Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 35

Thuto ea Thabeng

Thuto ea Thabeng

E tlameha ebe Jesu o khathetse ka mor’a ho qeta bosiu bohle a rapela le ho khetha baapostola ba 12. Ke letsatsi le hlahlamang empa o ntse a e-na le matla le tabatabelo ea ho thusa batho. O mosikong oa thaba e Galilea mohlomong haufi le Kapernauma, e leng moo a qetang boholo ba nako teng.

Batho ba bangata ba tsoang hole ba tlile ho eena. Ba bang ba tsoa Jerusalema ka boroa le libakeng tse ling tsa Judea. Ba bang ba tsoa Tyre le Sidone ka leboea-bophirimela e leng metse e lebopong. Ke hobane’ng ha ba tla ho Jesu? Ba batla ho mo “utloa le ho folisoa maloetse a bona.” Ke sona seo Jesu a se etsang, o ba “folisa kaofela.” Ak’u nahane feela! Batho bohle ba kulang baa folisoa. Jesu o thusa le ba “khathatsoang ke meea e sa hloekang,” ba hlorisoang ke mangeloi a khopo a Satane.​—Luka 6:​17-19.

Jesu o fumana sebaka se motsitsa mosikong oa thaba ’me batho ba bangata baa mo pota-pota. Mohlomong barutuoa ba hae ba lutse kapele-pele, haholo-holo baapostola ba 12. Batho bohle ba malala-a-laotsoe ho mamela mosuoe enoa ea khonang ho etsa lintho tse hlollang. Jesu o ruta bamameli ba hae lithuto tse ba tsoelang molemo. Haesale lithuto tseo li tsoela batho ba bangata molemo. Le rona re ka rua molemo ho tsona hobane li bonolo ebile li hlakile. Jesu o bua ka lintho tse tloaelehileng le tseo batho ba li utloisisang. Kahoo, sena se etsa hore batho bohle ba batlang ho khahlisa Molimo ba utloisise lithuto tsa hae. Ke lintho life tseo Jesu a buileng ka tsona Thutong ea Thabeng tse etsang hore e be ea bohlokoa hakaale?

KE BO-MANG BA THABILENG E LE KANNETE?

Motho e mong le e mong o batla ho thaba. Kaha Jesu o tseba sena, o qala ka ho hlalosa hore na ke bo-mang ba thabileng e le kannete. U ka inahanela hore na taba ena e hapa thahasello ea bamameli ba hae hakae. Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo e tlamehang ebe lia ba makatsa.

Jesu o re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona. Ho thaba ba siameng, kaha ba tla tšelisoa. . . . Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa. . . . Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka, kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona. Ho thaba lona ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa . . . ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlole ke thabo.”​—Matheu 5:​3-12.

Jesu o bolela’ng ha a bua ka ho “thaba”? Ha a bue ka motho ea nyakaletseng kapa ea natefetsoeng joalokaha eka o boithabisong. Thabo ea ’nete e feta seo kaha e akarelletsa ho khotsofala e le kannete.

Jesu o re batho ba batlang ho ba metsoalle ea Molimo, ba tšoenyehang ka hore ebe ke baetsalibe le ba batlang ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa ke bona ba thabileng e le kannete. Leha ba hlouoe kapa ba hlorisoa ka lebaka la ho etsa thato ea Molimo, baa thaba hobane baa tseba hore ba khahlisa Molimo, ’me o tla ba putsa ka bophelo bo sa feleng.

Ka bomalimabe, batho ba bangata ba nahana hore ha ba ruile le ha ba phelela menate ba tla thaba. Jesu ha a lumellane le taba ena. O bua ka taba e ’ngoe e etsang hore bamameli ba hae ba inahane. O re: “Ho malimabe lona barui, hobane le se le e-na le matšeliso a lona ka botlalo. Ho malimabe lona ba khotšeng hona joale, hobane le tla lapa. Ho malimabe, lona ba tšehang hona joale, hobane le tla siama ’me le lle. Ho malimabe lona, neng kapa neng ha batho bohle ba le bua hantle, kaha lintho tse kang tsena ke tsona tseo baholo-holo ba bona ba ileng ba li etsa baprofeta ba bohata.”​—Luka 6:​24-26.

