Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 3

Ho Utloa Bohloko—Ha re E-na le “Sesosa sa Pelaelo”

Ho Utloa Bohloko—Ha re E-na le “Sesosa sa Pelaelo”

“Morali’abo rōna e mong oa phuthehong ea heso o ile a nketseletsa a re ke utsoitse chelete ea hae. Ha ba bang ka phuthehong ba utloa ka taba ena ba ile ba nka lehlakore. Ha nako e ntse e ea, morali eo oabo rōna o ile a mpolella hore o fumane hore hase ’na ea e utsoitseng. Le hoja a ile a kōpa tšoarelo, ke ne ke ikutloa hore nke ke ka mo tšoarela ho hang ka seo a nkentseng sona.”—Linda.

NA LE uena u kile ua ba boemong bo tšoanang le ba Linda ea neng a utloisitsoe bohloko ke molumeli-’moho le eena? Ka masoabi, batho ba bang ba ile ba halefisoa ke seo ba bang ba ba entseng sona hoo ba ileng ba khaotsa ho kopanela le phutheho. Na seo se kile sa u hlahela?

Na ho na le ea ka Khonang “ho re Arohanya le Lerato la Molimo”?

Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho tšoarela molumeli-’moho le rōna ea re sitetsoeng. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho ratana. (Johanne 13:34, 35) Haeba molumeli-’moho le rōna a re sitetsoe, re utloa bohloko le ho feta.—Pesaleme ea 55:12.

Bibele ea lumela hore ho tla ba le nako eo balumeli-’moho ba tla etsa hore ba bang ba be le “sesosa sa pelaelo.” (Bakolose 3:13) Empa ha seo se re etsahalla, ho ka ’na ha e-ba thata hore re sebetsane le sona. Na ho na le se ka re thusang? A re ke re hlahlobe melao-motheo e meraro ea Mangolo:

Ntate oa rōna ea leholimong o bona lintho tsohle. Jehova o bona lintho tsohle tse re hlahelang, ho akarelletsa le ho tšoaroa ka ho hloka toka hammoho le bohloko boo ho bo bakang. (Baheberu 4:13) Ho phaella moo, Jehova o re utloela bohloko. (Esaia 63:9) Ha ho mohla a lumellang “matšoenyeho kapa mahlomola” kapa ntho leha e le efe—esita le molumeli-’moho le rōna ho ‘re arohanya le lerato la hae.’ (Baroma 8:35, 38, 39) Kahoo, le rōna ha rea lokela ho lumella ntho leha e le efe kapa motho ho re arohanya le Jehova.

Ho tšoarela motho hase ho lokafatsa seo a se entseng. Ho tšoarela ha ho bolele ho nyenyefatsa, ho lokafatsa kapa ho hlokomoloha phoso eo ba bang ba re etselitseng eona. Hopola hore ha ho mohla Jehova a lumellang sebe, empa oa se tšoarela haeba ho e-na le lebaka la ho etsa joalo. (Pesaleme ea 103:12, 13; Habakuke 1:13) Ha Jehova a re khothalletsa hore re tšoarele batho ba bang, ha e le hantle o re kōpa hore re mo etsise. Ha a “lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 103:9; Matheu 6:14.

Ha re khaotsa ho koetla lehloeo, re itsoela molemo. Ka tsela efe? Ak’u nahane ka mohlala o latelang. A re re mohlomong o kakasa pitla ’me u lula u e phahamiselitse holimo. E ka ’na ea se ke ea u imela ha u e phahamiselitse holimo ka nakoana. Empa ho tla etsahala’ng ha u lula u e kakasitse? U bona eka u ka qeta nako e kae u e kakasitse? Ha ho pelaelo hore letsoho la hao le ne le tla khathala haholo! Ke ’nete hore boima ba pitla eo bo ke ke ba fetoha. Empa ha nako e ntse e feta u tla qala ho imeloa le ho feta. Ho koetla lehloeo ho ka u imela ka tsela e tšoanang. Ha re qeta nako e telele re koetlile lehloeo, esita leha le sa bakoa ke ntho e khōlō hakaalo, re ikutloisa bohloko le ho feta. Hase feela Jehova a re khothalletsang hore re se ke ra koetla lehloeo. Ruri ho etsa joalo ho molemong oa rōna.—Liproverbia 11:17.

Ha re khaotsa ho koetla lehloeo, re itsoela molemo

“Ke ne ke Utloa Eka ke Jehova ea Buang le ’Na”

Linda o ile a thusoa ke’ng hore a se ke a koetla lehloeo ka lebaka la tsela eo balumeli-’moho le eena ba neng ba mo tšoere ka eona? E ’ngoe ea lintho tse mo thusitseng ke hore o ile a thuisa ka Mangolo a buang ka ho tšoarela ba bang. (Pesaleme ea 130:3, 4) Ka ho khetheha Linda o ile a khothatsoa ke ho tseba hore ha re tšoarela ba bang, Jehova le eena o tla re tšoarela. (Baefese 4:32–5:2) Ha a bolela kamoo mantsoe ao a ileng a mo ama kateng, o re: “Ke ne ke utloa eka ke Jehova ea buang le ’na.”

Ha nako e ntse e ea, Linda o ile a khaotsa ho koetla lehloeo. O ile a tšoarela morali eo oabo rōna ’me hona joale ke metsoalle e ntšanang se inong. Linda o sa ntse a sebeletsa Jehova. Kholiseha hore Jehova o batla hore le uena u etse se tšoanang.