Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 1

“E Lahlehileng ke Tla e Batla”

“E Lahlehileng ke Tla e Batla”

Nku e hlahlathetse. E ile ea tsoa mohlapeng hanyane ka hanyane ha e ntse e fula. E hōle hoo e seng e sa bone mohlape kapa molisa, ’me shoalane ea tšoara. Nku eo e ka ba kotsing haeba e solla phuleng e tletseng liphokojoe. Qetellong e utloa lentsoe la molisa oa eona, o mathela ho eona, oa e nka, o e kenya ka lemenong la seaparo sa hae ’me o e isa hae.

HANGATA Jehova o itšoantša le molisa ea joalo. Ka Lentsoeng la hae oa re tiisetsa o re: “Ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele.”—Ezekiele 34:11, 12.

“Linku Tsa Lekhulo la Ka”

Linku tsa Jehova ke bo-mang? Ka mantsoe a bonolo feela, ke batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Bibele e re: “Kenang, re rapele ’me re iname; a re khumameng ka pel’a Jehova Moetsi oa rōna. Etsoe ke eena Molimo oa rōna, ’me re batho ba lekhulo la hae le linku tsa letsoho la hae.” (Pesaleme ea 95:6, 7) Joalokaha linku tsa sebele li latela molisa oa tsona, bahlanka ba Jehova ba ikemiselitse ho latela Molisa oa bona. Na ba phethahetse? Che. Ka linako tse ling bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ba joaloka “linku . . . tse hasantsoeng hohle,” “linku tse lahlehileng,” le “linku tse hlahlathelang.” (Ezekiele 34:12; Matheu 15:24; 1 Petrose 2:25) Leha ho le joalo, ha motho a kheloha mohlapeng, Jehova ha a mo tele.

Na u ikutloa eka Jehova e ntse e le Molisa oa hao? Jehova o phetha mosebetsi oa Molisa joang kajeno? A re ke re hlahlobeng litsela tse tharo tseo a li sebelisang:

O re fa lijo tsa moea. Jehova o re: “Ke tla li fulisa lekhulong le letle. . . Li tla botha moo sebakeng se setle sa bolulo, ’me li tla fula lekhulong le nonneng.” (Ezekiele 34:14) Kamehla Jehova o re fa matletsetletse a lijo tsa moea tse nakong. Na ho na le sehlooho, puo kapa video e kileng ea araba thapelo ea hao? Na seo ha sea ka sa u kholisa hore Jehova oa u tsotella?

Oa re sireletsa ebile oa re tšehetsa. Jehova oa re tšepisa o re: “E hlahlathetseng ke tla e khutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa ’me e kulang ke tla e matlafatsa.” (Ezekiele 34:16) Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ba sithabelitsoeng ke matšoenyeho. O tlamisa linku tsa hae tse lemetseng, esita le tseo mohlomong li lemalitsoeng ke balumeli-’moho le tsona. O boetse o khutlisa tse hlahlathetseng le tse loantšanang le maikutlo a ho inyatsa.

Oa re tsotella. Jehova o re: “Ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona. . . E lahlehileng ke tla e batla.” (Ezekiele 34:12, 16) Jehova ha a nke nku e lahlehileng e le ba-e-hlōtse. Oa hlokomela ha ho e-na le nku e lahlehileng, oa e batla, ’me oa thaba ha a e fumana. (Matheu 18:12-14) Etsoe ha a bua ka bahlanka ba hae o re ke “linku tsa ka, linku tsa lekhulo la ka.” (Ezekiele 34:31) Le uena u e ’ngoe ea tsona.

Jehova ha a nke nku e lahlehileng e le ba-e-hlōtse. Oa thaba ha nku eo e fumanoa

“Re Tlisetse Matsatsi a Macha Joaloka Khale”

Ke hobane’ng ha Jehova a u batla a bile a u kōpa hore u khutlele ho eena? Hobane u batla hore u thabe. O tšepisa linku tsa hae hore “ho tla ba le lipula tse tšolohang tsa tlhohonolofatso.” (Ezekiele 34:26) Eo hase puo feela ea molomo. Ntle ho pelaelo u kile ua latsoa litlhohonolofatso tsa Jehova.

Hopola kamoo ho neng ho le monate kateng ha u ntse u ithuta ka Jehova. Ka mohlala, u ile ua ikutloa joang ha u qala ho ithuta linnete tse thabisang tse mabapi le lebitso la Molimo hammoho le morero oa hae ka batho? Na u sa hopola kamoo ho neng ho le monate kateng ha u e-na le Bakreste-’moho le uena likopanong? Na ha u tsoa tšimong u ne u sa ikutloe u thabile ebile u khotsofetse ka mor’a ho buisana le motho ea thahasellang?

U ka boela ua thaba ka tsela eo. Moprofeta Jeremia o ile a rapela a re: “Re khutlisetse ho uena, Jehova, ’me re tla khutla hang-hang. Re tlisetse matsatsi a macha joaloka khale.” (Lillo Tsa Jeremia 5:21) Jehova o ile a araba thapelo eo, ’me bahlanka ba hae ba boela ba mo sebeletsa ba thabile. (Nehemia 8:17) Jehova o tla etsa se tšoanang le ka uena.

Ke ’nete hore ha ho bonolo hakaalo ho khutlela ho Jehova. A re ke re tšohleng tse ling tsa lintho tse ka u sitisang le hore na u ka li hlōla joang.