Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 4

Letsoalo le Molato—“U Ntlhoekise Esita le Sebeng sa Ka”

Letsoalo le Molato—“U Ntlhoekise Esita le Sebeng sa Ka”

“Mosebetsi oa ka o mocha o ile oa etsa hore bophelo ba lelapa la ka bo hlamatsehe, empa o ile oa boela oa nkenya mathateng. Ke ile ka qala ho keteka matsatsi a phomolo, ka ea libokeng tsa lipolotiki ka ba ka ea kerekeng. Ke ile ka qeta lilemo tse 40 ke se ke sa kopanele le Lipaki Tsa Jehova. Ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka qala ho nahana hore Jehova a ke ke a hlola a ntšoarela. Ke ne ke se ke nka hore ke ba-e-hlōtse. Haholo-holo hobane ke ne ke tseba ’nete eaba ke ikhethela ho tsoa tseleng.”—Martha.

LETSOALO le molato le ka re tetebetsa. Morena Davida o ile a re: “Liphoso tsa ka li fetile holim’a hlooho ea ka. Joaloka mojaro o boima li nkimetse haholo.” (Pesaleme ea 38:4) Bakreste ba bang ba ’nile ba sithabetsoa ke ho nyahama, ba ipolella hore Jehova a ke ke a ba tšoarela. (2 Bakorinthe 2:7) Na ho etsa qeto e joalo ho nepahetse? Esita le haeba u entse libe tse khōlō, na ebe u nka hore u se u le hōle le Jehova hoo a ke keng a u tšoarela le ka mohla? Che, ha u hōle!

“Tloong ’me re Lokiseng Litaba Pakeng Tsa Rōna”

Jehova ha a lahle baetsalibe ba bakileng. Ha e le hantle, oa ba bitsa! Papisong ea mora ea lehlasoa, Jesu o ile a tšoantša Jehova le ntate ea lerato eo mor’a hae a ileng a tloha lapeng eaba o il’o phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ka mor’a nako mora eo o ile a etsa qeto ea ho khutlela lapeng. “Ha a sa ntse a le hōle, ntat’ae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka lerato.” (Luka 15:11-20) Na u lakatsa ho ba le kamano e ntle le Jehova empa u tšaba hore ‘u sa ntse u le hōle’ haholo le eena? Feela joaloka ntate ea papisong ea Jesu, Jehova o u rata haholo. O ikemiselitse hore a boele a u amohele.

Empa u ka thusoa ke’ng haeba u lumela hore libe tsa hao li tebile kapa li ngata hoo Jehova a ke keng a li tšoarela? Re kōpa u ke u nahanisise ka memo ena ea Jehova e tlalehiloeng ho Esaia 1:18, e reng: “‘Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna,’ ho bolela Jehova. ‘Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.’” Ka sebele esita le libe tseo ho bonahalang eka li ke ke tsa hlakoha joaloka dae e ’mala oa sekareleta seaparong se sesoeu, Jehova a ka li tšoarela.

Jehova ha a batle hore u lule u tšetšethoa ke letsoalo le molato. Joale u ka etsa’ng e le hore u imolohe ’me Molimo a u tšoarele le hore u be le letsoalo le hloekileng? A re ke re hlahlobe mehato e ’meli eo Morena Davida a ileng a e nka. Mohato oa pele, o ile a re: “Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa ka.” (Pesaleme ea 32:5) Hopola hore Jehova o se a ntse a u memme hore u mo atamele ka thapelo le hore u “lokise litaba” le eena. Amohela memo eo. Bolella Jehova libe tsa hao ’me u mo phetlele sefuba. Kaha Davida o ne a ithutile ka phihlelo ea hae, o ne a ka rapela ka kholiseho, a re: “Ntlhoekise esita le sebeng sa ka. . . . Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.”—Pesaleme ea 51:2, 17.

Mohato oa bobeli, Davida o ile a thusoa ke moprofeta Nathane. (2 Samuele 12:13) Kajeno, Jehova o fane ka baholo ka liphuthehong ba koetliselitsoeng ho thusa baetsalibe ba bakileng hore ba tsosolose setsoalle sa bona le Jehova. Ha u kōpa thuso ho baholo, ba tla u thusa ka Mangolo le ka lithapelo, tse tlosang boikutlo ba hao ba ho ikhalala ’me ba u thuse hore u fole moeeng.—Jakobo 5:14-16.

Jehova o batla hore u be le letsoalo le hloekileng

“Ho Thaba eo Bofetoheli ba Hae bo Tšoaretsoeng”

Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa eka ho ipolela libe ho Jehova Molimo le ho baholo, ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo u ka li etsang. Davida le eena o ne a ikutloa ka tsela eo. O ile a ‘khutsa’ ka nakoana ’me a se ke a ipolela libe. (Pesaleme ea 32:3) Leha ho le joalo, hamorao o ile a ananela bohlokoa ba ho ipolela libe le ho li bakela.

Molemo o ka sehloohong oo Davida a ileng a o fumana ke hore o ile a boela a thaba. O ile a re: “Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.” (Pesaleme ea 32:1) O ile a boela a rapela a re: “Jehova, e se eka u ka bula molomo oa ka, e le hore molomo oa ka o ka bolela thoriso ea hao.” (Pesaleme ea 51:15) Davida o ile a susumelletseha ho bolella ba bang ka Jehova kaha o ne a se a imolohile a bile a thabetse hore ebe Molimo o mo tšoaretse.

Jehova o batla hore u be le letsoalo le hloekileng. Hape o batla hore u bolelle ba bang merero ea hae, ka letsoalo le khutsitseng ’me u thabile. (Pesaleme ea 65:1-4) Hopola hore o batla hore “libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova.”—Liketso 3:19.

Seo ke sona se etsahalletseng Martha. O re: “Mor’aka o ne a lula a nthomella limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lerato la ka ho Jehova le ile le la ’na la khutla hanyane ka hanyane. Ntho e neng e le thata ka ho fetisisa ke ho kōpa tšoarelo ea libe tsohle tseo ke neng ke li entse. Empa qetellong ke ile ka rapela Molimo ’me ka mo kōpa hore a ntšoarele. Hoa makatsa hore ke ne ke qetile lilemo tse 40 ke le ka thōko ho phutheho ea Jehova. Phihlelo ea ka e bontša ka ho hlaka hore motho o ntse a ka khutlela ho Molimo esita le ka mor’a lilemo tse ngata.”