Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 3

Rata ba Ratoang ke Molimo

Rata ba Ratoang ke Molimo

“Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—LIPROVERBIA 13:20.

1-3. (a) Bibele e bolela ’nete efe eo re ke keng ra e latola? (b) Re ka khetha metsoalle e tla re susumelletsa ho etsa se setle joang?

BATHO ba batla ba tšoana le seponche ka tsela e itseng; ba tloaetse ho nka mekhoa efe kapa efe e ba potolohileng. Ho bonolo haholo hore motho, a sa lemohe, a nke maikutlo, mekhoa le botho ba bao a tloaelaneng le bona haholo.

2 Bibele e hlalosa ’nete e ke keng ea latoloa ha e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Maele ana ha a bue ka batho ba mpang ba tsebana feela tjee. Poleloana e reng ‘tsamaea le’ e hlalosa batho bao e leng mathe le leleme. * Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e hlalosa temana ena tjena: “Ho tsamaea le motho ho akarelletsa ho mo rata le ho mo khomarela.” Na hase ’nete hore re rata ho etsisa batho bao re ba ratang? Ka sebele, kaha maikutlo a rōna a khomarela batho bao re ba ratang, ba ka re susumetsa ka matla—ka tsela e molemo kapa e mpe.

3 E le hore re lule leratong la Molimo, ke habohlokoa hore re batle metsoalle e tla re susumelletsa hore re etse lintho tse molemo. Re ka batla metsoalle e joalo joang? Ka mantsoe a bonolo, re ka e batla ka ho rata ba ratoang ke Molimo le ka ho etsa setsoalle le metsoalle ea hae. Nahana ka taba ena. Na metsoalle e molemo eo re ka e khethang hase ea batho ba nang le botho boo Jehova a bo batlang ho metsoalle ea hae? Joale, a re ke re hlahlobeng hore na Molimo o rata batho ba mofuta ofe. Haeba re hlaketsoe hantle hore na Jehova o ikutloa joang, re tla ba mocheng oa ho khetha metsoalle e tla re susumelletsa ho etsa se setle.

BA RATOANG KE MOLIMO

4. Ke hobane’ng ha Jehova a e-na le tokelo ea ho khetha hore na ke bo-mang ba tšoanelehang hore e ka ba metsoalle ea hae, hona ke hobane’ng ha Jehova a ile a bitsa Abrahama “motsoalle oa ka”?

4 Tabeng ea setsoalle, Jehova oa khetha hore na ke bo-mang ba tšoanelehang hore e ka ba metsoalle ea hae. Na ha a na tokelo ea ho etsa joalo? Bonneteng, ke Morena ’Musi oa bokahohle ’me ho ba motsoalle oa hae ke tlotla e fetang tsohle. Ebe o khetha bo-mang hore e be metsoalle ea hae? Jehova o atamela haufi le ba mo tšepang le ba lumelang ho eena ka ho feletseng. Ka mohlala, nahana ka mopatriareka Abrahama, monna ea tsejoang ka tumelo ea hae e ikhethang. Ha ho na teko ea tumelo e fetang ea ho kōpa ntate hore a etse mora oa hae sehlabelo. * Empa, “ho ile ha tšoana leha [Abrahama] a nyehetse Isaka” ka tumelo e feletseng ea “hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa bafung.” (Baheberu 11:17-19) Kaha Abrahama o ile a bontša tumelo e joalo le kutlo, ka lerato Jehova o ile a mo bitsa “motsoalle oa ka.”—Esaia 41:8; Jakobo 2:21-23.

5. Jehova o ikutloa joang ka ba mo mamelang ka botšepehi?

5 Ha motho a mamela ka botšepehi, Jehova o ho nka e le ntho ea bohlokoa haholo. O rata batho ba ikemiselitseng ho tšepahala ho eena ho feta ho eng kapa eng. (2 Samuele 22:26) Joalokaha re bone Khaolong ea 1 ea buka ena, Jehova o thabisoa haholo ke ba khethang ho mo mamela hobane ba mo rata. Liproverbia 3:32 e re: “O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” Ba etsang ka botšepehi lintho tseo Molimo a li batlang, Jehova o ba mema ka mosa: E ka ba baeti “tenteng” ea hae—’me ba ka mo rapela ka bolokolohi neng le neng.—Pesaleme ea 15:1-5.

