Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 1

“Se Boleloang ke Lerato la Molimo ke Sena”

“Se Boleloang ke Lerato la Molimo ke Sena”

“Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 JOHANNE 5:3.

1, 2. Ke’ng e u susumelletsang hore u rate Jehova Molimo?

NA U rata Molimo? Haeba u se u inehetse ho Jehova Molimo, ha ho pelaelo hore u re e, u sa thekesele—’me ho loketse hore ho be joalo! Ka sebele hoa utloahala hore re rate Jehova. Ha e le hantle, re rata Molimo hobane oa re rata. Bibele e beha taba ena tjena: “Ha e le rōna, rea rata, hobane [Jehova] o ile a re rata pele.”—1 Johanne 4:19.

2 Jehova ke eena ea nkileng bohato ba hore a re bontše lerato pele. O re file lehae le letle la lefatše. O re hlokomela ’meleng hape o re hlokomela ka lintho tse bonahalang tseo re li hlokang. (Matheu 5:43-48) Sa bohlokoa le ho feta, o re fa lintho tseo re li hlokang moeeng. O re file Lentsoe la hae, e leng Bibele. Ho phaella moo, o re kōpa hore re mo rapele, ’me o re tiisetsa hore o tla re utloa le hore o tla re fa moea o halalelang oa hae hore o re thuse. (Pesaleme ea 65:2; Luka 11:13) Ho feta tsohle, o ile a roma Mora oa hae oa bohlokoa ka ho fetisisa hore e be Morekolli oa rōna e le hore re ka lopolloa sebeng le lefung. Jehova o re bontšitse lerato le leholo hakaakang!—Johanne 3:16; Baroma 5:8.

3. (a) Re lokela ho etsa’ng hore re lule leratong la Molimo? (b) Re lokela ho nahana ka potso efe ea bohlokoa, hona karabo e fumanoa hokae?

3 Jehova o batla hore re rue molemo oa lerato la hae ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, hore na re tla o rua kapa che, ho ho rōna. Lentsoe la Molimo lea re eletsa: “Le ipoloke leratong la Molimo, . . . ka tebello ea bophelo bo sa feleng.” (Juda 21) Poleloana e reng “le ipoloke” e bontša hore se ka re thusang ho lula leratong la Molimo ke hore ho be le seo re se etsang. Re lokela ho etsa ho hong ho bontša hore re ananela lerato la hae. Kahoo, potso ea bohlokoa eo re lokelang ho nahana ka eona ke ena, ‘Ebe nka bontša joang hore ke rata Molimo?’ Karabo e fumanoa mantsoeng a bululetsoeng a moapostola Johanne: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Re lokela ho hlahloba moelelo oa mantsoe ana ka hloko, hobane re batla ho bontša Molimo oa rōna hore re mo rata haholo.

“SE BOLELOANG KE LERATO LA MOLIMO KE SENA”

4, 5. (a) Poleloana e reng “lerato la Molimo” e bolela’ng? (b) Hlalosa hore na lerato la hao ho Jehova le ile la qala ho hōla joang pelong ea hao.

4 “Lerato la Molimo”? Ebe moapostola Johanne o ne a nahanne’ng ha a ngola mantsoe ao? Poleloana ena ha e bue ka lerato leo Molimo a re ratang ka lona, e bua ka lerato leo rōna re ratang Molimo ka lona. Na u hopola nako eo u qalileng ho rata Jehova ka eona pelong ea hao?

Ho mamela Jehova ka lerato ho qala ka boinehelo le kolobetso

5 Ka nakoana feela, nahana ka nako eo u neng u qala ho ithuta ’nete ka Jehova le ka merero ea hae eaba u qala ho ba le tumelo. U ile ua utloisisa hore le hoja u tsoetsoe u le moetsalibe ea hōle le Molimo, Jehova o u buletse tsela ka Kreste hore u fumane ho phethahala hoo Adama a ileng a ho lahla le hore u rue bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Baroma 5:12, 18) U ile ua qala ho utloisisa boitelo bo boholo boo Jehova a ileng a bo etsa ha a roma Mora oa hae oa bohlokoa ka ho fetisisa hore a tl’o u shoela. Pelo ea hao e ile ea susumetseha, ’me u ile ua qala ho utloa u rata Molimo ea u bontšitseng lerato le leholo hakaalo.—1 Johanne 4:9, 10.

6. Lerato la ’nete le bontšoa joang, ’me ho rata Molimo ho ile ha u susumelletsa hore u etse’ng?

6 Leha ho le joalo, boikutlo boo e ne e le qalo feela ea ho rata Jehova e le kannete. Lerato hase boikutlo feela. Ho rata Molimo e le kannete ha ho akarelletse feela ho re: “Ke rata Jehova.” Joaloka tumelo, lerato la ’nete le bonahala ka liketso tseo le susumelletsang batho hore ba li etse. (Jakobo 2:26) Ka ho khetheha, lerato le iponahatsa ka liketso tse khahlisang eo re mo ratang. Kahoo, ha u ne u qala ho rata Jehova ka pelong ea hao, u ile ua ba le takatso ea ho phela ka tsela e khahlisang Ntate oa hao oa leholimo. Na u Paki e kolobelitsoeng? Haeba ho joalo, lerato lena le tebileng le boinehelo li ile tsa etsa hore u etse qeto ea bohlokoahali bophelong ba hao. U ile ua inehela ho Jehova hore u etse thato ea hae, eaba u bontša boinehelo ba hao ka hore u kolobetsoe. (Baroma 14:7, 8) Ho phethahatsa tšepiso ena e tiileng eo u e etselitseng Jehova ho akarelletsa se latelang se boleloang ke moapostola Johanne.

