Matheu 11:​28-30) Phetoho ena e tla bonahala haholoanyane ka mor’a likhoeli tse seng kae ha selekane sa Molao se nkeloa sebaka ke selekane se secha. (Jeremia 31:​31-33; Bakolose 2:​14; Baheberu 8:​7-13) Ha Molimo a fana ka moea oa hae o halalelang ka Pentekonta selemong sa 33, ho tla hlaka hore o amohela barutuoa ba Jesu ho fapana le Bafarisi le baeta-pele ba bolumeli.