Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sephetho

Sephetho

Na u hopola lintho tse thahasellisang tseo u neng u li thabela ha u le har’a batho ba Jehova tse kang, liboka tse khothatsang, kopano e monate, liphihlelo tse monate tšebeletsong ea tšimo kapa moqoqo o thahasellisang le balumeli-’moho le uena? Haeba ho joalo, ha u e-s’o lebale Jehova ’me le eena ha aa u lebala. O ntse a hopola kamoo u neng u mo sebeletsa ka botšepehi kateng. Ke ka hona a ikemiselitseng ho u thusa hore u khutlele ho eena.

Jehova o re: “Ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele. Ho ea ka tlhokomelo ea ea fepang mohlape oa hae letsatsing la ha a le ka har’a linku tsa hae tse hasantsoeng hohle, ke tsela eo ke tlang ho hlokomela linku tsa ka ka eona; ’me ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona.”—Ezekiele 34:11, 12.