Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 21

Jesu o Synagogeng Nazaretha

Jesu o Synagogeng Nazaretha

LUKA 4:​16-31

  • JESU O BALA MOQOLO OA ESAIA

  • BATHO BA NAZARETHA BA LEKA HO BOLAEA JESU

Ho hlakile hore batho ba Nazaretha ba thabile. Jesu e ne e le ’metli oa mapolanka pele a kolobetsoa ke Johanne nakong e ka etsang selemo e fetileng. Hona joale e se e le monna ea khonang ho etsa mehlolo. Batho ba lulang sebakeng sena ba tatetse ho bona ha a etsa mehlolo.

Kaha Jesu o tloaetse ho ea synagogeng, batho ba Nazaretha ba mo lebelletse moo ka tjantjello e kholo. Synagogeng hoa rapeloa ebe ho baloa meqolo ea Moshe joalokaha e le tloaelo ho etsa joalo “lisynagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.” (Liketso 15:​21) Ho boetse ho baloa likarolo tse buang ka boprofeta. Ha Jesu a ema a il’o bala, e tlameha ebe o bona lifahleho tse ngata tseo a hotseng a li bona ka synagogeng. Ha a fuoa moqolo oa moprofeta Esaia, o batla moo ho buuoang ka ea tlotsitsoeng ka moea oa Jehova. Litemana tsena kajeno re ka li fumana ho Esaia 61:​1, 2.

Jesu o bala moo ho buuoang ka hore motlotsuoa enoa o tla phatlalatsa tokoloho ho ba isitsoeng kholehong, a tutubolle lifofu le hore a phatlalatse selemo sa Jehova sa kamohelo. Ha Jesu a qeta, o fa mohlokomeli moqolo empa batho bohle ba ntse ba mo shebile ka tjantjello. Mohlomong joale Jesu o bua le bona haholoanyane. Har’a lintho tseo a li buang, o ba bolella mantsoe a bohlokoa a reng: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”​—Luka 4:21.

Batho ba hlolletsoe ke “mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae” kahoo ba re: “Enoa ke mora oa Josefa na ha ho joalo?” Ha Jesu a bona hore ba batla a etse mehlolo e tšoanang le eo ba utloetseng ka eona, o re ho bona: “Ha ho pelaelo hore le tla sebelisa papiso ena ho ’na, ‘Ngaka, iphekole; lintho tseo re utloileng hore li etsahetse Kapernauma li etse le mona sebakeng sa heno.’ ” (Luka 4:​22, 23) Batho bana bao e neng e le baahisane ba Jesu ba lumela hore o lokela ho phekola batho ba habo pele. Kahoo, e ka ’na eaba ba utloa Jesu a ba nyelisitse ha a bua mantsoe ana.

Jesu o ba etsetsa mohlala ka lintho tse ileng tsa etsahala Iseraele mehleng ea pele hobane a bona hore na ba nahanne’ng. O ba bolella hore ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata mehleng ea Elia, leha ho le joalo Elia ha aa ka a romeloa le ho ea mong oa bona. Ho e-na le hoo, o ile a ea ho mohlolohali eo e seng Moiseraele ea lulang Sarepta, e leng motse o haufi le Sidone. (1 Marena 17:​8-16) Le mehleng ea Elisha, ho ne ho e na le balepera ba bangata Iseraele empa moprofeta enoa o ile a hloekisa Naamane oa Mosyria feela. ​—2 Marena 5:​1, 8-14.

Ebe batho ba habo Jesu ba etsa’ng ha ba utloa mehlala ee e senolang hore ke baithati ba se nang tumelo? Batho ba ka synagogeng ba ema ba halefile ’me ba qhobela Jesu kantle ho motse. Ba mo isa lintšing tsa thaba eo motse oa Nazaretha o hahuoeng ho eona, ’me ba leka ho mo lihela lilomong tsa eona. Leha ho le joalo, Jesu oa chophola ’me o tsoa a se na le mongoapo. Joale Jesu o theohela Kapernauma pel’a Leoatle la Galilea.