Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 14

Jesu o Etsa Barutuoa

Jesu o Etsa Barutuoa

JOHANNE 1:​29-51

  • BARUTUOA BA PELE BA JESU BA TSAMAEA LE EENA

Ka mor’a matsatsi a 40 Jesu a le lefeelleng, o khutlela ho Johanne Mokolobetsi pele a ka ea Galilea. Ha Jesu a atamela, Johanne oa mo supa ’me ka ho thaba hohle o re ho ba nang le eena: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše. Enoa ke eena eo ke itseng ka eena, ‘Ka mor’a ka ho tla monna ea tlileng ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.’ ” (Johanne 1:​29, 30) Ke ’nete hore Johanne o moholoanyane ho Jesu empa Johanne oa tseba hore Jesu o bile teng pele ho eena kaha o phetse leholimong pele a tla lefatšeng.

Libekenyana tse seng kae tse fetileng ha Johanne a kolobetsa Jesu, ho ne ho bonahala a sa kholiseha hore ke Mesia. Ke ka hona a reng: “Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa lebaka leo ke tlileng ke kolobetsa ka metsi ka lona e ne e le hore a ka bonahatsoa ho Iseraele.”​—Johanne 1:31.

Johanne oa thatoloha, o phetela bamameli ba hae hore na ho ile ha etsahala’ng ha a ne a kolobetsa Jesu. O re: “Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim’a hae. Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’ Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.”​—Johanne 1:​32-34.

Ka letsatsi le hlahlamang, Johanne o na le barutuoa ba hae ba babeli. Ha Jesu a fihla ho bona, Johanne o re: “Bonang, Konyana ea Molimo.” (Johanne 1:​36) Ha barutuoa ba Johanne ba utloa sena e-ba balateli ba Jesu hang-hang. E mong oa bona ke Andrease. E mong eena ho bonahala eka ke monna ea ngotseng tlaleho ena, ’me le eena o bitsoa Johanne. Ho bonahala eka Johanne enoa ke motsoal’a Jesu kaha ke mor’a Zebedea le Salome. Kamoo ho bonahalang kateng, Salome ke mangoane oa Jesu.

Ha Jesu a hetla ’me a bona Andrease le Johanne ba mo setse morao, oa ba botsa: “Le batla’ng?”

Ba re ho eena: “Rabi u lula hokae?”

Jesu o re ho bona: “Tloong, ’me le tla bona.”​—Johanne 1:​37-39.

Ke thapama, hora e ka ba ea bonè ’me Andrease le Johanne ba khetha ho qetela letsatsi la bona ba ntse ba e-na le Jesu. Andrease o sitoa ho itšoara ke thabo ’me ha a kopana le Simone ngoan’abo, eo hape a bitsoang Petrose, o re ho eena: “Re fumane Mesia.” (Johanne 1:​41) Kahoo o isa Petrose ho Jesu. Lintho tse ileng tsa etsahala hamorao li bontša hore Johanne o ile a etsa ntho e tšoanang le ea Andrease ka hore le eena a tlise ngoan’abo Jakobo ho Jesu. Leha ho le joalo, Johanne ha a bue ka taba ena lengolong la hae.

Letsatsing le hlahlamang Jesu o kopana le Filipi ea tsoang motseng oa Bethsaida. Motse ona o lebopong la Leoatle la Galilea e leng ha habo Andrease le Petrose. Ha Jesu a bona Filipi o re ho eena: “E-ba molateli oa ka.”​—Johanne 1:43.

Filipi o fumana Nathanaele eo hape a bitsoang Bartholome ’me o re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong, le Baprofeta ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa, ea tsoang Nazaretha.” Nathanaele ha a kholoe Filipi ’me o re: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?”

Filipi oa mo phehella o re: “Tloo ’me u bone.” Ha Jesu a bona Nathanaele a tla a mo lebile o re ka eena: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.”

Nathanaele oa botsa o re: “Ho tla joang hore ebe oa ntseba?”

Ha Jesu a araba o re: “Ke ile ka u bona pele Filipi a u bitsa, ha u ntse u le tlas’a sefate sa feiga.”

Nathanaele o bua a hlolletsoe, o re: “Rabi, u Mora oa Molimo, u Morena oa Iseraele.”

Jesu ha araba o re: “Na u lumela kahobane ke u boleletse hore ke ile ka u bona tlas’a sefate sa feiga? U tla bona lintho tse kholo ho feta tsena.” Jesu oa tšepisa o re: “Kannete-nete ke re ho lona, le tla bona leholimo le bulehile ’me mangeloi a Molimo a nyoloha le ho theohela ho Mor’a motho.”​—Johanne 1:​45-51.

Hang ka mor’a mona, Jesu le barutuoa ba hae ba bacha ba tloha Phuleng ea Jordane ba ea Galilea.