Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 48

Esita le Batho ba Nazaretha ha ba mo Amohele le Hoja a Etsa Mehlolo

Esita le Batho ba Nazaretha ha ba mo Amohele le Hoja a Etsa Mehlolo

MATHEU 9:​27-34; 13:​54-58 MAREKA 6:​1-6

  • JESU O PHEKOLA LIFOFU LE LIMUMU

  • BATHO BA NAZARETHA HA BA MO AMOHELE

Esale Jesu a le maphatha-phathe ho tloha ha letsatsi lena le qala. Ka mor’a hore a khutle Dekapolise, o phekotse mosali ea nang le phallo ea mali hape a tsosa morali oa Jairuse. Leha ho le joalo, ho sa na le mosebetsi o mo tjametseng. Ha Jesu a tloha ha Jairuse, banna ba babeli ba lifofu baa mo latela ba ntse ba hoelehetsa ba re: “Re hauhele, Mora oa Davida.”​—Matheu 9:27.

Taba ea hore banna bana ba bitsa Jesu “Mora oa Davida,” e bontša hore baa lumela hore Jesu ke mojalefa oa terone ea Davida le hore ke Mesia. Ho bonahala Jesu a iphapanyelitse sello sa banna bana, mohlomong e le ho bona hore na ba tla mo qophella kapa che. Leha a kena ka tlung, banna bana ba kena ba mo setse morao. Jesu oa ba botsa o re: “Na le na le tumelo ea hore nka etsa see?” Ba mo araba ka phatla e phahameng ba re: “E, Morena.” Jesu o thetsa mahlo a bona o re: “Ho ke ho le etsahalle ho ea ka tumelo ea lona.”​—Matheu 9:​28, 29.

Hang-hang ba qala ho bona! Joale Jesu o ba fa litaelo tse tšoanang le tseo a ileng a li fa ba bang. O re ba se ke ba bolella batho ka seo a ba etselitseng sona. Leha ho le joalo, banna bana ba sitoa ho boloka taba ena e le pinyane, kahoo ba tsamaea ba bua ka eena hohle.

Ha banna bana ba babeli ba tsamaea, batho ba tlisa monna ea sa khoneng ho bua hobane a kenoe ke modemona. Jesu o leleka modemona eo ’me hang-hang monna enoa o qala ho bua. Letšoele lea tsota le re: “Le ka mohla ha ho e-s’o bonoe ntho leha e le efe e joaloka ena Iseraele.” Bafarisi le bona ba teng har’a letšoele lena. Kaha ba sitoa ho latola hore mehlolo ea Jesu e fela e etsahetse, ba mo qosa hape ka hore mohloli oa matla a hae ke o fosahetseng. Ba re: “O leleka bademona ka ’musi oa bademona.”​—Matheu 9:​33, 34.

Nakoana ka mor’a moo, Jesu o khutlela ha habo Nazaretha ’me lekhetlong lena o tsamaea le barutuoa ba hae. Jesu o kile a ruta ka synagogeng ea moo nako e ka etsang selemo e fetileng. Qalong batho ba ne ba hloletsoe ha ba utloa a ruta, empa hamorao ba ile ba khopisoa ke seo a ileng a se bua eaba ba leka ho mo bolaea. Jesu o boetse o leka ho thusa batho bana ba habo.

Le lekhetlong lena o ea Synagogeng ka Sabatha hore a rute. Ba bangata ba hloletsoe ebile baa botsa ba re: “Monna eo o fumane bohlale boo le mesebetsi ee e matla hokae? Na eo hase mora oa ’metli oa mapolanka? Na ’m’ae ha a bitsoe Maria, ’me na barab’abo ha ba bitsoe Jakobo le Josefa le Simone le Judase? Le baralib’abo, na kaofela ha ba ’moho le rona? Joale, monna eo o fumane lintho tsee tsohle hokae?”​—Matheu 13:​54-56.

Batho bana ba nka hore Jesu ke motho feela makhetha! Ba mo bone ha a ntse a hola, kahoo baa ipotsa hore na ho tla joang hore ebe ke Mesia. Ho sa tsotellehe bopaki bohle boo Jesu a faneng ka bona ho akarelletsa bohlale ba hae le mehlolo eo a e entseng, ba ntse ba sa kholoe. Esita le beng ka eena ha ba amohele hore ke Mesia hobane feela e le motho eo ba mo tloaetseng. Kahoo Jesu o re: “Moprofeta ha a hlompholloe haese sebakeng sa habo le ka tlung ea hae.”​—Matheu 13:57.

Jesu o makaletse kamoo ba se nang tumelo kateng. Kahoo ha a etse mehlolo sebakeng sena, “haese ho beha matsoho holim’a ba seng bakae ba likulane le ho ba phekola.”​—Mareka 6:​5, 6.