Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 107

Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa Lenyalo

Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa Lenyalo

MATHEU 22:​1-14

  • PAPISO EA MOKETE OA LENYALO

Ha tšebeletso ea Jesu e ntse e ea qetellong, o tsoela pele ho pepesa bangoli le baprista ba ka sehloohong a sebelisa lipapiso. Ka lebaka leo, ba batla ho mo bolaea. (Luka 20:​19) Leha ho le joalo, Jesu ha a e-s’o qete ka bona.

O pheta papiso e ’ngoe hape o re: “ ’Muso oa maholimo o joaloka motho, morena, ea ileng a etsetsa mora oa hae mokete oa lenyalo. ’Me a romela makhoba a hae ho ea bitsa ba memetsoeng moketeng oa lenyalo, empa ba ne ba sa rate ho tla.” (Matheu 22:​2, 3) Jesu o qala papiso ea hae ka ho bua ka “ ’Muso oa maholimo.” Hoa utloahala hore e tlameha ebe “morena” ke Jehova Molimo. Joale, ho thoe’ng ka mora oa morena le ba menngoeng moketeng oa lenyalo? Le boemong bona ho ntse ho se thata ho elelloa hore mora oa morena, ke Mora oa Jehova, eo e leng eena ea ntseng a pheta papiso ena. Hape ha ho thata ho utloisisa hore ba memiloeng ke ba tla ba le Mora ’Musong oa maholimo.

Ho tl’o mengoa bo-mang pele? Jesu la baapostola ba ’nile ba bolella bo-mang ka ’Muso? Esale ba ntse ba bolella Bajuda. (Matheu 10:​6, 7; 15:​24) Sechaba sena se ile sa amohela selekane sa Molao ka selemo sa 1513, kahoo se ne se fuoe monyetla oa pele oa ho ba karolo ea “ ’muso oa baprista.” (Exoda 19:​5-8) Leha ho le joalo, se ne se tla bitsetsoa “moketeng oa lenyalo” neng? Memo eo e tsoile ka selemo sa 29 ha Jesu a qala ho bolela ka ’Muso oa maholimo.

Baiseraele ba bangata ba ile ba etsa’ng? Joalokaha Jesu a boletse, “ba ne ba sa rate ho tla.” Boholo ba baeta-pele ba bolumeli le batho ba bang ha baa ka ba amohela hore Jesu ke Mesia le Morena ea khethiloeng ke Molimo.

Leha ho le joalo, Jesu o bontša hore Bajuda ba tla fumana monyetla o mong hape, o re: “[Morena] a boela a romela makhoba a mang, a re, ‘Bolellang ba memiloeng: “Bonang! Ke lokisitse lijo tsa ka tsa motšehare, lipoho le liphoofolo tsa ka tse nontšitsoeng li hlabiloe, ’me lintho tsohle li lokile. Tloong moketeng oa lenyalo.” ’ Empa ka ho se tsotelle ba tloha, e mong a ea tšimong ea hae, e mong a ea khoebong ea hae, empa ba bang kaofela, ha ba tšoara makhoba a hae, ba a nyelisa ’me ba a bolaea.” (Matheu 22:​4-6) Seo se lumellana le se neng se tla etsahala ha phutheho ea Bokreste e thehoa. Ka nako eo, Bajuda ba ne ba ntse ba e-na le monyetla oa ho ba karolo ea ’Muso, empa ba ile ba hana memo eo, ba qetella ka ho hlekefetsa ‘makhoba a morena.’​—Liketso 4:​13-18; 7:​54, 58.

Sechaba se ile sa khola litholoana life? Jesu oa hlalosa, o re: “Morena a tlala khalefo, ’me a romela mabotho a hae eaba o timetsa babolai bao ’me o chesa motse oa bona.” (Matheu 22:7) Ke sona se etsahaletseng Bajuda ka selemo sa 70 ha Baroma ba ne ba timetsa Jerusalema, “motse oa bona.”

Na taba ea hore ba hanne memo ea morena e bolela hore ha ho sa tla ba le motho ea tla mengoa? Eseng ho ea ka papiso ea Jesu. O tsoela pele ho re: “Joale [morena] a re ho makhoba a hae, ‘Ka sebele mokete oa lenyalo o lokile, empa ba neng ba memiloe ba ne ba sa tšoanelehe. Ka hona e-eang litseleng tse tsoelang ka ntle ho motse, ’me leha e le mang eo le mo fumanang le mo memele moketeng oa lenyalo.’ Ka lebaka leo makhoba ao a tsoela litseleng ’me a bokella bohle bao a ba fumaneng, ba khopo le ba molemo, ’me kamore ea litšebeletso tsa lechato ea tlala ba otlileng ka lehlakore tafoleng.”​—Matheu 22:​8-10.

Moapostola Petrose o ne a tla thusa Balichaba, e leng batho bao e seng Bajuda ka tsoalo kapa ka bolumeli, hore e be Bakreste ba ’nete. Ka selemo sa 36, molaoli oa lebotho la Roma Korneliase le ba lelapa la hae ba ile ba amohela moea oa Molimo ’me ba ba le tšepo ea ho ba karolo ea ’Muso oa Molimo leholimong, oo Jesu a buileng ka ’ona.​—Liketso 10:​1, 34-48.

Jesu o bontša hore ha se bohle ba tlang moketeng bao qetellong ba tla amoheloa ke “morena.” O re: “Ha morena a kena ho tla hlahloba baeti a re heli! ’me a bona mane monna e mong ea sa aparang seaparo sa lenyalo. Kahoo a re ho eena, ‘Monn’a heso, u kene joang ka moo u sa apara seaparo sa lenyalo?’ A se ke a khona ho bua. Joale morena a re ho bahlanka ba hae, ‘Mo tlameng maoto le matsoho ’me le mo lahlele lefifing ka ntle. Ke moo ho lla ha hae le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.’ Etsoe ba memiloeng ba bangata, empa ho khethiloe ba seng bakae.”​—Matheu 22:​11-14.

Ho ka etsahala hore ebe baeta-pele ba bolumeli ba mametseng Jesu ha ba utloisise seo a se bolelang. Ho ntse ho le joalo, ba ntse ba sa thaba ’me ba ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho bolaea motho enoa ea ba tlotlollang.