6. Re ka bontša joang hore re rata Jesu, hona Jehova o ikutloa joang ka batho ba ratang Mora oa hae?

6 Jehova o rata ba ratang Jesu, Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. Jesu o itse: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka, Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena re lule le eena.” (Johanne 14:23) Re ka bontša joang hore re rata Jesu? Ha ho pelaelo hore ke ka ho mamela litaelo tsa hae tse akarelletsang ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20; Johanne 14:15, 21) Re boetse re bontša hore re rata Jesu ka hore re “latele mehato ea hae haufi-ufi,” ’me joaloka batho ba sa phethahalang, re mo etsisa ka lipolelo le ka liketso kahohle kamoo re ka khonang. (1 Petrose 2:21) Pelo ea Jehova e thabisoa ke boiteko ba batho bao lerato leo ba ratang Mora oa hae ka lona le ba susumelletsang ho etsisa Kreste.

7. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re etse setsoalle le metsoalle ea Jehova?

7 Tumelo, botšepehi, kutlo le ho rata Jesu le litsela tsa hae, ke tse ling tsa litšobotsi tseo Jehova a lebeletseng hore metsoalle ea Hae e be le tsona. E mong le e mong o lokela ho ipotsa: Na metsoalle ea ka e haufi e na le litšobotsi tsee ebile e etsa lintho ka tsela ee? Na ke entse setsoalle le metsoalle ea Jehova?’ Re lokela ho etsa joalo. Batho ba hlaolelang litšobotsi tsa bomolimo le ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho ba ka re tsoela molemo, ba re susumelletsa hore re phelele boikemisetso ba rōna ba ho khahlisa Molimo.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Motsoalle ea Molemo ke ea Joang?” leqepheng la 29.

HO NKA MOHLALA BIBELENG

8. U khahloa ke eng ka kamano pakeng tsa (a) Naomi le Ruthe? (b) Baheberu ba bararo ba banyenyane? (c) Pauluse le Timothea?

8 Ka Mangolong ho na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba rua molemo ka ho khetha metsoalle e molemo. U ka bala ka kamano e neng e le teng pakeng tsa Naomi le ngoetsi ea hae Ruthe, pakeng tsa Baheberu ba bararo ba banyenyane ba ileng ba momahana Babylona, hammoho le pakeng tsa Pauluse le Timothea. (Ruthe 1:16; Daniele 3:17, 18; 1 Bakorinthe 4:17; Bafilipi 2:20-22) Leha ho le joalo, a re tebiseng maikutlo mohlaleng o mong o ikhethang oa setsoalle pakeng tsa Davida le Jonathane.

9, 10. Motheo oa setsoalle pakeng tsa Davida le Jonathane e ne e le eng?

9 Bibele e bolela hore ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, “moea oa Jonathane [o ile] oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Samuele 18:1) Ke kamoo ho ileng ha qala setsoalle se sa feleng seo leha ba ne ba sieana ka lilemo tse ngata, se ileng sa tšoarella ho fihlela Jonathane a shoela ntoeng. * (2 Samuele 1:26) Motheo oa ho tlamahana hoo ho matla pakeng tsa metsoalle ee e ’meli e ne e le eng?

10 Davida le Jonathane ba ne ba tlamahantsoe ke lerato leo ba neng ba rata Molimo ka lona le takatso ea bona ea ho lula ba tšepahala ho eena. Banna bana ba babeli ba ne ba tlamahantsoe ke ho rata ho khahlisa Molimo. E mong le e mong o ne a bonahatsa botho bo neng bo etsa hore ba ratane. Ha ho pelaelo hore Jonathane o ile a khahloa ke sebete le cheseho ea mohlankana enoa ea ileng a sireletsa lebitso la Jehova a sa tšabe. Ntle ho potang, Davida o ne a hlompha monna enoa e moholo ea neng a tšehetsa litokisetso tsa Jehova ka botšepehi le ea neng a etelletsa pele lithahasello tsa Davida. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Davida a ne a nyahame, a phela e le mophaphathehi lefeelleng e le hore a balehe bohale ba ntate oa Jonathane, Morena Saule ea khopo. Jonathane o ile a bontša botšepehi bo tsotehang ha a etsa matsapa a ho “ea ho Davida . . . e le hore a ka matlafatsa letsoho la hae mabapi le Molimo.” (1 Samuele 23:16) Nahana kamoo Davida a ileng a ikutloa kateng ha motsoalle oa hae ea ratoang a tla ’me a mo bontša hore o ema le eena a bile a mo khothatsa! *

