Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 120

Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea Jesu

Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea Jesu

JOHANNE 15:​1-27

  • SEFATE SA MORARA SA ’NETE LE MAKALA

  • TSELA EA HO LULA LERATONG LA JESU

Jesu o se a qetile nako a ntse a qoqa le baapostola ba hae a bile a ba khothatsa. Leha ho le joalo, nako e se e ile, mohlomong e se e bile e le ka mor’a khitla bosiu. Jesu o ba etsetsa papiso e ba tsosang molota.

O re: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.” (Johanne 15:1) Papiso ena e tšoana le e ileng ea etsoa lilemo tse makholo pejana ka sechaba sa Baiseraele ha Jehova a ne a re sechaba seo ke sefate sa hae sa morara. (Jeremia 2:​21; Hosea 10:​1, 2) Leha ho le joalo, Jehova o lahla sechaba sena. (Matheu 23:​37, 38) Kahoo, Jesu o ba bolella taba e ncha. O re ke eena sefate sa morara seo esale ntate oa hae a se lema ha a ne a mo tlotsa ka moea o halalelang ka selemo sa 29. Leha ho le joalo, Jesu oa bontša hore sefate sa morara ha se emele eena feela.

O re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana [Ntate] oa le tlosa, ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng. . . . Feela joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ntle le hore le lule sefateng sa morara, ka tsela e tšoanang le lona le ke ke la beha litholoana ka bolona, ntle le hore le lule bonngoeng le ’na. Ke ’na sefate sa morara, lona le makala.”​—Johanne 15:​2-5.

Jesu o tšepisitse barutuoa ba hae ba tšepahalang hore ka mor’a hore a tsamaee, o tla romela mothusi e leng moea o halalelang. Matsatsi a 51 hamorao ha baapostola le batho ba bang ba fumana moea o halalelang, ba fetoha makala a sefate sa morara. “Makala” ana kaofela a lokela ho lula a le bonngoeng le Jesu. Ka lebaka lefe?

O fana ka lebaka lena: “Ea lulang bonngoeng le ’na, le ’na ke lula bonngoeng le eena, enoa o beha litholoana tse ngata, hobane kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho.” “Makala” ana, e leng barutuoa ba Jesu ba tšepahalang, ba ne ba tla beha litholoana ka hore ba etsise makhabane a Jesu, ba bue le ba bang ka ’Muso oa Molimo, le ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Ho thoe’ng haeba e mong a sa lule a le bonngoeng le Jesu ’me a sa behe litholoana? Jesu o fana ka karabo o re: “Haeba leha e le mang a sa lule bonngoeng le ’na, o lahleloa ntle.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu o re: “Haeba le lula bonngoeng le ’na le lipolelo tsa ka li lula ho lona, le kope eng kapa eng eo le e lakatsang ’me e tla le etsahalla.”​—Johanne 15:​5-7.

Joale Jesu o boetse o pheta ntho eo a ileng a e bua ka makhetlo a mabeli, e leng ea ho boloka litaelo tsa hae. (Johanne 14:​15, 21) O hlalosa tsela e ka sehloohong eo barutuoa ba ka bontšang ka eona hore baa mo rata. O re: “Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” Leha ho le joalo, ho na le ho hong hape ho hlokahalang e le ho bontša hore motho o rata Molimo le Mora. Jesu o re: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae. Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”​—Johanne 15:​10-14.

Ka mor’a lihora tse seng kae, Jesu o tla bontša lerato la hae bakeng sa bohle ba bontšang tumelo ho eena ka hore a ba shoele. Mohlala oo oa hae o lokela ho susumetsa balateli ba hae hore ba bontšane boitelo. Lerato lena le tla ba khetholla joalokaha Jesu a ile a bolela pejana ha a ne a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.”​—Johanne 13:35.

Ha Jesu a re baapostola ke “metsoalle,” ba lokela ho nka taba ena e le ea bohlokoa. Oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ba nka e le metsoalle. O re: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” Taba ea hore ke metsoalle ea Jesu ’me o ba bolella lintho tsohle tseo Ntate oa hae a mo bolelletseng tsona, ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. E le hore ba tsoele pele e le metsoalle ea Jesu, ba lokela hore ba ’ne ba “behe litholoana.” Jesu o re haeba ba etsa joalo, ‘ho sa tsotellehe hore na ke eng eo ba e kopang ho Ntate ka lebitso la hae o tla ba fa eona.’​—Johanne 15:​15, 16.

Lerato le har’a barutuoa ba hae, bao e leng “makala” a sefate sa morara, le tla ba thusa hore ba mamelle maemo a thata a ba tjametseng. Oa ba hlokomelisa hore lefatše le tla ba hloea. Leha ho le joalo, o ba khothatsa ka ho re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . ka lebaka lena lefatše le le hloile.”​—Johanne 15:​18, 19.

Jesu o boetse oa ba hlalosetsa hore na lefatše le tla ba hloea ka lebaka lefe. O re: “Ba tla etsa lintho tsena tsohle khahlanong le lona ka lebaka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ea nthomileng.” Jesu o re ha e le hantle, mehlolo eo a e entseng e ahlola batho ba mo hloileng. O re: “Hoja ke ne ke sa etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng ea ileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe, empa joale ba bone ’me ba hloile ’na hammoho le Ntate.” Hantle-ntle, taba ena e ile ea profetoa.​—Johanne 15:​21, 24, 25; Pesaleme ea 35:​19; 69:4.

Jesu o boetse o ba tšepisa hore o tla ba romela mothusi e leng moea o halalelang. Moea oo o thusa balateli bohle ba hae hore ba behe litholoana ha ba “paka.”​—Johanne 15:​27.