Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 5

Khutlelang ho “Molisa le Molebeli oa Meea ea Lōna”

Khutlelang ho “Molisa le Molebeli oa Meea ea Lōna”

Na u se u kile ua hlaheloa ke a mang a mathata a hlalositsoeng bukaneng ee? Haeba ho joalo, ha u mong. Bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le ba mehleng ena, ba ’nile ba hlaheloa ke mathata a kang ao. Jehova o ile a ba thusa hore ba a hlōle ’me le uena a ka u thusa.

Jehova o tla u tšehetsa ha u khutlela ho eena

KHOLISEHA hore Jehova o tla u tšehetsa ha u khutlela ho eena. O tla u thusa hore u sebetsane le matšoenyeho, u loantšane le ho utloa bohloko le hore u khotsofale ka ho feletseng ka lebaka la ho ba le letsoalo le hloekileng. Mohlomong u tla boela u susumelletsehe ho sebeletsa Jehova hammoho le balumeli-’moho le uena. Boemo ba hao bo tla tšoana le ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bao moapostola Petrose a ileng a re ho bona: “Le ne le le joaloka linku, tse hlahlathelang; empa joale le khutletse ho molisa le molebeli oa meea ea lōna.”—1 Petrose 2:25.

Ruri ho khutlela ho Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Hobane’ng? U tla thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Joalokaha u tseba, Jehova o na le maikutlo, kahoo lintho tseo re li etsang lia mo ama. Ke ’nete hore Jehova ha a re qobelle hore re mo rate le hore re mo sebeletse. (Deuteronoma 30:19, 20) Seithuti se seng sa Bibele se ile sa re: “Ha ho na motho ea ka bulang pelo ea hao, haese uena feela.” Re ka e bula ka ho sebeletsa Jehova ka lerato. Ha re etsa joalo, re mo fa mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng botšepehi ba rōna ’me seo se mo thabisa haholo. Ka sebele, ha ho letho le ka bapisoang le thabo eo re e fumanang ka lebaka la ho sebeletsa Jehova.—Liketso 20:35; Tšenolo 4:11.

Ho phaella moo, ha u boela u sebeletsa Jehova u tla feptjoa moeeng hape. (Matheu 5:3) Ka tsela efe? Lefatšeng ka bophara batho ba ntse ba ipotsa lipotso tse kang, ‘Re phelela’ng?’ Ba labalabela ho fumana likarabo tsa lipotso tse mabapi le morero oa bophelo. Jehova o bōpile batho ba e-na le takatso eo. O re bōpetse hore re thabele ho mo sebeletsa. Ha ho na ntho e re thabisang ho feta ho tseba hore re sebeletsa Jehova hobane re mo rata.—Pesaleme ea 63:1-5.

Kholiseha hore Jehova o batla hore u khutlele ho eena. U ka kholisoa ke’ng? Nahana ka ntlha ena: Ha ho ne ho ngoloa bukana ena ho ile ha rapeloa ka tieo. Mohlomong u ile ua e fuoa ke moholo ka phuthehong kapa ke molumeli-’moho le uena. Eaba u susumelletseha hore u e bale ’me u etse liphetoho. Sena sohle se bontša hore Jehova ha aa u lebala. Empa ka bonolo o u khutlisetsa ho eena.—Johanne 6:44.

Taba ea hore ha ho mohla Jehova a ka lebalang bahlanka ba hae ba lahlehileng, ea re khothatsa. Ke sona seo morali’abo rōna Donna, a ileng a se ananela. O ile a re: “Ke ne ke se ke le hōle le ’nete, empa hangata ke ne ke khothatsoa ke Pesaleme ea 139:23, 24, e reng: ‘Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso. U bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.’ Ke ne ke hlokomela hore ke hlahlathetse ’me sebaka seo ke leng ho sona hase ntšoanele, hape ke ne ke tseba hore ke lokela ho khutlela ka mokhatlong oa Jehova. Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho khutlela ho eena. Hona joale ke thabile haholo hore ebe ke ile ka etsa joalo!”

“Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho khutlela ho eena”

Re rapela ka tieo hore le uena u boele u fumane “thabo ea Jehova.” (Nehemia 8:10) U ke ke ua ikoahlaela hore ebe u khutletse ho Jehova.