11. U ithuta’ng ka setsoalle mohlaleng oa Jonathane le Davida?

11 Re ithuta’ng ka mohlala oa Jonathane le Davida? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo metsoalle e lokelang ho tšoana ka eona ke ho tataisoa ke melao ea Molimo. Ha re atamela ho ba tšoanang le rōna ka tumelo, ka melao ea boitšoaro le ka takatso ea rōna ea ho lula re tšepahala ho Molimo, re ka fapanyetsana likhopolo, maikutlo le liphihlelo tse khothatsang le tse matlafatsang. (Baroma 1:11, 12) Re fumana metsoalle e joalo e ratang lintho tsa moea har’a barapeli-’moho le rōna. Leha ho le joalo, na see se bolela hore motho e mong le e mong ea tlang Holong ea ’Muso ke motsoalle ea molemo? Ha ho joalo kamehla.

RE KA KHETHA METSOALLE E HAUFI JOANG?

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha metsoalle esita le har’a Bakreste-’moho le rōna? (b) Liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li bile le bothata bofe, bo ileng ba khothalletsa Pauluse hore a fane ka temoso e matla?

12 Esita le ka phuthehong, re lokela ho khetha e le hore metsoalle ea rōna e be batho ba tla re matlafatsa moeeng. Na taba ee e lokela ho re makatsa? Ha ea lokela ho re makatsa haholo. Bakreste ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba nka nako e telele ho butsoa moeeng feela joalokaha litholoana tse ling tse sefateng li ka ’na tsa nka nako e telele ho butsoa. Kahoo, phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe, re fumana Bakreste ba sa tšoaneng ka khōlo moeeng. (Baheberu 5:12–6:3) Ha e le hantle, re mamella ba bacha le ba fokolang, hape rea ba rata hobane re batla ho ba thusa hore ba hōle moeeng.—Baroma 14:1; 15:1.

13 Ka linako tse ling ho ka ba le maemo a re tlamang hore re hlokomele hore na re tloaelana le bo-mang ka phuthehong. Batho ba bang ba ka ’na ba kopanela boitšoarong bo belaetsang. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le moea oa lehloeo kapa oa lipelaelo. Liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo C.E. li ile tsa tobana le bothata bona. Le hoja litho tse ngata li ne li tšepahala, batho ba bang ba ne ba sa itšoara hantle. Kaha ba bang ka phuthehong ea Korinthe ba ne ba sa khomarela lithutong tse itseng tsa Bokreste, moapostola Pauluse o ile a lemosa phutheho a re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:12, 33) Pauluse o ile a hlokomelisa Timothea hore le har’a Bakreste-’moho ho ka ’na ha e-ba le ba bang ba sa itšoareng hantle. Timothea o ile a bolelloa hore a suthe ho ba joalo, a se ke a ba etsa metsoalle e haufi ea hae.—2 Timothea 2:20-22.

14. Re ka sebelisa molao-motheo oa Pauluse mabapi le litloaelano tse mpe joang?

14 Re ka sebelisa molao-motheo oa litemoso tsa Pauluse joang? Ka hore re qobe ho tloaelana le mang kapa mang ea ka bang le tšusumetso e sa lokang, ebang ke ka ntle kapa ka hare ho phutheho. (2 Bathesalonika 3:6, 7, 14) Re lokela ho sireletsa kamano ea rōna le Jehova. U hopole hore joaloka seponche se monyang lintho tse metsi, le rōna re nka maikutlo le mekhoa ea metsoalle ea rōna e haufi. Feela joalokaha re ke ke ra kenya seponche ka har’a asene eaba re lebella hore se tlale metsi, le rōna re ke ke ra tloaelana le batho ba nang le tšusumetso e mpe eaba re lebella ho ba le mekhoa e metle.—1 Bakorinthe 5:6.

