Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Ho Lumelisa Folakha, ho Vouta le Tšebeletso ea Sechaba

Ho Lumelisa Folakha, ho Vouta le Tšebeletso ea Sechaba

Ho lumelisa folakha. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ho inamela folakha kapa ho e lumelisa hoo hangata ho tsamaeang le ho bina pina ea sechaba, ke ketso ea bolumeli e bontšang hore motho o lumela hore ’Muso kapa baeta-pele ba oona ke bona ba ka fanang ka pholoho eseng Molimo. (Esaia 43:11; 1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) Moeta-pele e mong ea joalo e ne e le Morena Nebukadnezare oa Babylona ea boholo-holo. E le hore a bontše batho bophahamo ba hae le hore na o chesehela bolumeli hakae, morena enoa ea matla o ile a emisa setšoantšo se seholo eaba o qobella bafo ba hae hore ba se inamele nakong eo ’mino o kang pina ea sechaba o neng o letsoa. Leha ho le joalo, Baheberu ba bararo—Shadrake, Meshake le Abednego—ba ile ba hana ho inamela setšoantšo seo, esita leha ba ne ba ka ahloleloa lefu.—Daniele, khaolo ea 3.

Rahistori Carlton Hayes o ngotse hore mehleng ea rōna, “letšoao la bochaba le ka sehloohong le bontšang tumelo le leo e leng lona le rapeloang, ke folakha. Banna ba rola likatiba ha folakha e feta; liroki li ngola lithoko ho rorisa folakha ’me bana ba e binela lifela.” O ile a phaella ka ho bontša hore bochaba bo boetse bo na le matsatsi a bona a “halalelang,” a kang la 4 July naheng ea United States, hammoho le “bahalaleli ba bona le bahale” le “litempele” kapa litempelana. Moketeng oa sechaba Brazil, letona la sesole le ile la re: “Folakha ea hlomphuoa ebile ea rapeloa . . . feela joalokaha lefatše la Bo-ntat’a rōna le rapeloa.” Ka sebele, buka ea The Encyclopedia Americana e ile ea bolela hore, “folakha e halalela joaloka sefapano.”

Haufinyane tjena encyclopedia ena e boletsoeng ka holimo e ile ea bolela hore lipina tsa sechaba “li bontša lerato la naha ’me hangata li akarelletsa ho kōpa ho etsoang ka tsela ea thapelo ea hore Molimo a tataise a be a sireletse sechaba kapa babusi ba sona.” Ka lebaka leo, hase hore bahlanka ba Jehova ke batho ba se nang kutloisiso ha ba talima mekete e bontšang moea oa bochaba e kopanyelletsang ho lumelisa folakha le ho bina pina ea sechaba e le ea bolumeli. Ha e le hantle, buka ea The American Character ha e bua ka taba ea hore ebe likolong tsa United States bana ba Lipaki ba hana ho hlompha folakha kapa ho etsa kano ea botšepehi, e re: “Qetellong ka letoto la linyeoe tse bileng ka pel’a lona, Lekhotla le ka Holimo-limo le tiisitse hore lintho tsena tse pheta-phetoang letsatsi le letsatsi likolong ke lintho tsa bolumeli.”

Le hoja ba sa kopanele meketeng eo ba e nkang e le khahlanong le mangolo, ka sebele batho ba Jehova ba hlompha tokelo ea batho ba bang ea ho etsa joalo. Ba boetse ba hlompha lifolakha tsa linaha e le matšoao a linaha ’me baa hlokomela hore mebuso e lutseng litulong ka molao ke “balaoli ba phahameng” ba sebetsang e le “mosebeletsi oa Molimo.” (Baroma 13:1-4) Kahoo, Lipaki Tsa Jehova, li mamela khothatso ea hore li rapele “malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng.” Leha ho le joalo, sepheo sa rōna ke hore ‘re tsoele pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng.’—1 Timothea 2:2.

