Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 44

Jesu o Khutsisa Sefefo Leoatleng

Jesu o Khutsisa Sefefo Leoatleng

MATHEU 8:​18, 23-27 MAREKA 4:​35-41 LUKA 8:​22-25

  • JESU O KHUTSISA SEFEFO LEOATLENG LA GALILEA

Jesu o hoehlile letsatsi lohle ’me o khathetse. Ha shoalane e tšoara, o re ho barutuoa ba hae: “A re tšeleleng lebopong le leng,” e leng sebaka se ka mose ho leoatle ha ba le Kapernauma.​—Mareka 4:35.

Naha ea Bagerasa e lebopong lena le ka bochabela ho Leoatle la Galilea. Sebaka sena ke karolo ea metse ea Dekapolise. Setso sa Bagerike ke sona se hlaheletseng sebakeng sena le hoja ho e-na le Bajuda ba bangata ba lulang moo.

Ho na le batho ba bonang Jesu ha a tloha Kapernauma. Ho na le likepe tse ling tse tlohang le sekepe seo a se palameng ha a tšela leoatle. (Mareka 4:​36) Ho tšela Leoatle la Galilea ha ho nke nako e telele. Leoatle la Galilea le tšoana le letša le leholo le nang le metsi a hloekileng ’me le bolelele ba lik’hilomithara tse 21 le bophara ba lik’hilomithara tse 12. Leha ho le joalo le tebile.

Le hoja Jesu a phethahetse, hoa utloahala hore ebe o khathetse ka mor’a ho sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa boboleli. Joale ka mor’a hore ba tlohe, Jesu o fetela karolong e ka morao ea sekepe ’me o ea le sephume sa boroko.

Ho na le lithaba tse pota-potileng Leoatle la Galilea. Hangata metsi a leoatle lena a futhumetse. Leha ho le joalo, ka linako tse ling moea o batang o tsoang lithabeng o theohela tlaase ebe ha o kopana le metsi a futhumetseng a leoatle, ho tsoha sefefo se matla. Le hoja barutuoa ba Jesu ba ’maloa ba tseba ho sesisa likepe, leeto lena le ba boima. Ho fela ho tsoha sefefo se matla ’me maqhubu a khahlellana sekepeng, joale “se qala ho tlala metsi ’me ba ba kotsing.” (Luka 8:​23) Jesu eena o ntse a ile le sephume sa boroko.

Banna bana ba hoehla ka thata ho leka ho tsitsisa sekepe. Ba leka ho phunyeletsa har’a maqhubu le lifefo ba sebelisa boiphihlelo boo ba nang le bona. Leha ho le joalo, monongoaha ha se ngoahola. Kaha baa bona hore lefu le ba tjametse, ba hoeletsa Jesu ba re: “Morena, re pholose, re makhatheng a ho timela!” (Matheu 8:​25) Barutuoa ba tšohile hore sekepe se tl’o teba ka bona.

Ha Jesu a tsoha o re ho baapostola ba hae: “Ke hobane’ng ha le le boi, lona ba nang le tumelo e nyenyane?” (Matheu 8:​26) Joale Jesu o khalemela moea le leoatle o re: “Thola! Khutsa!” (Mareka 4:​39) Moea o matla oa emisa ’me leoatle lea khutsa. (Ha Mareka le Luka ba bua ka pale ena e tsotehang, ba qala ka ho pheta kamoo Jesu a khutsisang sefefo ka mohlolo ebe ba qetella ka ho bua ka tumelo e fokolang ea barutuoa.)

U se u ka inahanela hore na mohlolo ’ona o etsa hore barutuoa ba Jesu ba ikutloe joang. Ba qeta ho bona ha leoatle le neng le befile le thola tu! Joale ba otloa ke letsoalo ka tsela e sa tloaelehang. Baa botsana ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, hobane esita le moea le leoatle lia mo mamela?” Ba fihla ka lehlakoreng le leng la leoatle ba sireletsehile. (Mareka 4:​41–5:1) Mohlomong likepe tse ling li ile tsa khona ho khutlela lebopong le ka bophirimela.

Ke taba e khothatsang e le kannete hore ebe Mora oa Molimo o na le matla a ho laola maemo a leholimo! Ha Jesu a se a busa lefatše, batho bohle ba tla lula ba sireletsehile kaha likoluoa tsa tlhaho li ke ke tsa hlola li e-ba teng.