Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 17

Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu

Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu

JOHANNE 2:​23–3:​21

  • JESU O BUA LE NIKODEMASE

  • HO ‘TSOALOA HAPE’ HO BOLELA’NG?

Ha Jesu a le Jerusalema ka Paseka ea selemo sa 30, o etsa mehlolo e ke keng ea lebaloa. Kahoo batho ba bangata ba lumela ho eena. Monna oa Mofarise ea bitsoang Nikodemase, eo e leng setho sa lekhotla le phahameng la Sanhedrine o hloletsoe. Kaha o batla ho ithuta haholoanyane, o emela hore shoalane e tšoare a tsebe ho ea ho Jesu. O nyonyoba tjena hobane o tšaba hore babusi ba bang ba Bajuda ba tla mo bona ebe botumo ba hae boa senyeha.

Ha a fihla ho Jesu o re: “Rabi, rea tseba hore uena joaloka mosuoe u tlile u tsoa ho Molimo, kaha ha ho ea ka etsang lipontšo tsena tseo u li etsang ntle leha Molimo a e-na le eena.” Jesu o hlalosetsa Nikodemase hore motho o lokela hore a “tsoaloe hape” e le hore a ka kena ’Musong oa Molimo.​—Johanne 3:​2, 3.

Ke joang motho a ka tsoalong hape? Nikodemase oa botsa o re: “A ke ke a kena ka popelong ea ’m’ae ka lekhetlo la bobeli ’me a tsoaloa, na ha ho joalo?”​—Johanne 3:4.

Sena ha se seo Jesu a se bolelang. Ha a mo hlalosetsa o re: “Kannete-nete ke re ho uena, ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi le ka moea, a ke ke a kena ’Musong oa Molimo.” (Johanne 3:5) Ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me moea o halalelang o lula holim’a hae, o ile a tsoaloa “ka metsi le ka moea.” Ka eona nako eo ho ile ha hlaha lentsoe leholimong le reng: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:​16, 17) Ha a bua mantsoe ana, Molimo o ne a phatlalatsa hore Jesu o se a e-na le tšepo ea ho boela a phela leholimong. Hamorao ka pentakonta ea selemo sa 33, moea oa Molimo o halalelang o tla ba holim’a balateli ba bang ba Jesu ba kolobelitsoeng. Kahoo ba tla tsoaloa hape e le bara ba Molimo ba tlotsitsoeng ka moea.​—Liketso 2:​1-4.

Nikodemase ha a utloisise ha Jesu a mo ruta ka ’Muso. Kahoo Jesu o mo bolella ka boikarabelo bo bong bo ikhethang boo a nang le bona e le Mora oa Molimo. O re: “Feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng, kahoo Mor’a motho o tla phahamisoa, e le hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a ka ba le bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 3:​14, 15.

Mehleng ea khale, Baiseraele ba neng ba lonngoe ke linoha ba ne ba lokela ho sheba noha ea koporo e le hore ba ka pholoha. (Numere 21:9) Ka tsela e tšoanang batho bohle ba lokela ho ba le tumelo ho Mora oa Molimo e le hore ba ka pholoha sebe le lefu ’me ba phela ka ho sa feleng. Jesu o hatisa tsela eo Jehova a re ratang ka eona ka ho bolella Nikodemase ho re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​16) Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore Jesu a qale tšebeletso ea hae, oa hlakisa hore ke eena tsela ea hore batho ba pholohe.

Jesu o re ho Nikodemase: “Molimo o rometse Mora oa hae lefatšeng, eseng hore a ahlole lefatše, empa hore lefatše le pholosoe ka eena.” Sena se bolela hore Jesu o ne a sa tlela ho ahlolela batho lefu empa o ne a tletse hore “lefatše le pholosoe ka eena.”​—Johanne 3:17.

Nikodemase o tlile ho Jesu ka mafifi hobane a tšaba batho. Hoa thahasellisa hore Jesu o phethela puisano ea bona ka ho re: “Ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli le tlile lefatšeng empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli, kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo. Etsoe ea tloaetseng ho etsa lintho tse mpe o hloile leseli ’me ha a tle leseling, e le hore mesebetsi ea hae e se ke ea khalemeloa. Empa ea etsang ’nete o tla leseling, e le hore mesebetsi ea hae e ka bonahatsoa e le e sebelitsoeng tumellanong le Molimo.”​—Johanne 3:​19-21.

Ho se ho sallane le Nikodemase hore a nahane ka seo a qetang ho ithuta sona ka Jesu le ka mosebetsi oo a o etsang e le ho phethahatsa morero oa Molimo.