Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 137

Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta

Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta

MATHEU 28:​16-20 LUKA 24:​50-52 LIKETSO 1:​1-12; 2:​1-4

  • JESU O HLAHA HO BATHO BA BANGATA

  • JESU O NYOLOHELA LEHOLIMONG

  • JESU O TŠOLLELA MOEA O HALALELANG HO BARUTUOA BA 120

Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o hlophisa hore a tle a kopane le baapostola ba hae ba 11 thabeng e Galilea. Barutuoa ba bang ba ka bang 500 le bona ba teng, empa qalong ba bang ba bona baa belaela hore na ehlile ke eena. (Matheu 28:​17; 1 Bakorinthe 15:6) Leha ho le joalo, seo Jesu a se buang sea ba kholisa hore kannete oa phela.

Jesu oa ba hlalosetsa hore Molimo o mo file matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Joale o re ho bona: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:​18-20) Sena se bontša hore ha se feela hore Jesu oa phela empa o ntse a batla hore ho boleloe litaba tse molemo.

Balateli bohle ba Jesu, ba akarelletsang banna, basali le bana, ba fuoa taelo ea ho etsa barutuoa. Bahanyetsi ba ka ’na ba leka ho thibela mosebetsi oa bona oa ho bolela le ho ruta, kahoo oa ba tiisetsa o re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” See se tla tsoela balateli ba hae molemo joang? O re ho bona: “Bonang! ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Jesu ha a bolele hore batho bohle ba bolelang litaba tse molemo ba tla khona ho etsa mehlolo. Leha ho le joalo, ba tla tšehetsoa ke moea o halalelang.

Jesu o iponahatsa ho barutuoa ba hae ka mor’a tsoho ea hae “ka matsatsi ’ohle a mashome a mane.” O hlaha ho bona ka ’mele e fapa-fapaneng a bontša hore oa “phela ka bopaki bo bongata bo tiileng,” ’me a ba ruta lintho “tse mabapi le ’Muso oa Molimo.”​—Liketso 1:3; 1 Bakorinthe 15:7.

Kamoo ho bonahalang kateng, nakong eo baapostola ba ntseng ba le Galilea, Jesu o ba laela hore ba khutlele Jerusalema. Ha a kopana le bona motseng oa Jerusalema, o re: “Le se ke la tloha Jerusalema, empa le lule le letetse seo Ntate a se tšepisitseng, seo le se utloileng ho ’na, hobane ka sebele, Johanne o ile a kolobetsa ka metsi, empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang matsatsi a seng makae ka mor’a sena.”​—Liketso 1:​4, 5.

Hamorao Jesu o kopana le baapostola ba hae. O “ba etella pele ho ea fihla Bethani,” letsoapong le ka bochabela ho Thaba ea Mehloaare. (Luka 24:​50) Le hoja Jesu a ba boleletse lintho tse ngata ka ho tloha ha hae, ba ntse ba nahana hore ka tsela e itseng, ’Muso oa hae o tla ba lefatšeng.​—Luka 22:​16, 18, 30; Johanne 14:​2, 3.

Baapostola ba botsa Jesu ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” O ba araba ka ho re: “Ha se taba ea lona ho tseba linako kapa mehla eo Ntate a e behileng ka taolo ea hae.” Joale o boetse o hatisa taba ea mosebetsi oo ba tla o etsa, o re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.”​—Liketso 1:​6-8.

Nakong eo Jesu a nyolohelang leholimong, baapostola ba hae ba na le eena Thabeng ea Mehloaare. Nakoana hamorao, leru lea ba sira ’me ha ba sa mo bona. Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o ne a ile a sebelisa ’mele ea nama e fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, hona joale Jesu o tlohela ’mele oa nama oo a neng a ntse a o sebelisa lekhetlong lena ’me o nyolohela leholimong ka ’mele oa hae oa lengeloi. (1 Bakorinthe 15:​44, 50; 1 Petrose 3:​18) Ha baapostola ba hae ba tšepahalang ba ntse ba thehile meriti, “banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu” ba hlaha ba eme pel’a bona. Banna bana ke mangeloi a apereng ’mele ea nama. Baa botsa ba re: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le talimile leholimong? Jesu enoa ea amohetsoeng leholimong a tloha ho lona o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a e-ea leholimong ka oona.”​—Liketso 1:​10, 11.

Ke barutuoa ba Jesu ba tšepahalang feela ba mo bonang ha a nyolohela leholimong. Ha a se a busa e le morena ’Musong, o tla khutla “ka mokhoa o tšoanang,” e leng se bolelang hore ke barutuoa ba hae ba tšepahalang feela ba tla elelloa.

Joale Baapostola ba khutlela Jerusalema. Matsatsing a hlahlamang, ba bokana le barutuoa ba bang, ’me “Maria ’mè oa Jesu le barab’abo” ba teng. (Liketso 1:​14) Kaofela ha bona ba rapela ba sa khaotse. Taba e ’ngoe eo ba e rapellang ke ho khethoa ha morutuoa ea tla nkela Judase Iskariota sebaka e le hore palo ea baapostola e ka khutlela ho 12. (Matheu 19:​28) Ba batla hore e be morutuoa ea ileng a bona mesebetsi ea Jesu le ho mo bona ha a se a tsohile. Ba lahla lotho e le ho bona hore na Molimo o batla ho khethoe morutuoa ofe, ’me lena ke lekhetlo la ho qetela ho buuoa ka lotho ka Bibeleng. (Pesaleme ea 109:8; Liproverbia 16:​33) Mathiase eo ho ka etsahalang hore o ne a le teng har’a ba 70 ba ileng ba rongoa ke Jesu, oa khethoa ’me “o balelloa le baapostola ba leshome le motso o mong.”​—Liketso 1:26.

Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, e e-ba Mokete oa Pentekonta oa Bajuda oa selemo sa 33. Barutuoa ba ka bang 120 ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema. Ka ho panya ha ntši, ho tlala lerata le kang la moea o fokang ka sekhahla. Ho hlaha maleme a bonahalang eka ke a mollo ’me a lula holim’a e mong le e mong oa bona. Barutuoa bana bohle ba qalella ho bua lipuo tse fapa-fapaneng. Ba tšolletsoe moea o halalelang joalokaha Jesu a ile a ba tšepisa!​—Johanne 14:​26.