Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 133

Jesu oa Patoa

Jesu oa Patoa

MATHEU 27:​57–28:2 MAREKA 15:​42–16:4 LUKA 23:​50–24:3 JOHANNE 19:​31–20:1

  • SETOPO SA JESU SE THEOLOA PALONG

  • SETOPO SA HAE SE LOKISETSOA LEPATO

  • BASALI BA FUMANA LEBITLA LE SA TŠELA

Ke Labohlano la la 14 Nisane, ’me letsatsi le se le sekame. Ha letsatsi le likela, Sabatha ea la 15 Nisane e tla qala. Jesu o se a ntse a hlokahetse empa masholu a pel’a hae a ntse a phela. Ho ea ka Molao, litopo ha lia “lokela ho hlola bosiu bohle thupeng” empa li lokela ho patoa “letsatsing lona leo.”​—Deuteronoma 21:​22, 23.

Thapama ea Labohlano e bitsoa Tokisetso hobane batho ba lokisa lijo le ho phetha mesebetsi e meng eo ba sa khoneng ho emela hore Sabatha e fete hore ba e etse. Ha letsatsi le likela, letsatsi “le leholo” la Sabatha le tla qala. (Johanne 19:​31) La 15 Nisane e tla ba letsatsi la pele ho a supileng a Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, ’me letsatsi la pele kamehla ke la Sabatha ho sa tsotellehe hore na ke la bokae bekeng. (Levitike 23:​5, 6) Lekhetlong lena, letsatsi leo le nepana le Sabatha ea beke le beke e bang ka Moqebelo. Kaha Lisabatha tsena tse peli li ka letsatsi le le leng, letsatsi lena la Sabatha le bitsoa “le leholo.”

Kahoo Bajuda ba kopa Pilato hore a potlakise lefu la Jesu le la masholu a mabeli a nang le eena. Ba batla hore sena se etsoe ka hore meomo ea bona e rojoe. Sena se tla etsa hore ho be thata hore ba iphahamise ka maotong e le hore ba khone ho hema. Joale masole a roba meomo ea masholu ao a mabeli. Leha ho le joalo, ho bonahala Jesu a se a shoele, kahoo ha ba robe meomo ea hae. Sena se phethahatsa Pesaleme ea 34:​20 ha e re: “O lebela masapo ’ohle a hae, ha ho le le leng la ’ona le robehileng.”

E le hore ho se be le ea belaelang hore Jesu ha aa shoa, lesole le mo hlaba lehlakoreng la pelo ka lerumo. ‘Kapele-pele ho tsoa mali le metsi.’ (Johanne 19:​34) Sena se phethahatsa lengolo le leng le reng: “Ba tla talima eo ba mo hlabileng.”​—Zakaria 12:10.

“Monna e mong ea ruileng oa Arimathea” ea bitsoang Josefa, o teng mona moo Jesu a bolaetsoeng teng. (Matheu 27:​57) Ke setho se hlomphuoang sa lekhotla la Sanhedrine. O hlalosoa e le “monna ea molemo le ea lokileng” ea neng a “letetse ’Muso oa Molimo.” Hantle-ntle, ke “morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda,” ’me o ne a sa tšehetse kahlolo ea lekhotla e fuoeng Jesu. (Luka 23:​50; Mareka 15:​43; Johanne 19:​38) Josefa o iteta sefuba ’me o kopa Pilato hore a mo fe setopo sa Jesu. Pilato o bitsa molaoli oa sesole ea ikarabellang e le ho tiisa hore Jesu o se a shoele. Ka mor’a moo, Pilato o lumella Josefa ho nka Setopo sa Jesu.

Josefa o reka lesela la boleng bo botle le hloekileng la line ’me o theola setopo sa Jesu palong. O phuthela setopo seo ka line e le hore a ka se hlophela lepato. Nikodemase, “ea ileng a tla ho [Jesu] bosiu ka lekhetlo la pele,” o kenya letsoho ho lokisetsa lepato. (Johanne 19:​39) O tlisa lik’hilokrama tse ka bang 33 tsa motsoako o turang oa myra le lekhala. Setopo sa Jesu se phutheloa ka masela a tšetsoeng ka motsoako ona ho latela moetlo oa Bajuda oa lepato.

Josefa o na le lebitla le e-s’o sebelisoe le betliloeng lefikeng le haufi, kahoo setopo sa Jesu se behoa teng. Joale lejoe le leholo le behoa molomong oa lebitla. Lintho tsena li etsoa ka lepotlapotla pele Sabatha e ka qala. Ho ka etsahala hore ebe Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane ba ne ba ntse ba thusa ha ho hlopshoa setopo sa Jesu. Joale ba potlakela hae “ho ea lokisa linoko le lioli tse nkhang hamonate” e le hore ba tle ba tlotse setopo sa Jesu ka mor’a Sabatha.​—Luka 23:56.

Letsatsing le hlahlamang ka Sabatha, baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ea ho Pilato ’me ba re: “Re hopotse hore moikhakanyi eane ha a sa ntse a phela o ile a re, ‘Ke tla tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo.’ Ka hona laela hore lebitla le sireletsoe ho fihlela letsatsing la boraro, e le hore le ka mohla barutuoa ba hae ba se ke ba tla ’me ba mo utsoa eaba ba re ho batho, ‘O tsositsoe bafung!’ ’me boikhakanyo bona ba ho qetela bo tla ba bobe ho feta ba pele.” Pilato o ba lokollela molebeli ’me o re: “E-eang le le sireletse kamoo le tsebang kateng.”​—Matheu 27:​63-65.

Ka matjeke ka Sontaha, Maria Magdalena, Maria ’mè oa Jakobo le basali ba bang ba tlisa metsoako eo ba e entseng e le hore ba tlotse setopo sa Jesu. Joale baa ipotsa ba re: “Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe thoko le monyako oa lebitla?” (Mareka 16:3) Leha ho le joalo, ho bile le tšisinyeho ea lefatše. Hape, lengeloi la Molimo le tlositse lejoe monyakong oa lebitla, balebeli ha ba sa le eo ’me lebitla le ntse le re ‘u n’u ’nehile’ng?’