Ke hobane’ng ha ho rua, ho tšeha le ho buuoa hantle ke batho ho tlisa bomalimabe? Ke hobane haeba motho a e-na le lintho tsena a bile a li rata, a ka ’na a nyahlatsa ho sebeletsa Molimo hobane feela a nahana hore o tla thaba e le kannete. Jesu ha a bolele hore ho futsaneha kapa ho lapa ho etsa hore motho a thabe. Hangata ke batho ba futsanehileng ba mamelang lithuto tsa Jesu, ’me ba hlohonolofatsoa ka thabo ea ’nete.

Joale Jesu o re: “Le letsoai la lefatše.” O bua sena a nahanne ka barutuoa ba hae. (Matheu 5:​13) Ho hlakile hore ha a re ke letsoai la sebele. Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa ke hore letsoai le etsa hore lijo li se ke tsa bola. Le bolokoa ka bongata pel’a aletare ea Molimo ka tempeleng e le hore le ka noka mahlabelo. Le boetse le tšoantšetsa ntho e sa bolang kapa e sa senyehang. (Levitike 2:​13; Ezekiele 43:​23, 24) Barutuoa ba Jesu ke “letsoai la lefatše” kaha ba thusa batho hore setsoalle sa bona le Molimo se se ke sa senyeha le hore ba se ke ba ba le mekhoa e mebe. Molaetsa oa bona o ka pholosa bophelo ba batho ba o mamelang.

Jesu o boetse o re ho barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” Lebone ha le behoe tlas’a baskete empa le behoa holim’a seluloana sa lebone moo khanya ea lona e ka bonahalang. Jesu oa ba lemosa o re: “Leseli la lona le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lona e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lona ea maholimong.”​—Matheu 5:​14-16.

JESU O RUTA BALATELI BA HAE HO HLOMPHA MELAO HAHOLOANYANE

Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba nka Jesu e le setloli sa Molao oa Molimo kahoo ba loha leano la ho mo bolaea. Ka lebaka leo, Jesu o bua moo bohle ba ntseng ba utloa o re: “Le se ke la nahana hore ke tlil’o felisa Molao kapa Baprofeta. Ha kea tlela ho felisa, empa ho phethahatsa.”​—Matheu 5:17.

Jesu o hlompha Melao ea Molimo haholo ebile o khothalletsa batho bohle ho e hlompha. O re: “Mang kapa mang ea tlolang e ’ngoe ea litaelo tsena tse nyenyane ’me a ruta moloko oa batho ho etsa seo, o tla bitsoa ‘e monyenyane’ kamanong le ’Muso oa maholimo.” O bolela hore motho ea joalo a ke ke a kena ’Musong oa Molimo. O tsoela pele o re: “Ha e le mang kapa mang ea li etsang le ho li ruta, enoa o tla bitsoa ‘e moholo’ kamanong le ’Muso oa maholimo.”​—Matheu 5:19.

Jesu o hloile esita le boikutlo bo ka etsang hore motho a tlole Molao oa Molimo. Ka mor’a hore a qotse Molao o reng “u se ke oa bolaea,” o boetse o re: “E mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella lekhotleng la toka.” (Matheu 5:​21, 22) Ho kotsi hore motho a lule a halefetse e mong hobane ho ka qetella ka hore ho be le lipolaeano. Ke kahoo Jesu a tsoelang pele ho hatisa bohlokoa ba ho bopa khotso ka ho re: “Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe, etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”​—Matheu 5:​23, 24.