U ka fumana metsoalle e molemo har’a barapeli-’moho le uena

15. U ka etsa’ng hore ka phuthehong u fumane metsoalle e sehlang ka thata hore e boloke kamano ea eona le Jehova?

15 Ka lehlohonolo, monyetla oa ho fumana metsoalle e metle har’a barapeli-’moho le rōna o moholo haholo. (Pesaleme ea 133:1) U ka fumana metsoalle e sehlang ka thata ho boloka kamano ea eona le Jehova joang? Ha u ntse u hlaolela botho ba bomolimo le mekhoa ea bomolimo, ha ho pelaelo hore u tla hohela batho ba tšoanang le uena. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u nke mehato ea ho atolosa lerato la hao le ho nka mehato ea ho etsa metsoalle e mecha. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Kamoo re Ileng ra Iketsetsa Metsoalle e Molemo,” leqepheng la 30.) Batla batho ba bontšang botho boo u batlang ho bo bontša. Mamela keletso ea Bibele e reng re “atolohe,” re etse setsoalle le balumeli-’moho le rōna ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, sechaba sefe kapa setso sefe. (2 Bakorinthe 6:13; 1 Petrose 2:17) U se ke ua tloaelana le lithaka tsa hao feela. U hopole hore Jonathane o ne a le moholo haholo ho Davida. Batho ba bangata ba hōlileng ba ka nontša setsoalle ka liphihlelo tsa bona le bohlale ba bona.

HA HO HLAHA MATHATA

16, 17. Ha morapeli-’moho le rōna a re khopisa ka tsela e itseng, ke hobane’ng ha re sa lokela ho furalla phutheho?

16 Kaha ka phuthehong ho na le batho ba sa tšoaneng ka botho le ka semelo, ho ka hlaha mathata nako le nako. Molumeli-’moho le rōna a ka ’na a bua kapa a etsa ho hong ho re khopisang. (Liproverbia 12:18) Ka linako tse ling mathata a totisoa ke botho bo sa tšoaneng, ho se utloisisane kapa ho fapana ka maikutlo. Na re tla khopisoa ke mathata ao ebe re furalla phutheho? Re ke ke ra etsa joalo haeba kannete re rata Jehova le bao a ba ratang.

17 Jehova o tšoaneloa ke lerato la rōna le boinehelo bo feletseng hobane ke ’Mōpi oa rōna le Mophelisi oa rōna. (Tšenolo 4:11) Ntle ho moo, re lokela ho tšehetsa ka botšepehi phutheho eo a khahloang ho e sebelisa. (Baheberu 13:17) Kahoo, haeba morapeli-’moho le rōna a re khopisa kapa a re soabisa ka tsela e itseng, re ke ke ra ntša bohloko ba rōna ka ho furalla phutheho. Re tla be re e furalla ka lebaka lefe? Hase Jehova ea re khopisitseng. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le ke ke la re lumella hore re furalle Molimo le batho ba hae!—Pesaleme ea 119:165.

18. (a) Re ka etsa’ng hore ho be le khotso ka phuthehong? (b) Ho tšoarela motho ha ho e-na le lebaka le utloahalang ho na le melemo efe?

18 Ho rata barapeli-’moho le rōna ho re susumelletsa ho hōlisa khotso ka phuthehong. Jehova ha aa lebella hore bao a ba ratang ebe batho ba phethahetseng, ’me re lokela ho mo etsisa. Lerato le re nolofalletsa ho hlokomoloha liphoso tse nyenyane, re ntse re hopola hore kaofela ha rea phethahala ebile re etsa liphoso. (Liproverbia 17:9; 1 Petrose 4:8) Lerato le re thusa ho tsoela pele re “tšoarelana ka bolokolohi.” (Bakolose 3:13) Ha ho bonolo kamehla ho sebelisa keletso ena. Haeba re lumella maikutlo a mabe hore a re laole, re ka ’na ra jara mofosi eo ka pelo, mohlomong re nahana hore ka ho mo halefela re busetsa molamu sefateng. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho jara motho e mong ka pelo ho lematsa rōna. Ho tšoarela motho ha ho e-na le lebaka le utloahalang la ho mo tšoarela, ho na le melemo e mengata. (Luka 17:3, 4) Ho re khatholla kelellong le pelong, ho boloka khotso ka phuthehong me, ho feta tsohle, ho sireletsa kamano ea rōna le Jehova.—Matheu 6:14, 15; Baroma 14:19.

