Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 54

Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”

Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”

JOHANNE 6:​25-48

  • JESU KE “BOHOBE BO TSOANG LEHOLIMONG”

Jesu o fepile batho ba likete ka mohlolo ka bochabela ho Leoatle la Galilea, empa a monyoha ha ba batla ho mo etsa morena. Bosiung boo o ile a tsamaea holim’a leoatle le befileng. O ile a boela a pholosa Petrose ha a ne a teba leoatleng. Petrose o ne a ile a tsamaea holim’a metsi empa a teba ha a felloa ke tumelo. Jesu o ila a boela a khutsisa sefefo. Mohlomong sekepe sa barutuoa ba hae se ka be se ile sa soahlamana hoja a se ke a khutsisa sefefo seo.

Jesu o se a khutletse ka lehlakoreng le ka bophirimela ho leoatle tikolohong ea Kapernauma. Batho bao a ileng a ba fepa ka mohlolo baa mo fumana ’me baa mo botsa ba re: “U fihlile neng moo?” Ha Jesu a ba khalemela, oa ba joetsa hore ba mo batla joalo ka tšepo ea hore o tla ba fepa hape. Oa ba lemosa o re: “Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng.” Ba re ho eena: “Re tla etsa joang hore re sebetse mesebetsi ea Molimo?”​—Johanne 6:​25-28.

E ka ’na eaba ba nahanne ka mesebetsi eo ba lokelang ho e etsa ho ea ka Molao oa Moshe, empa Jesu o bua ka mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. O re: “Ona ke mosebetsi oa Molimo, hore le bontše tumelo ho eo A mo romileng.” Ka masoabi batho bana ha ba na tumelo ho Jesu ho sa tsotellehe mehlolo eo a e entseng. Ba batla hore a ba etsetse mohlolo e le hore ba ka lumela ho eena. Ba re: “U etsa mosebetsi ofe? Baholo-holo ba rona ba ile ba ja manna lefeelleng, feela joalokaha ho ngoliloe: ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba bo je.’ ”​—Johanne 6:​29-31; Pesaleme ea 78:24.

Jesu o ba araba ka ho ba supisa eo e hlileng e leng eena ea etsang hore lijo li be teng ka mohlolo. O re: “Ke re ho lona, Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong, empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong. Etsoe bohobe ba Molimo ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo.” Ka ho se utloisise hore na Jesu o bolela’ng, ba re: “Morena, u re fe bohobe bona kamehla.” (Johanne 6:​32-34) Leha ho le joalo, Jesu o bua ka “bohobe” bofe?

Jesu oa hlalosa o re: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang, ’me ea bontšang tumelo ho ’na ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla. Empa ke itse ho lona, le bile le mpone ’me leha ho le joalo ha le lumele. . . . Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng. Ena ke thato ea ea nthomileng, hore ke se ke ka lahleheloa ke letho ho tsohle tseo a mphileng tsona empa hore ke ho tsose ka letsatsi la ho qetela. Etsoe ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 6:​35-40.

Taba ena e etsa hore Bajuda ba halefe ’me ba korotle. Baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jesu a re ke “bohobe bo theohileng leholimong.” (Johanne 6:​41) Ho bona Jesu ke motho feela tjee eo batsoali ba hae e leng Bagalilea ba Nazaretha. Kahoo, batho baa botsa ba re: “Na enoa hase Jesu mora oa Josefa, eo ntat’ae le ’m’ae re ba tsebang?”​—Johanne 6:42.

Jesu o re ho batho bana: “Khaotsang ho korotla har’a lona. Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng, ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘ ’me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’ E mong le e mong ea utloileng ho Ntate le ea ithutileng o tla ho ’na. Eseng hore motho leha e le ofe o bone Ntate, haese ea tsoang ho Molimo, enoa o bone Ntate. Kannete-nete ke re ho lona, ea lumelang o na le bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 6:​43-47; Esaia 54:13.

Pelenyana ha Jesu a ne a bua le Nikodemase, O ile a amahanya bophelo bo sa feleng le ho ba le tumelo ho Mor’a motho, a re: “E mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši] a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​15, 16) Hona joale o bua le batho ba bangata, oa ba bolella hore ho na le karolo eo a e phethang e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng, e leng seo ba ke keng ba se fumana ha ba ka ja manna kapa bohobe feela bo tloaelehileng. Joale bophelo bo sa feleng bo ka fumanoa joang? Jesu o pheta mantsoe a hae o re: “Ke ’na bohobe ba bophelo.”​—Johanne 6:48.

Puisano ena ha e felle mona, empa e tsoela-pele ho fihlela e fihla sehlohlolong ha Jesu a ntse a ruta ka synagogeng e Kapernauma.