Molao o mong oa Molimo o khahlanong le bofebe. Jesu o re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke oa feba.’ Empa ke re ho lona e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:​27, 28) Jesu ha a bue feela ka ha motho a nahana lintho tse litšila, empa o hatisa hore na ke ntho e tebileng hakae ha motho a “tsoela pele ho sheba.” Ha motho a tsoela pele ho sheba a ka ba le takatso e matla, kahoo ha monyetla o hlaha a ka etsa bohlola. Motho a ka qoba see joang? Ho hlokahala hore motho a itšireletse ka thata. Jesu o re: “Haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hole le uena. . . . Haeba letsoho la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le khaole ’me u le lahlele hole le uena.”​—Matheu 5:​29, 30.

Batho ba bang ba ile ba tela setho sa ’mele se kulang e le hore ba pholose bophelo ba bona. Kahoo Jesu o bontša hore ho bohlokoa ho ‘lahlela hole’ eng kapa eng e ka etsang hore motho a nahane ka lintho tse litšila, ho sa tsotellehe hore na ke ntho ea bohlokoa joaloka leihlo kapa letsoho. Jesu o re: “Ho molemo haholo ho uena hore u lahleheloe ke se seng sa litho tsa hao ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o qetelle o le Gehena” (thotobolo eo ho neng ho chesetsoa toti ho eona ka thoko ho marako a Jerusalema), e leng se bolelang ha motho a shoa ʼme a ke ke a tsoha bafung.

Jesu o fana ka keletso ea hore na motho a ka sebelisana joang le batho ba khopisang le ba ntšang ba bang kotsi. O re: “U se ke oa hanyetsa ea khopo, empa mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng.” (Matheu 5:​39) Sena ha se bolele hore motho a ke ke a itšireletsa kapa a sireletsa lelapa la hae ha le hlaseloa. Jesu o bua ka ho jabela e leng ntho e sa etsoeng ka sepheo sa ho hlahisa motho kotsi kapa ho mo bolaea empa e etsoa ka sepheo sa ho nyelisa motho. Seo a se bolelang ke hore haeba motho a u qholotsa a batla ntoa kapa a pheha khang, ebang oa u jabela kapa oa u rohaka, u se ke oa iphetetsa.

Keletso ena e lumellana le Molao oa Molimo o reng motho a rate moahelani oa hae. Jesu o eletsa bamameli ba hae ka ho re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang, e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lona ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi.”​—Matheu 5:​44, 45.

Jesu o phethela ntlha ea hae ka ho re: “Tumellanong le hoo, le phethahale, joalokaha Ntat’a lona oa leholimo a phethahetse.” (Matheu 5:​48) Ho hlakile hore Jesu ha a bolele hore re ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe joaloka Molimo. Leha ho le joalo, haeba re etsisa Molimo re ka khona ho rata le batho ba re hloileng. Ka mantsoe a mang o re: “Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lona a le mohau.”​—Luka 6:36.

THAPELO LE HO TŠEPA MOLIMO

Jesu o tsoela pele ka thuto ea thabeng ’me o re ho bamameli ba hae: “Hlokomelang hore le se ke la bontša ho loka ha lona ka pel’a batho e le hore le hlokomeloe ke bona.” O nyatsa batho ba ikaketsang, ba batlang ho hlaha ba lokile. O boetse o re: “Ha u il’o etsa limpho tsa mohau, u se ke oa letsa terompeta ka pele ho uena, feela joalokaha baikaketsi ba etsa.” (Matheu 6:​1, 2) Ke hantle hore motho a fane lekunutung.

Ka mor’a moo Jesu o re: “Ha le rapela, le se ke la ba joaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara hore ba bonahale ho batho. . . . Uena, ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring.” (Matheu 6:​5, 6) Ha se hore Jesu o khahlanong le lithapelo tse etsoang har’a batho hobane le eena o na le ho etsa lithapelo tse joalo. Leha ho le joalo, ha a lumellane le lithapelo tse etsetsoang ho khahlisa batho le tseo batho ba li etsang e le hore ba rorisoe.