NAKO EA HO KHAOTSA SETSOALLE

19. Ke maemo afe a ka hlahang a etsang hore ho hlokahale hore re khaotse setsoalle le motho e mong?

19 Ka linako tse ling re kōptjoa ho khaotsa setsoalle le motho eo e neng e le setho sa phutheho. Boemo bona bo hlaha ha motho ea tlōlang molao oa Molimo a sa bake, a khaoloa kapa ha motho a latola tumelo ka ho ruta thuto ea bohata kapa a ikarola phuthehong. Lentsoe la Molimo le re bolella ka ho hlaka hore re “khaotse ho itsoakanya hammoho” le ba joalo. * (1 Bakorinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11) Ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho qoba motho eo mohlomong e neng e le motsoalle kapa mong ka rōna. Na re tla mo qoba ka tieo, ka tsela eo re bontša hore se tlang pele bophelong ba rōna ke ho tšepahala ho Jehova le melao ea hae e lokileng? U hopole hore Jehova o nka botšepehi le kutlo e le lintho tsa bohlokoa haholo.

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha ho khaola e le tokisetso e lerato? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re khethe metsoalle ea rōna ka bohlale?

20 Ha e le hantle, ho khaola ke tokisetso e lerato e tsoang ho Jehova. E lerato joang? Ho leleka moetsalibe ea sa bakeng ho bontša ho rata lebitso le halalelang la Jehova le melao-motheo ea Molimo. (1 Petrose 1:15, 16) Ho khaola ho boloka phutheho e sireletsehile. Litho tse tšepahalang li sireletsoa tšusumetsong ea baetsalibe ba ka boomo ’me li ka tsoela pele ka borapeli ba tsona li tseba hore phutheho ke setšabelo lefatšeng lena le khopo. (1 Bakorinthe 5:7; Baheberu 12:15, 16) Khalemelo e matla e bontša hore mofosi oa ratoa. E ka ’na eaba ke eona feela ntho e ka mo sisinyang e le hore kelello ea hae e hlaphoheloe le hore a nke mehato e hlokahalang ea ho khutlela ho Jehova.—Baheberu 12:11.

21 Ke ’nete hore metsoalle ea rōna e haufi e ka re susumetsa haholo. Kahoo, ke habohlokoa hore re khethe metsoalle ea rōna ka bohlale. Ha re etsa setsoalle le metsoalle ea Jehova ebile re rata bao Molimo a ba ratang, re tla ipokella ka metsoalle e molemo ka ho fetisisa. Seo re tla se fumana ho eona se tla re thusa ho phelela boikemisetso ba rōna ba ho khahlisa Jehova.

^ ser. 2 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho ‘ba le litšebelisano’ le boetse le fetoleloa e le ho ‘tloaelana’ le ho “ba le setsoalle.”—Baahloli 14:20; Liproverbia 22:24.

^ ser. 4 Ha Jehova a ne a kōpa Abrahama sena, o ne a tšoantšetsa boitelo boo eena ka boeena a neng a tla bo etsa ba ho nyehela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Johanne 3:16) Tabeng ea Abrahama, Jehova o ile a mo thiba eaba o fana ka pheleu hore e nke sebaka sa Isaka.—Genese 22:1, 2, 9-13.

^ ser. 9 Davida e ne e le mocha—e “le moshanyana”—ha a bolaea Goliathe ’me o ne a ka ba lilemo li 30 ha Jonathane a e-shoa. (1 Samuele 17:33; 31:2; 2 Samuele 5:4) Ho hlakile hore Jonathane, ea neng a ka ba le lilemo tse 60 ha a e-shoa, o ne a le moholo ho Davida ka lilemo tse 30.

^ ser. 10 Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Samuele 23:17, Jonathane o ile a bua lintho tse hlano ho khothatsa Davida: (1) O ile a khothatsa Davida hore a se ke a tšaba. (2) A mo tiisetsa hore boiteko ba Saule bo ke ke ba atleha. (3) A mo hopotsa hore o tla fuoa borena, joalokaha Molimo a ne a tšepisitse. (4) A ikana hore o tla tšepahala ho Davida. (5) A boela a bolella Davida hore le eena Saule oa bona hore Jonathane o tšepahala ho Davida.

^ ser. 19 Bakeng sa taba e eketsehileng ea kamoo u ka tšoarang batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng phuthehong kateng, bona Sehlomathiso, leqepheng la 207-9.