Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 36

Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla

Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla

MATHEU 8:​5-13 LUKA 7:​1-10

  • LEKHOBA LA MOLAOLI OA SESOLE LEA PHEKOLOA

  • BA NANG LE TUMELO BA TLA HLOHONOLOFATSOA

Ka mor’a Thuto ea Thabeng, Jesu o ea motseng oa Kapernauma. Ha a fihla ho na le baholo ba bang ba Bajuda ba batlang ho bua le eena. Ba romiloe ke monna e mong oa boemo bo fapaneng le ba bona, ke molaoli oa sesole sa Roma ea laolang masole a lekholo.

Lekhoba la molaoli oa sesole le kulela lefu. Le hoja molaoli enoa oa sesole e le molichaba, o kopa thuso ho Jesu. Bajuda ba bolella Jesu hore monna enoa oa lekhoba “o robalitsoe ka tlung o shoele litho.” Mohlomong monna enoa o opeloa haholo. (Matheu 8:6) Baholo ba Bajuda ba hlalosetsa Jesu hore na ke hobane’ng ha molaoli enoa a lokela ho thusoa. Ba re: “O rata sechaba sa rona ’me o re hahetse synagoge.”​—Luka 7:​4, 5.

Jesu o tsoa le baholo bana ba ea ha molaoli enoa oa lebotho. Ha ba le haufi le ntlo, molaoli oa lebotho o roma metsoalle ea hae hore e re ho Jesu: “Mohlomphehi, u se ke oa tšoenyeha, kaha ha ke tšoanelehe hore u kene tlas’a marulelo a ka. Ka lebaka leo ha kea ka ka inka ke tšoaneleha ho tla ho uena.” (Luka 7:​6, 7) Mantsoe ana a bontša boikokobetso bo tsotehang, haholo-holo ha a buuoa ke motho ea lulang a laela ba bang. Sena sea bontša hore o fapane le Baroma ba tšoarang makhoba a bona hampe.​—Matheu 8:9.

Molaoli enoa oa lebotho o tseba hantle hore Bajuda ha ba rate ho kopana le batho bao e seng Bajuda. (Liketso 10:28) Joale, mohlomong o nahanne ka taba ena ha a kopa motsoalle oa hae hore e re ho Jesu: “Bua lentsoe, ’me mohlanka oa ka a ke a fole.”​—Luka 7:7.

Jesu oa hlolloa ha a utloa mantsoe ana, kahoo o re: “Kea le bolella, esita le Iseraele ha kea fumana tumelo e kholo hakaalo.” (Luka 7:9) Ha metsoalle ea molaoli oa lebotho e khutlela ho eena, e fumana lekhoba le neng le kula le folile.

Ha Jesu a qeta ho folisa lekhoba lena, oa hlakisa hore batho bao eseng Bajuda empa ba e-na le tumelo ba tla hlohonolofatsoa. O re: “Ba bangata ba tsoang likarolong tse ka bochabela le likarolong tse ka bophirimela ba tla tla ’me ba otle ka lehlakore tafoleng le Abrahama le Isaka le Jakobo ’Musong oa maholimo, athe bara ba ’Muso ba tla lahleloa lefifing ka ntle. Ke moo ho lla ha bona le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.”​—Matheu 8:​11, 12.

Kahoo, ha Bajuda ba sa amohele monyetla oo ba u fuoang pele ho balichaba oa ho ba karolo ea ’Muso oa Kreste, ba tla lahloa. Leha ho le joalo, balichaba ba tla amoheloa ’me ba otle ka lehlakore tafoleng, “ ’Musong oa maholimo.”