Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 116

Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba Hae

Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba Hae

MATHEU 26:​20 MAREKA 14:​17 LUKA 22:​14-18 JOHANNE 13:​1-17

  • JESU O JA PASEKA EA HAE EA HO QETELA LE BAAPOSTOLA

  • O BA RUTA THUTO KA HO BA HLATSOA MAOTO

Petrose le Johanne ba se ba fihlile Jerusalema ho ea lokisetsa Paseka joalokaha Jesu a laetse. Hamorao, Jesu le baapostola ba bang ba leshome ba ea Jerusalema. Ke motšehare oa mantsiboea ’me letsatsi le se le tla sunya nko mobung ha Jesu le barutuoa ba hae ba theoha Thaba ea Mehloaare. Lena ke lekhetlo la ho qetela Jesu a le mona e le motšehare pele ho tsoho ea hae.

Ho e-s’o ee kae Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Jerusalema ’me ba ea moo ba tla jela lijo tsa Paseka. Ba nyoloha litepisi ho ea ka kamoreng e ka holimo. Ha ba fihla ba fumana ho entsoe litlhophiso tsohle bakeng sa ho ja lijo boinotšing. Haesale Jesu a letetse ketsahalo ena kaha o re: “Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lona pele ke utloa bohloko.”​—Luka 22:15.

Tloaelo ea ho fetisa likopi tsa veine har’a batho ba tlileng lijong tsa Paseka e ile ea qala lilemong tse ngata tse fetileng. Ka mor’a hore kopi e ’ngoe e fihle ho Jesu, oa leboha ’me o re: “Se nkeng ’me le se neheletsane, etsoe kea le bolella, ho tloha joale ho ea pele nke ke ka noa sehlahisoa sa sefate sa morara hape ho fihlela ’Muso oa Molimo o fihla.” (Luka 22:​17, 18) E lokela hore ebe ho hlakile hore o haufi le ho shoa.

Nakong ea lijo tsa shoalane, ho etsahala ntho e makatsang. Jesu oa ema o hlobola seaparo sa hae sa ka holimo ’me o nka thaole. Joale o tšela metsi ka beisineng e haufi. Ka tloaelo, motho ea amohetseng baeti ke eena ea etsang bonnete ba hore maoto a baeti ba hae aa hlatsuoa, mohlomong ke mohlanka. (Luka 7:​44) Lekhetlong lena, ha hona motho ea amohetseng baeti, kahoo Jesu ke eena ea etsang mosebetsi ona. E mong oa baapostola a ka be a nkile monyetla oa ho etsa mosebetsi ona, empa ha ho le ea mong ea o etsang. Na ke hobane ho ntse ho e-na le tlholisano har’a bona? Ho sa tsotellehe lebaka, ba soabile ha ba bona Jesu a hlatsoa maoto a bona.

Ha Jesu a fihla ho Petrose, Petrose o re: “Ka sebele u ke ke ua hlatsoa maoto a ka le ka mohla.” Jesu o araba ka ho re: “Ntle le hore ke u hlatsoe, ha u na kabelo ho ’na.” Petrose o re: “Morena, eseng maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho ea ka.” E tlameha ebe o makatsoa ke karabo ea Jesu haholo ha a re: “Ea itlhatsoitseng ha ho hlokahale hore a hlatsuoe ho hong haese maoto, empa o hloekile ka ho feletseng. Lona le hloekile, empa eseng kaofela.”​—Johanne 13:​8-10.

Jesu o hlatsoa maoto a baapostola bao ba 12, ho akarelletsa le Judase Iskariota. Ka mor’a hore Jesu a apare seaparo sa hae sa ka holimo a be a otle ka lehlakore, oa botsa o re: “Na le tseba seo ke se entseng ho lona? Le mpitsa, ‘Mosuoe,’ le, ‘Morena,’ ’me le bua ka nepo, etsoe ke eena. Ka hona, haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto a lona, le lona le tšoanela ho hlatsoana maoto. Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tšoanang. Kannete-nete ke re ho lona, lekhoba ha le leholo ho mong’a lona, leha e le hore ea romiloeng o moholo ho ea mo romileng. Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.”​—Johanne 13:​12-​17.

Oo ke mohlala o motle hakaakang oa boikokobetso. Balateli ba Jesu ha baa lokela ho rata ho phahamela ba bang hobane ba nahana hore ke ba bohlokoa ’me ba lokela ho sebeletsoa. Jesu o ne a sa thehe moetlo oa ho hlatsoana maoto. Ho e-na le hoo, o ne a ba ruta hore ba lokela ho latela mohlala oa hae oa ho ikemisetsa ho sebeletsa batho ba bang ka boikokobetso le ka ho hloka leeme.