Jesu o re ho letšoele lena: “Ha u rapela, u se ke oa pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa.” (Matheu 6:7) Ha a bolele hore ho rapella ntho e tšoanang ka makhetlo-khetlo ho phoso. O hatisa taba ea hore ha rea lokela ho tšoara mantsoe ka hlooho ebe re a “pheta-pheta” nako eohle ha re rapela. Joale o ba ruta thapelo ea mohlala e nang le lintho tse supileng tseo ba ka li rapellang. Lintlha tsa pele tse tharo li bua ka tokelo ea Jehova ea ho busa le merero ea hae, ’me tsona ke ho halaletsa lebitso la hae, hore ’Muso oa hae o tle le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Ke ka mor’a hore re rapelle lintho tsena re ka rapellang litlhoko tsa botho tse kang hore re fumane lijo tsa letsatsi ka leng, ho tšoareloa libe, hore re se ke ra lekoa ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li mamella le ho lopolloa ho ea khopo.

Re lokela ho nka maruo e le a bohlokoa hakae? Jesu o eletsa letšoele o re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe.” Taba ena ea utloahala hobane maruo a ka fela ’me ha re batla ho ipokella ka ’ona re ka senya setsoalle sa rona le Molimo. Kahoo Jesu o tsoela pele o re: “Le ipolokele matlotlo leholimong.” Re ka etsa joalo ka hore ho sebeletsa Molimo e be eona ntho e tlang pele ho rona. Ha ho na motho ea ka re amohang setsoalle sa rona le Molimo hammoho le moputso oa ho phela ka ho sa feleng. Mantsoe ana a Jesu ke ’nete: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.”​—Matheu 6:​19-21.

Jesu o hatisa ntlha ena ka ho etsa papiso. O re: “Lebone la ’mele ke leihlo. Joale, haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya, empa haeba leihlo la hao le le khopo, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifi.” (Matheu 6:​22, 23) Ha mahlo a rona a sheba lintho tse nepahetseng, ho joalokaha eka ’mele oohle oa rona o khantšitsoe. E le hore seo se etsahale, mahlo a rona a lokela ho talima nģa e le ’ngoe. Haeba re sa etse joalo, re ke ke ra tseba hore na ke lintho life tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Ha motho a lula a nahana ka ho ba le chelete e ngata ho e-na le ho sebeletsa Jehova, ‘ ’mele oohle oa hae o tla ba lefifi,’ mohlomong a ka iphumana a entse lintho tse bontšang hore ha a tšepahale.

Jesu o etsa mohlala o hlakileng o re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli, kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”​—Matheu 6:24.

E ka ’na eaba bamameli ba bang ba Jesu baa ipotsa hore na ba lokela ho nka maruo joang. Kahoo Jesu oa ba tiisetsa hore ha baa lokela ho tšoenyeha ka letho hafeela ho sebeletsa Molimo ho tla pele bophelong ba bona. O re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo, ho ntse ho le joalo Ntat’a lona oa leholimo oa li fepa.”​—Matheu 6:26.

Jesu o boetse o bua ka limela tsa naha o re: “Esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena.” See se bontša’ng? O re: “Haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa.” (Matheu 6:​29, 30) Jesu o eletsa bamameli ba hae o re: “Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ . . . Ntat’a lona oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. “Joale, le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”​—Matheu 6:​31-33.

U KA FUMANA BOPHELO BO SA FELENG JOANG?

Baapostola le batho ba bang ba tšepahalang ba batla ho phela ka tsela e khahlisang Molimo empa ha ho bonolo ho etsa joalo ho latela maemo a bona. Bafarisi ba bangata ba nyatsa batho ba bang le ho ba ahlola ka ho hloka kutloelo-bohloko. Kahoo Jesu o khalemela bamameli ba hae o re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa, kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona.”​—Matheu 7:​1, 2.

