Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 15

Jesu o Etsa Mohlolo oa Hae oa Pele

Jesu o Etsa Mohlolo oa Hae oa Pele

JOHANNE 2: 1-12

  • LENYALONG KANA

  • JESU O FETOLA METSI VEINE

E se e le letsatsi la boraro joale Nathanaele e le e mong oa barutuoa ba Jesu ba pele. Jesu o ea seterekeng sa Galilea, motseng ea Kana, mohlomong a e-na le barutuoa ba bang ba hae. Nathanaele o hlahetse motse oo. Kana ke motse o lithabeng o haufi le Nazaretha moo Jesu a holetseng teng. Ba menngoe lenyalong moo.

’Mè oa Jesu le eena o teng lenyalong. Kaha Maria ke motsoalle lelapeng lena, o fuoe boikarabello ba ho hlokomela baeti ba bangata ba tlileng lenyalong. Kapelenyana Maria o hlokomela hore ho na le ntho e haellang, kahoo o tsebisa Jesu hore “ha ba na veine.”​—Johanne 2:3.

Ha e le hantle Maria o kopa hore Jesu a etse ho hong ha e le mona veine e le sieo. Leha ho le joalo, Jesu o re: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?” (Johanne 2:4) Kaha Jesu ke Morena ea khethiloeng ke Molimo, o lokela ho tataisoa ke Ntate oa hae ea leholimong eseng beng ka eena kapa metsoalle. Maria o sebetsa litaba ka masene ’me o tlohella lintho matsohong a mor’a hae empa o re ho batho ba ntseng ba sebetsa: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.”​—Johanne 2:5.

Ho na le linkho tse tšeletseng tsa metsi tse entsoeng ka lejoe, tse boholo ba li lithara tse 40. Jesu o re ho basebetsi: “Tlatsang linkho tsa metsi ka metsi.” Ha ba qeta Jesu o re ho bona: “A kheng joale ’me le a ise ho motsamaisi oa mokete.”​—Johanne 2:​7, 8.

Motsamaisi oa mokete o thabetse veine ena ea boleng bo botle empa ha a tsebe hore e entsoe ka mohlolo. Joale o bitsa monyali o re ho eena: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele, ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.”​—Johanne 2:10.

Mohlolo ona ke oa pele oo Jesu a o etsang. Ha barutuoa ba bacha ba Jesu ba bona mohlolo ona tumelo ea bona ea matlafala. Ka mor’a mokete, Jesu o tsamaea le baena ba hae le ’mè oa hae ba ea motseng oa Kapernauma o lebopong la Leoatle la Galilea.