Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 3

Jesu o Etsa Mosebetsi o Moholo Galilea

‘Jesu a qala ho bolela ’me a re: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.” ’​—Matheu 4:​17

Jesu o Etsa Mosebetsi o Moholo Galilea

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 20

Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana

Jesu o phekola moshanyana a le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 26.

KHAOLO EA 21

Jesu o Synagogeng Nazaretha

Ke’ng eo Jesu a ileng a e bua e ileng ea etsa hore batho ba habo ba batle ho mo bolaea?

KHAOLO EA 22

Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho

Jesu o re barutuoa ba hae ba tlohelle ho tšoasa litlhapi empa ba tšoase batho.

KHAOLO EA 23

Jesu o Etsa Mehlolo Kapernauma

Jesu o ntša modemona, empa ke hobane’ng ha a mo khalemela ha a joetsa batho hore ke mora oa Molimo?

KHAOLO EA 24

Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea

Batho ba tla ho Jesu hore a ba phekole, empa Jesu oa ba hlalosetsa hore mosebetsi oa hae ha se ho phekola batho feela.

KHAOLO EA 25

O Folisa Molepera ka Mosa

Jesu o araba ka tsela e bonolo empa e matla e leng se bontšang hore o tsotella batho bao a ba folisang.

KHAOLO EA 26

“U Tšoaretsoe Libe”

Jesu o re sebe le ho kula li amana joang?

KHAOLO EA 27

Jesu o re Matheu e be Molateli oa Hae

Ke hobane’ng ha Jesu a ja le batho ba tummeng ka ho etsa lintho tse mpe?

KHAOLO EA 28

Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?

Jesu o ba araba ka ho etsa papiso ea lekuka la veine.

KHAOLO EA 29

Na Motho a ka Etsa Mesebetsi e Metle ka Sabatha?

Ke hobane’ng ha Bajuda ba hlorisa Jesu ha a folisa monna ea kutseng ka lilemo tse 38?

KHAOLO EA 30

Jesu o Amana Joang le Molimo?

Bajuda ba nahana hore Jesu o re o lekana le Molimo, empa Jesu oa hlakisa hore Molimo o moholo ho eena.

KHAOLO EA 31

Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha

Ke hobane’ng Jesu a re ke “Morena oa Sabatha”?

KHAOLO EA 32

Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?

Ka tloaelo, Basaduse le Bafarisi baa hanyetsana empa lekhetlong lena baa lumellana.

KHAOLO EA 33

Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa

Ke hobane’ng ha Jesu a laela batho bao a ba phekotseng hore ba se ke ba mo tsebahatsa kapa ho bolella ba bang ka seo a se entseng?

KHAOLO EA 34

Jesu o Khetha Baapostola ba 12

Phapang ke efe pakeng tsa barutuoa le baapostola?

KHAOLO EA 35

Thuto ea Thabeng

Tlhaloso ea lintlha tsa bohlokoa tsa Thuto ea Thabeng

KHAOLO EA 36

Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla

Molaoli oa sesole o bua eng e etsang hore Jesu a hlolloe?

KHAOLO EA 37

Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali

Ba boneng mohlolo ona ba utloisisa seo o se bolela’ng.

KHAOLO EA 38

Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu

Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a botsa hore na Jesu ke Mesia? Na Johanne o na le lipelaelo?

KHAOLO EA 39

Ho Malimabe Moloko o sa Bakeng

Jesu o re ka Letsatsi la Kahlolo kotlo ea baahi ba Kapernauma, e leng toropo eo a lulang ho eona, e tla ba boima papisong le e ileng ea fumanoa ke baahi ba Sodoma.

KHAOLO EA 40

O Ruta ka ho Tšoarela

Ha Jesu a tšoarela libe tsa mosali eo e ka ’nang eaba e ne e le letekatse, na o ne a bontša hore ha ho phoso ho tlola molao oa Molimo?

KHAOLO EA 41

O Nka Matla a ho Etsa Mehlolo Kae?

Baena ba Jesu ba lumela hore o qhomme hlooho.

KHAOLO EA 42

Jesu o Khalemela Bafarisi

“Pontšo ea moprofeta Jonase” ke’ng?

KHAOLO EA 43

Lipapiso Tse Buang ka ’Muso

Jesu o etsa lipapiso tse robeli tse buang ka ’Muso oa maholimo.

KHAOLO EA 44

Jesu o Khutsisa Sefefo Leoatleng

Ha Jesu a ne a khutsisa leoatle, o ile a bontša hore na ho tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo.

