Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 2

Matšoenyeho—“Re Petelitsoe ka Tsela e ’Ngoe le e ’Ngoe”

Matšoenyeho—“Re Petelitsoe ka Tsela e ’Ngoe le e ’Ngoe”

“’Na le monna oa ka re ile ra hlalana ka mor’a lilemo tse 25 re nyalane. Bana ba rōna ba ile ba lahla ’nete. Ke ile ka qala ho tšoaroa ke mafu a fapa-fapaneng. Eaba ke ba le khatello ea maikutlo. Ke ne ke selebaletsoe hoo ke ikutloang ke se na thuso. Ke ile ka khaotsa ho ea libokeng le tšimong.”—June.

KAOFELA re ee re be le matšoenyeho, ho akarelletsa le bahlanka ba Molimo. Mopesaleme o ile a bua ka ‘menahano e mo hlokisang botsitso.’ (Pesaleme ea 94:19) Jesu o ile a re nakong ea bofelo “matšoenyeho a bophelo” a ne a tla etsa hore ho be thata ho sebeletsa Jehova. (Luka 21:34) Na le uena u na le matšoenyeho? Na u tšoenngoa ke mathata a lichelete, mathata a lelapa kapa ho kula? Jehova a ka u thusa joang hore u sebetsane le ’ona?

“Matla a Fetang se Tloaelehileng”

Re ke ke ra sebetsana le matšoenyeho ka matla a rōna. Moapostola Pauluse o ile a re: “Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe . . .  re tsielehile . . . ; re akheloa fatše.” Leha ho le joalo, o ile a boela a re “ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha,” “hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa,” ebile “ha re timetsoe.” Ke’ng e re thusang ho mamella? Ke “matla a fetang se tloaelehileng,” e leng matla ao re a fuoang ke Jehova Molimo oa rōna ea matla ’ohle.—2 Bakorinthe 4:7-9.

Nahana ka litsela tseo ka tsona Molimo a ileng a u fa “matla a fetang se tloaelehileng” nakong e fetileng. Na u hopola kamoo puo e khothatsang e ileng ea matlafatsa kananelo ea hao ea kamoo Jehova a u ratang kateng? Na tumelo ea hao litšepisong tsa Jehova e ne e matlafala ha u ruta ba bang ka tšepo ea Paradeise? Ha re e-ea libokeng, re arolelana le ba bang tumelo ea rōna, re matlafalletsoa ho mamella matšoenyeho a bophelo ebile rea imoloha e le hore re ka sebeletsa Jehova re thabile.

“Latsoang ’me le Bone Hore Jehova o Molemo”

Ke ’nete hore qalong u ka ’na ua se ke ua tseba hore na u nke mohato ofe. Ka mohlala, Jehova o re khothalletsa hore re batle ’Muso pele le hore re be le kemiso ea lintho tsa moea. (Matheu 6:33; Luka 13:24) Empa, u ka etsa’ng haeba khanyetso, ho kula kapa mathata a lelapa a u sitisa ho etsa ho eketsehileng? Ho thoe’ng haeba mosebetsi oa hao o u khathatsa o bile o u hlokisa nako ea lintho tsa moea? Ho hlakile hore u ka tšoenyeha haeba ho e-na le lintho tse ngata haholo tseo u lokelang ho li etsa, empa u se na nako le matla. Mohlomong u ee u ikutloe eka Jehova o lebeletse ho hongata haholo ho uena.

Jehova o tseba bokhoni ba hao. Ha ho mohla a ka u fang mosebetsi oo a tsebang hore u ke ke oa u khona. Hape oa tseba hore re hloka nako e le hore re hlaphoheloe haeba re ile ra ba le khatello ea maikutlo kapa ra fokola moeeng.—Pesaleme ea 103:13, 14.

Ka mohlala, ela hloko kamoo Jehova a ileng a hlokomela moprofeta Elia kateng. Ha Elia a ne a nyahame a bile a tletse tšabo hoo a ileng a balehela lefeelleng, na Jehova o ile a mo omanya ’me a mo laela hore a khutlele kabelong ea hae? Che. Ka mosa, Jehova o ile a romela lengeloi ka makhetlo a mabeli hore le mo tsose le be le mo fe lijo. Leha ho le joalo, matsatsi a 40 hamorao, Elia o ne a ntse a tšoenyehile a bile a tšohile. Jehova o ile a boela a etsa’ng ho mo thusa? Ntho ea pele, Jehova o ile a mo bontša hore a ka mo sireletsa. Ea bobeli, Jehova o ile a mo tšelisa ka “lentsoe le bonolo, le tlaase.” Qetellong, a mo bontša hore ha a mong, empa ho na le bahlanka ba bang ba likete ba tšepahalang. Nakoana ka mor’a moo, Elia o ile a tsoha molota ’me ea e-ba moprofeta ea chesehang. (1 Marena 19:1-19) Ke’ng seo re ithutang sona? Ha Elia a ne a tšoenyehile, Jehova o ile a mo tšoara ka mamello le ka kutloelo-bohloko. Jehova ha a e-s’o fetohe. Le rōna oa re tsotella.

E ka ba hantle hore u se ka ua fetelletsa lintho ha u nahana ka seo u ka se etsetsang Jehova. U se ke ua bapisa seo u khonang ho se etsa hona joale le seo u neng u se etsa pele. Ka mohlala: Semathi seo e leng khale se sa ikoetlise, se ke ke sa lebella hore lintho li tla khutlela setloaeling hang-hang. Empa, butle-butle sea ikoetlisa e le hore se boele se koene. Bakreste ba tšoana le limathi. Ba ikoetlisa ba habile moputso oa bohlokoa. (1 Bakorinthe 9:24-27) Qala ka ho leka ho etsa lintho tseo u bonang hore u ka khona ho li finyella hona joale. Ka mohlala, ikemisetse ho ba teng libokeng. Kōpa Jehova hore a u thuse ho etsa seo. Ha u boela u ba matla moeeng, u tla ‘bona hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) Hopola hore eng kapa eng eo ka lerato u e etsetsang Jehova, leha e le nyenyane—o e nka e le ea bohlokoa.—Luka 21:1-4.

Ha ho mohla Jehova a ka re fang mosebetsi oo a tsebang hore re ke ke ra o khona

“Khothatso eo Esale ke e Hloka”

Jehova o ile a matlafatsa June joang hore a khutlele ho eena? O re: “Ke ne ke lula ke rapela Jehova, ke kōpa hore a nthuse. Eaba ngoetsi ea ka e mpolella hore ho tla ba le kopano toropong eo ke lulang ho eona. Ke ile ka etsa qeto ea ho ea letsatsi le le leng feela. Ruri ho ne ho le monate ho boela ke e-ba har’a batho ba Jehova! Kopano eo e ile ea e-ba khothatso eo esale ke e hloka. Hona joale ke boetse ke sebeletsa Jehova ke thabile. Kea tseba hore na ke phelela’ng. Hape kea tseba hore ke hloka bara le barali beso ebile ke lokela ho amohela thuso ea bona. Ke leboha hore ebe ke fumane monyetla oa ho khutlela ka phuthehong pele bofelo bo fihla.”