Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 64

Ho Tšoarelana

Ho Tšoarelana

MATHEU 18:​21-35

  • NA U LOKELA HO TŠOARELA KA MAKHETLO A SUPILENG?

  • PAPISO EA LEKHOBA LE SE NANG MOHAU

Petrose o utloile keletso ea Jesu ea hore ha batho ba na le liqhoebeshano ba lokela hore ba buisane ka taba eo ba le babeli. Leha ho le joalo, ho bonahala Petrose a batla ho tseba hore na o lokela ho etsa boiteko boo ka makhetlo a makae.

Petrose oa botsa o re: “Morena, ke ka makhetlo a makae mor’eso a lokelang ho ntšiteloa ’me ke mo tšoarele? Ho fihlela makhetlong a supileng?” Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba re motho o lokela ho tšoarela e mong ka makhetlo a mararo. E ka ’na eaba Petrose o utloa a tla be a etsa ntho e tsotehang ha a tšoarela mor’abo ka makhetlo a supileng.​—Matheu 18:21.

Leha ho le joalo, Jesu ha a rute hore batho ba boloke tlaleho ea bobe. Kahoo, o soaea Petrose mohlahare o re: “Ke re ho uena, eseng, ho fihlela makhetlong a supileng, empa, ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” (Matheu 18:​22) Ka mantsoe a mang, Jesu o re a tšoarele ka makhetlo a se nang palo. Petrose haa lokela ho ipehela moeli oa hore na o tšoarela bara ba bo ka makhetlo a makae.

Jesu o phetela Petrose le ba bang papiso e le ho hatisa hore ba tlameha ho tšoarela ba bang. Papiso ena e bua ka lekhoba le sitoang ho etsisa mong’a lona ea mohau. Morena o batla ho buisana le makhoba a hae ka chelete eo ba mo kolotang eona. Lekhoba le leng le mo kolotang chelete e ngata e ka etsang litalenta tse 10 000 [lidenari tse 60 000 000] le tlisoa ho eena. Ho hlakile hore le ke ke la khona ho lefa sekoloto sena. Kahoo, morena o laela hore lekhoba lena le rekisoe hammoho le mosali oa lona le bana ba lona e le hore le ka lefa sekoloto sa lona. Joale lekhoba le itihela maotong a mong’a lona ’me lea mo kopa le re: “U se ke ua mphella pelo ke tla u lefa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”​—Matheu 18:26.

Morena enoa oa le hauhela ’me o le hlakolela sekoloto sena se tšosang. Hang ka mor’a ho hlakoleloa sekoloto, lekhoba lena lea tsamaea ’me le fumana lekhoba ’moho le lona le le kolotang lidenari tse 100. Le tšoara lekhoba ’moho le lona ’me le qalella ho le khama, le re: “Lefa eng kapa eng eo u e kolotang.” Empa lekhoba lena le leng le itihela maotong a lekhoba le le alimileng chelete, lea le kopa le re: “U se ke ua mphella pelo ke tla u lefa.” (Matheu 18:​28, 29) Leha ho le joalo, lekhoba lena le ileng la hlakoleloa sekoloto ke morena, ha le etsise mong’a lona. Le akhela lekhoba ’moho le lona teronkong ho fihlela le ka le lefa le hoja le le kolota chelete e nyane haholo.

Joale, Jesu o re makhoba a mang a boneng tsela e mpe eo lekhoba lena le tšoereng le leng ka eona, aa tloha ’me a il’o bolella morena. Ka mor’a moo, morena o bitsa lekhoba lena ka khalefo o re: “Lekhoba le khopo, ke u hlakoletse molato oo kaofela, ha u ne u nkopa ka tieo. Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena, joalokaha le ’na ke u hauhetse?” Ka khalefo, morena o re lekhoba lena le akheloe teronkong ho fihlela le khona ho lefa mokoloto oohle oa lona. Jesu o qetella ka ho re: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lona ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lona.”​—Matheu 18:​32-35.

Eo ke thuto ea bohlokoa hakaakang eo re lokelang ho ithuta eona ka ho tšoarela ba bang! Molimo o re tšoaretse sekoloto se seholohali sa sebe. Ntho le ha e le efe eo Mokreste ’moho le rona a re siteloang ka eona, e nyane papisong le seo Molimo a re tšoaretseng sona. Ho feta moo, Jehova ha a re tšoarele hanngoe feela empa o re tšoarela ka makhetlo a likete. Na ha rea lokela ho tšoarela bara le barali ba bo rona ka makhetlo a ’maloa le ha re e-na le mabaka a ho tletleba? Joalokaha Jesu a ile a ruta Thutong ea Thabeng, Molimo o tla re tšoarela “melato ea rona, joalokaha le rona re tšoaretse ba nang le melato ho rona.”​—Matheu 6:​12.