Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 63

Jesu o fa Baapostola ba Hae Keletso e ’Ngoe ea Bohlokoa

Jesu o fa Baapostola ba Hae Keletso e ’Ngoe ea Bohlokoa

MATHEU 18:​6-20 MAREKA 9:​38-50 LUKA 9:​49, 50

  • KELETSO KA HO KHOPISA BA BANG

  • HAEBA MORA OA BO RONA A ETSA SEBE

Jesu o qeta ho bontša barutuoa ba hae hore na ba lokela ho ba le boikutlo bofe. Ba lokela hore ba ichebe joaloka bana, batho ba boemo bo tlaase le bao e seng ba maemo. Barutuoa ba lokela ho ‘amohela ngoana e monyenyane tjena ka lebitso la Jesu ’me ka tsela eo ba tla be ba amohela le Jesu.’​—Matheu 18:5.

Baapostola ba sa tsoa pheha khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona, kahoo e ka ’na eaba ba nka mantsoe a Jesu e le khalemelo. Joale moapostola Johanne o bua ka taba e ’ngoe e sa tsoa etsahala, o re: “Re ile ra bona monna ea itseng a leleka bademona a sebelisa lebitso la hao ’me ra leka ho mo thibela, hobane ha a u latele hammoho le rona.”​—Luka 9:49.

Na Johanne o nka baapostola e le bona feela ba lumeletsoeng hore ba ka phekola ba bang le hore ba leleke bademona? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha monna eo oa Mojuda a khona ho ntša meea e khopo? Johanne o nahana hore monna enoa ha aa lokela hore ebe o ntse a etsa mesebetsi ena kaha ha a tsamaee le Jesu le baapostola.

Jesu o bua ntho eo Johanne a sa e lebellang, o re: “Le se ke la leka ho mo thibela, etsoe ha ho ea tla etsa mosebetsi o matla ka lebitso la ka eo kapele a tla khona ho ntlhapaola, kaha ea seng khahlanong le rona o eme le rona. Etsoe mang kapa mang ea le fang senoelo sa metsi hore le noe ka lebaka la hore le ba Kreste, kannete kea le bolella, ho hang a ke ke a lahleheloa ke moputso oa hae.”​—Mareka 9:​39-41.

Nakong ena, ha ho e-sʼo hlokahale hore motho a tsamaee le Jesu e le hore e be mosebetsi ’moho le eena. Phutheho ea Bokreste ha e e-s’o be teng, kahoo taba ea hore monna enoa ha a tsamaee le Jesu ha e bolele hore ke mohanyetsi oa Jesu kapa o etelletsa pele bolumeli ba bohata. Ho hlakile hore monna enoa o na le tumelo ho Jesu ’me seo Jesu a se buang se bontša hore a ke ke a lahleheloa ke moputso oa hae.

Ka lehlakoreng le leng, e ne e ka ba ntho e tebileng haeba monna eo a ne a ka khopisoa ke mantsoe kapa liketso tsa baapostola. Joale Jesu o re: “Mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang, ho ne ho tla ba molemo haeba leloala le kang le sothoang ke esele le ne le ka tlamelloa molaleng oa hae ’me a lahleloa ka leoatleng.” (Mareka 9:​42) Kahoo, Jesu o re barutuoa ba hae ba lokela hore ba tlose esita le ntho eo e leng ea bohlokoa joaloka letsoho, leoto kapa leihlo haeba le etsa hore ba khoptjoe. Ho betere ha motho a ka lahleheloa ke ntho ea bohlokoa hakaalo ’me a kena ’Musong oa Molimo ho e-na le ha a ka tšoarella ho eona ’me a qetella a le Gehena (Phula ea Hinome). E ka ’na eaba baapostola ba tloaelane le khohlo ena e haufi le Jerusalema moo lithole li chesetsoang teng, ’me e ka ’na eaba baa utloisisa hore ha ho buuoa ka eona ho buuoa ka timetso ea ka ho sa feleng.

Kahoo Jesu o boetse oa ba eletsa o re: “Iponeleng hore le se ke la nyelisa e mong oa ba banyenyane bana, etsoe kea le bolella hore mangeloi a bona leholimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate.” Batho ba banyenyane joalo ke ba bohlokoa hakae ho Ntate? Jesu o ba phetela ka monna ea nang le linku tse 100 ’me a lahleheloa ke e le ’ngoe. Monna enoa o siea tse 99 o il’o batlana le e le ’ngoe e lahlehileng. Ha a e fumana, o e thabela ho feta tse 99 tse neng li sa lahleha. Joale Jesu o re: “Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”​—Matheu 18:​10, 14.

Mohlomong a ntse a nahanne ka khang eo barutuoa ba hae ba neng ba phehisane ka eona ea hore na ke mang e moholo har’a bona, Jesu oa ba khothaletsa o re: “Le be le letsoai ka ho lona, ’me le boloke khotso mahareng a lona.” (Mareka 9:​50) Letsoai le etsa hore lijo li be monate. Letsoai la tšoantšetso leo Jesu a buang ka lona le etsa hore seo motho a se buang se amohelehe haholoanyane ’me sena se ka etsa hore khotso e be teng, e leng seo ho pheha khang ho ke keng ha se etsa.​—Bakolose 4:6.

Ka linako tse ling ho tla phahama litsekisano tse kholo ’me Jesu oa ba joetsa hore na ha li hlaha ba tle ba etse’ng. Jesu o re: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno.” Joale ho thoeng haeba a sa mamele? Jesu oa eletsa o re: “U nke a le mong kapa ba bang ba babeli, e le hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo.” Haeba seo se sa rarolle bothata, ba lokela hore ba buisane le phutheho, e leng baholo ba tšoanelehang ba ka fanang ka qeto. Ho thoe’ng haeba moetsalibe eo a ntse a sa mamele? Jesu o re: “Ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho,” e leng batho bao Bajuda ba sa itsoakanyeng le bona.​—Matheu 18:​15-17.

Baholo ba phutheho ba lokela ho khomarela Lentsoe la Molimo. Haeba ba fumana hore motho o molato ebile o hloka ho khalemeloa, kahlolo eo ba mo fang eona e tla be e ‘tlamiloe le leholimong.’ Leha ho le joalo, haeba ba fumana motho a se molato, kahlolo ea hae e tla be e ‘lokolotsoe leholimong.’ Tataiso ena eo Jesu a fanang ka eona e tla ba ea bohlokoa ha phutheho ea Bokreste e se e thehiloe. Nakong ena eo ho ntseng ho hlahlojoa litaba tsa bohlokoa joaloka tsena, Jesu o re: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.”​—Matheu 18:​18-20.