Ho vouta likhethong tsa lipolotiki. Bakreste ba ’nete ba hlompha tokelo ea batho ba bang ea ho vouta. Ha ba etse letšolo le khahlanong le ho vouta, ’me ba sebelisana le batho ba boholong ba khethiloeng. Leha ho le joalo, ba ikemiselitse ho lula ba sa jele paate litabeng tsa lipolotiki tsa lichaba. (Matheu 22:21; 1 Petrose 3:16) Mokreste o lokela ho etsa eng linaheng tseo batho ba qobelloang ho vouta kapa moo ha batho ba sa ee libakeng tsa ho khetha, ba halefeloang? Ha a hopola hore Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba ea thoteng ea Dura, Mokreste ea boemong bo tšoanang a ka ’na a etsa qeto ea ho ea sebakeng sa ho khetha haeba letsoalo la hae le mo lumella ho etsa joalo. Leha ho le joalo, o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a jela paate. O lokela ho ela hloko melao-motheo e latelang e tšeletseng:

  1. Balateli ba Jesu ‘hase karolo ea lefatše.’—Johanne 15:19.

  2. Bakreste ba emela Kreste le ’Muso oa hae.—Johanne 18:36; 2 Bakorinthe 5:20.

  3. Phutheho ea Bokreste e lumela lintho tse tšoanang, ’me litho tsa eona li kopantsoe ke lerato le kang la Kreste.—1 Bakorinthe 1:10; Bakolose 3:14.

  4. Ha batho ba khetha motho ea itseng ba jara boikarabello ka lintho tseo a li etsang.—Hlokomela melao-motheo e amehang mantsoeng a tlalehiloeng ho 1 Samuele 8:5, 10-18 le 1 Timothea 5:22.

  5. Jehova o ile a nka hore ha Baiseraele ba ne ba batla ’musi eo ba mo bonang ka mahlo seo e ne e le sesupo sa hore ba Mo furaletse.—1 Samuele 8:7.

  6. Bakreste ba lokela ho bua ka bolokolohi ka ’Muso oa Molimo le batho ba nang le maikutlo a lipolotiki a mefuta eohle.—Matheu 24:14; 28:19, 20; Baheberu 10:35.

Tšebeletso ea sechaba. Linaheng tse ling, ’Muso o hloka hore batho ba hanang ho etsa tšebeletso ea sesole ba etse tšebeletso e itseng ea sechaba ka nako e itseng. Haeba re tlameha ho etsa qeto mabapi le taba ena, re lokela ho rapela ka eona, mohlomong re ka ba ra buisana ka eona le Mokreste-’moho ea hōlileng moeeng, ebe joale re latela letsoalo la rōna ho etsa qeto e thehiloeng ho seo re ithutileng sona mabapi le taba eo.—Liproverbia 2:1-5; Bafilipi 4:5.

Lentsoe la Molimo le re bolella hore re ‘mamele mebuso le balaoli joaloka babusi, re lokele mosebetsi o mong le o mong o molemo, re be le kahlolo e molemo.’ (Tite 3:1, 2) Re ntse re nahanne ka seo re ka ’na ra ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na ha ke amohela tšebeletso eo ea sechaba ke tla be ke tsoa tlaase ho se jele paate ha ka ha Bokreste kapa seo se tla etsa hore ke kopanele bolumeling ba bohata?’ (Mikea 4:3, 5; 2 Bakorinthe 6:16, 17) ‘Na ho etsa mosebetsi oo ho tla etsa hore ho be thata hore ke phethahatse boikarabelo ba ka ba Bokreste kapa ho tla etsa hore ke sitoe ho bo phetha?’ (Matheu 28:19, 20; Baefese 6:4; Baheberu 10:24, 25) ‘Ka lehlakoreng le leng, na ha ke kopanela mosebetsing o joalo kemiso ea ka e tla ntumella hore ke eketse tšebeletso ea ka mesebetsing ea phutheho, hoo mohlomong nka bang tšebeletsong ea nako e tletseng?’—Baheberu 6:11, 12.

Haeba ka letsoalo le khutsitseng Mokreste a etsa qeto ea hore a ka mpa a etsa tšebeletso ea sechaba ho e-na le ho ea chankaneng, Bakreste-’moho le eena ba lokela ho hlompha qeto ea hae. (Baroma 14:10) Leha ho le joalo, haeba a utloa hore a ke ke a etsa tšebeletso e joalo, le teng ba bang ba lokela ho hlompha qeto eo ea hae.—1 Bakorinthe 10:29; 2 Bakorinthe 1:24.