Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 102

Morena o Kena Jerusalema a Palame Petsana ea Esele

Morena o Kena Jerusalema a Palame Petsana ea Esele

MATHEU 21:​1-11, 14-17 MAREKA 11:​1-11 LUKA 19:​29-44 JOHANNE 12:​12-19

  • JESU O KENA JERUSALEMA KA TLHOLO

  • HO PROFETOA TIMETSO EA JERUSALEMA

Letsatsing le hlahlamang, ka Sontaha sa la 9 Nisane, Jesu o tloha Bethani le barutuoa ba hae ba ea Jerusalema. Ha ba ea ba lebile Bethefage e Thabeng ea Mehloaare, Jesu o roma barutuoa ba hae ba babeli.

O re: “Tsamaeang le kene motsaneng oane oo le o bonang, ’me hang-hang le tla fumana esele e tlamiloeng, hammoho le petsana, li tlamolleng ’me le li tlise ho ’na. Haeba e mong a bua ntho leha e le efe ho lona, le re, ‘Morena oa li hloka.’ ’Me o tla li romela kapele-pele.”​—Matheu 21:​2, 3.

Barutuoa ha ba hlokomele hore taelo ena ea Jesu e amana le boprofeta ba Bibele. Leha ho le joalo, hamorao baa elelloa hore ho phethahala boprofeta ba Zakaria. O ile a profeta hore Morena ea tšepisitsoeng oa Molimo o ne a tla kena Jerusalema a “ikokobelitse, ’me a palame esele, eona phoofolo e holileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.”​—Zakaria 9:9.

Ha barutuoa ba fihla Bethefage ba nka petsana e tona ea esele le ’m’a eona. Batho ba emeng haufi le moo baa ba botsa ba re: “Le etsa’ng ha le lokolla petsana eo ea esele?” (Mareka 11:5) Leha ho le joalo, ha ba utloa hore li ea ho Morena, baa ba tlohella hore ba li ise ho Jesu. Barutuoa ba beha liaparo tsa bona tsa ka holimo holim’a tonki le petsana, empa Jesu o palama petsana.

Ha Jesu a palame petsana a ea a lebile Jerusalema, letšoele lea eketseha. Ba bangata ba ala liaparo tsa bona ka tseleng. Ha ba bang ba khaola makala lifateng kapa “makala a nang le makhasi masimong” ’me baa a ala. Baa hooa ba re: “Rea rapela, pholosa! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova! Ho hlohonolofetse ’Muso o tlang oa ntat’a rona Davida!” (Mareka 11:​8-10) Bafarisi ba har’a letšoele ba khopisoa ke lipolelo tsena, ’me ba re ho Jesu: “Mosuoe, khalemela barutuoa ba hao ka matla.” Leha ho le joalo, ha a ba araba o re: “Kea le bolella, haeba bana ba ne ba ka khutsa, majoe a ne a tla hoeletsa.”​—Luka 19:​39, 40.

Ha Jesu a bona Jerusalema, o qala ho lla ’me o re: “Hoja u lemohile lintho tse amanang le khotso letsatsing lena, empa joale li patetsoe mahlo a hao.” Jerusalema e tla khola litholoana tsa hore ka manganga ha ea ka ea mamela. Jesu o re: “Lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle. ’Me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.” (Luka 19:​42-44) Mantsoe ana a Jesu a phethahala ka selemo sa 70 ha Jerusalema e felisoa.

Ha Jesu a kena Jerusalema, ‘motse oohle oa hlokoleha, o re: “Enoa ke mang?” ’ Letšoele le ba araba ka ho re: “Enoa ke moprofeta Jesu, ea tsoang Nazaretha ea Galilea!” (Matheu 21:​10, 11) Ba bang har’a letsoele ba ileng ba bona ha Jesu a tsosa Lazaro ba bolella ba bang ka mohlolo oo. Bafarisi ba tletleba ka hore ba suha lerapo la puleng. Baa buisana ba re: “Bonang! Lefatše le mo setse morao.”​—Johanne 12:​18, 19.

Jesu o ea tempeleng ho ea ruta joalokaha a tloaetse ho etsa ha a tlile Jerusalema. Ha a le moo o folisa ba foufetseng le ba holofetseng. Ha baprista ba ka sehloohong le bangoli ba bona seo a se etsang, ebile ba utloa bashanyana ba ka tempeleng ba hoelehetsa ba re, “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!” baa halefa. Baeta-pele ba bolumeli ba botsa Jesu ba re: “Na u utloa seo baa ba se buang?” Jesu o re ho bona: “Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?”​—Matheu 21:​15, 16.

Jesu o hlahloba lintho tse ka tempeleng. E se e le mantsiboea, kahoo o tsamaea le baapostola. Pele letsatsi la la 10 Nisane le qala, o khutlela Bethani, ’me o robaletsa teng bosiung ba Sontaha.