Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 16

Jesu o Chesehela Borapeli ba ’Nete

Jesu o Chesehela Borapeli ba ’Nete

JOHANNE 2:​12-22

  • JESU O HLOEKISA TEMPELE

Ha mokete oa lenyalo o Kana o fela, Jesu, ’mè oa hae le barab’abo e leng Jakobo, Josefa, Simone le Judase ba ea Kapernauma.

Ke hobane’ng ha Jesu a ea Kapernauma? Motse ona o botleng ho feta Nazaretha le Kana ebile o moholo. Hape barutuoa ba Jesu ba bacha ba lula teng kapa haufinyane le teng. Kahoo Jesu a ka khona ho ba koetlisetsa ha habo bona.

Jesu o etsa mesebetsi e hlollang ha a le Kapernauma. Batho ba bangata ba lulang moo le ba tsoang libakeng tse haufi le teng ba utloela ka litho tseo a li etsang. Jesu le barutuoa ba hae ke banna ba Bajuda ba chesehang, kahoo ba lokela ho ba teng moketeng oa Paseka Jerusalema ka selemo sa 30.

Ha barutuoa ba Jesu ba le tempeleng Jerusalema, ba hlokomela ntho e hlollang ka Jesu eo esale ba e-s’o ka ba e bona.

Molao oa Molimo o re Baiseraele ba etse mahlabelo ka liphoofolo tempeleng, hape baeti ba hloka lijo ha ba etetse Jerusalema. Joale, Molao o lumella batho ba tlang Jerusalema ba tsoang hole hore ba tle le chelete ea ho reka “likhomo, linku le lipoli” le lintho tse ling tseo ba li hlokang ha ba le Jerusalema. (Deuteronoma 14:​24-26) Kahoo, bahoebi ba Jerusalema ba rekisetsa liphoofolo kapa linonyana hona lebaleng la tempele. Ba bang ba qhekanyetsa batho ka ho ba lefisa chelete e ngata.

Ka khalefo Jesu o qhala chelete ea ba chenchang chelete, o phethola litafole tsa bona ebile o ba lelekella kantle. Ka mor’a moo Jesu o re: “Tlosang lintho tsena mona! Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!”​—Johanne 2:16.

Ha barutuoa ba Jesu ba bona sena ba hopola boprofeta bo buang ka Mora oa Molimo bo reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.” Leha ho le joalo, Bajuda baa botsa: “Ke pontšo efe eo u nang le eona eo u ka re bontšang eona, kaha u etsa lintho tsee?” Ha Jesu araba o re: “Qhaqhang tempele ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”​—Johanne 2:​17-19; Pesaleme ea 69:9.

Bajuda ba nahana hore Jesu o bua ka tempele e Jerusalema kahoo ba re: “Tempele ena e hahiloe ka lilemo tse mashome a manè a metso e tšeletseng, ’me uena u re, u tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?” (Johanne 2:​20) Athe Jesu eena o bua ka tempele e le ’mele oa hae. Lilemo tse tharo hamorao, barutuoa ba Jesu ba hopola mantsoe ana ha Jesu a tsosoa bafung.