Jesu o etsa papiso e bontšang hore ho kotsi ho latela mohlala oa Bafarisi bana ba ratang ho ahlola batho ba bang. O re: “Sefofu se ke ke sa tataisa sefofu se seng, na ha ho joalo? Ka bobeli li tla khothomelletseha ka sekoting, na ha ho joalo?” Joale bamameli ba Jesu ba lokela ho shebana joang? Ha baa lokela ho ahlolana hobane seo se ka ba kotsi ho bona. Jesu oa ba botsa o re: “Ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Mor’eso, ntumelle ke ntše lehlokoa le ka leihlong la hao,’ ha u sa shebe leballo le ka leihlong la hao? Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele, joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa le ka leihlong la mor’eno.”​—Luka 6:​39-42.

Taba ena ha e bolele hore barutuoa ha baa lokela ho ahlola ho hang. Jesu oa ba lemosa o re: “Le se ke la fa lintja se halalelang, kapa la lahlela liperela tsa lona ka pel’a likolobe.” (Matheu 7:6) Lithuto tse tsoang ka Bibeleng li bohlokoa joaloka liperela. Kahoo, haeba batho ba bang ba itšoara joaloka liphoofolo ’me ba sa bontše ba tsotella Lentsoe la Molimo, barutuoa ba lokela ho ba tlohella ba il’o batla batho ba le thabelang.

Jesu o khutlela tabeng ea thapelo, o hatisa bohlokoa ba ho phehella o re: “Le ’ne le kope, ’me le tla fuoa.” Molimo o lula a ikemiselitse ho araba lithapelo, ’me Jesu o hatisa seo ka ho botsa bamameli ba hae hore na ke mang eo e ka reng ha mora oa hae a mo kopa bohobe eaba o mo fa lejoe. Ka mor’a moo o re: “Ka hona, haeba lona, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, Ntat’a lona ea maholimong o tla fana ka lintho tse molemo joalo hakaakang ho ba mo kopang!”​—Matheu 7:​7-11.

Joale Jesu o bua ka molao o tsebahalang ka hore ke Molao oa Khauta, o re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.” Na le rona ha rea lokela ho nka keletso ee e le bohlokoa ’me re e sebelise ha re sebelisana le batho ba bang? Leha ho le joalo, ho mamela keletso ena ho ka ’na ha ba thata. Jesu o re: “Kenang ka heke e moqotetsane, hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e kholo, ’me ba kenang ka eona ba bangata, athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”​—Matheu 7:​12-14.

Ho na le ba tla leka ho khelosa barutuoa, kahoo Jesu oa ba lemosa o re: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang.” (Matheu 7:​15) Jesu o re lifate tse ntle le tse mpe li ka bonahala ka litholoana tsa tsona. Ho tšoana feela le ka batho. Re ka tseba baprofeta ba bohata ka lithuto le liketso tsa bona. Motho ha a tšoanelehe ho ba molateli oa Jesu ka lipuo feela, empa le ka liketso. Batho ba bang ba ipolela hore ke balateli ba Jesu, empa ho tla etsahala’ng ha ba sa etse thato ea Molimo? Jesu o re: “Ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lona ba etsang tlolo ea molao.”​—Matheu 7:23.

Ha a phethela thuto ea thabeng o re: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika. Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo, empa ha ea ka ea heleha, kaha e ne e thehiloe holim’a lefika.” (Matheu 7:​24, 25) Ke hobane’ng ha ntlo eo e sa ka ea heleha? Ke hobane monna eo o ile a “cheka ’me a ea tlaase botebong eaba o beha motheo holim’a lefika.” (Luka 6:​48) Kahoo ho mamela mantsoe a Jesu feela ha hoa lekana. Re lokela ho ikitlaelletsa ho phetha seo a se buileng.

Ho thoe’ng ka ea “utloang lipolelo tsena” empa “a sa li phethe”? O “tšoantšoa le monna oa leoatla, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lehlabathe.” (Matheu 7:​26) Pula, likhohola le meea li ne li ka heletsa ntlo eo.

Bamameli ba Jesu ba hlolletsoe ke tsela eo a ruta’ng ka eona. O ruta joaloka motho ea nang le matla a bolaoli eseng joaloka baeta-pele ba bolumeli. E tlameha ebe ba bangata ba mo mametseng e e-ba balateli ba hae.