KHAOLO EA 45

O Matla ho Feta Bademona ba Bangata

Na hoa khoneha hore motho a kenoe ke bademona ba bangata?

KHAOLO EA 46

Ha a Thetsa Seaparo sa Jesu oa Fola

Ketsahalong ena e amang maikutlo, Jesu oa bontša hore o mosa ebile o na le matla.

KHAOLO EA 47

Ngoanana o Phela Hape!

Batho baa tšeha ha Jesu a re ngoanana ea shoeleng o robetse. Ebe o tseba’ng eo ba sa e tsebeng?

KHAOLO EA 48

Esita le Batho ba Nazaretha ha ba mo Amohele le Hoja a Etsa Mehlolo

Batho ba Nazaretha ha ba amohele Jesu. Ha se hobane ba hana lithuto le mehlolo ea hae, empa ba na le lebaka le leng.

KHAOLO EA 49

O Ruta Galilea Ebile o Koetlisa Baapostola

Ha e le hantle ho boleloa’ng ha ho thoe ‘ ’Muso oa maholimo o atametse?’

KHAOLO EA 50

Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso

Haeba ha baa lokela ho tšaba lefu, ke hobane’ng ha Jesu a re ba barutuoa ba hae ba balehe ha ba hlorisoa?

KHAOLO EA 51

Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo

Heroda o thabetse tantši ea Salome hoo a mo tšepisang hore o tla mo fa eng kapa eng eo a e kopang. O kopa ntho e tšosang. Ebe ke eng?

KHAOLO EA 52

Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae

Mohlolo oo Jesu a o etsang o ikhetha hoo bangoli bohle ba bane ba Likosepele ba buang ka oona litlalehong tsa bona.

KHAOLO EA 53

’Musi ea Khonang ho Laola Maemo a Leholimo

Baapostola ba ithuta’ng ha Jesu a tsamaea holim’a metsi ’me a khutsisa sefefo?

KHAOLO EA 54

Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”

Ke hobane’ng ha Jesu a khalemela batho ba entseng boiteko ba hore ba tle ho eena?

KHAOLO EA 55

Mantsoe a Jesu a Nyarosa Batho ba Bangata

Jesu o ruta batho ntho e ngoe e nyarosang hoo barutuoa ba hae ba bangata ba mo furallang.

KHAOLO EA 56

Hantle-Ntle Ke Eng e Silafatsang Motho?

Na ke se kenang kapa ke se tsoang ka molomong se silafatsang motho?

KHAOLO EA 57

Jesu o Phekola Ngoanana le Monna ea sa Utloeng Litsebeng

Ke hobane’ng ha Mosali oa molichaba a sa koate ha Jesu a re batho ba habo ke lintjanyana?

KHAOLO EA 58

Jesu o Atisa Mahobe Hape o Fana ka Keletso Mabapi le Tomoso

Barutuoa ba Jesu ba qetella ba utloisisa hore na o bua ka tomoso ea mofuta ofe.

KHAOLO EA 59

Mor’a Motho ke Mang?

Linotlolo tsa ’Muso ke eng? Ke mang ea li sebelisang, hona o li sebelisa joang?

KHAOLO EA 60

Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea Bonahala

O ile a fetoha sebopeho joang? Hona seo se ne se bolela’ng?

KHAOLO EA 61

Jesu o Phekola Moshanyana ea Nang le Modemona

Jesu o re barutuoa ba hae ba hlolehile ho leleka modemona ka lebaka la tumelo e haellang. Empa ke tumelo ea mang e haellang? Na ke ea moshanyana, ntate oa hae kapa barutuoa ba Jesu?

KHAOLO EA 62

Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso

Banna ba holileng ba ithuta ntho ea bohlokoa ho ngoana e monyenyane.

KHAOLO EA 63

Jesu o fa Baapostola ba Hae Keletso e ’Ngoe ea Bohlokoa

O hlalosa mehato e meraro e lokelang ho lateloa ha ho lokisoa liqabang lipakeng tsa Bakreste.

KHAOLO EA 64

Ho Tšoarelana

Jesu o sebelisa papiso ea lekhoba le se nang mohau ho bontša kamoo Molimo a nkang ka botebo kateng taba ea hore re be ba tšoarelang.

KHAOLO EA 65

Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema

Lipuisanong tse khutšoanyane tse tharo tseo Jesu a bileng le tsona, o hlakisa mekhoa e ka sitisang motho hore a mo latele.