“RE BOLOKE LITAELO TSA HAE”

7. Litaelo tse ling tsa Molimo ke life, ’me ho li boloka ho akarelletsa’ng?

Johanne o hlalosa hore seo lerato la Molimo le se bolelang ke ho re: “Re boloke litaelo tsa hae.” Litaelo tsa Molimo ke life? Jehova o re fa litaelo tse ’maloa tse tobileng ka Lentsoe la hae, Bibele. Ka mohlala, o hanela mekhoa e kang botahoa, bohlola, borapeli ba litšoantšo, ho utsoa le ho qala leshano. (1 Bakorinthe 5:11; 6:18; 10:14; Baefese 4:28; Bakolose 3:9) Ho boloka litaelo tsa Molimo ho akarelletsa ho phela tumellanong le melao e hlakileng ea boitšoaro ea Bibele.

8, 9. Re ka tseba joang hore na ke sefe se khahlisang Jehova esita le maemong ao ho ’ona Bibele e sa faneng ka molao o tobileng? Etsa mohlala.

8 Leha ho le joalo, e le hore re khahlise Jehova, ha rea lokela ho mamela feela litaelo tsa hae tse tobileng. Jehova ha a re sitise ho phela ka ho re behela melao e laolang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Kahoo, letsatsi le letsatsi, re ka ’na ra thulana le maemo a mangata ao Bibele e sa faneng ka litaelo tse tobileng ho ’ona. Maemong ao, re ka tseba joang hore na ke eng e khahlisang Jehova? Bibele e na le lintho tse hlakileng tse bontšang tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ha re ntse re ithuta Bibele, re ithuta seo Jehova a se ratang le seo a sa se rateng. (Pesaleme ea 97:10; Liproverbia 6:16-19) Re lemoha hore na ke maikutlo afe le liketso life tseo a li nkang e le tsa bohlokoa. Ha re ntse re ithuta haholo ka botho ba Jehova le ka litsela tsa hae, re tla khona ho lumella monahano oa hae hore o laole liqeto tsa rōna le hore o susumetse liketso tsa rōna haholo. Kahoo, esita le maemong ao ho ’ona Bibele e sa faneng ka molao o tobileng, hangata re ka lemoha “seo thato ea Jehova e leng sona.”—Baefese 5:17.

9 Ka mohlala, Bibele ha e fane ka taelo e tobileng e re bolellang hore re se ke ra shebella mananeo a thelevishene kapa libaesekopo tse bontšang pefo e feteletseng kapa thobalano ea boitšoaro bo bobe. Empa na re hlile re hloka molao o tobileng o hanelang ho shebella lintho tsee? Rea tseba hore na Jehova o nka lintho tsa mofuta ona joang. Lentsoe la hae le re bolella ka ho hlaka le re: “Ka sebele moea oa [Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Le boetse le re: “Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Ha re nahanisisa ka mantsoe ana a bululetsoeng, re ka lemoha ka ho hlaka hore na thato ea Jehova ke eng. Ka lebaka leo, re etsa qeto ea hore re se ke ra ithabisa ka ho shebella litšoantšo tse bontšang pepenene mekhoa eo Molimo oa rōna a e hloileng. Rea tseba hore Jehova oa thaba ha re qoba boitšoaro bo litšila boo lefatše lena le lekang ho bo hlahisa eka ke boithabiso bo seng kotsi. *

10, 11. Ke hobane’ng ha re khetha ho mamela Jehova, ’me re mo mamela ka tsela efe?

10 Lebaka le ka sehloohong leo re bolokang litaelo tsa Molimo ka lona ke lefe? Ke hobane’ng ha re batla ho phela letsatsi le leng le le leng tumellanong le seo re tsebang hore ke tsela eo Molimo a nahanang ka eona? Ha re khethe tsela eo feela hobane re batla ho phema kotlo kapa ho qoba liphello tse kotsi tse tlelang ba hlokomolohang thato ea Molimo. (Bagalata 6:7) Ho e-na le hoo, re nka ho mamela Jehova e le monyetla oa bohlokoa oa ho bontša hore rea mo rata. Feela joalokaha ngoana a chesehela ho amoheleha ho ntate oa hae, le rōna re batla ho amoheleha ho Jehova. (Pesaleme ea 5:12) Ke Ntate oa rōna ’me rea mo rata. Ha ho letho le re thabisang le le re khotsofatsang ho feta ho tseba hore re phela ka tsela e etsang hore re ‘fumane kamohelo e tsoang ho Jehova.’—Liproverbia 12:2.

11 Kahoo, ha re mamele ka lekhonono; ebile ha re mamele maemong a itseng feela. * Ha re ikhethele litaelo tseo re li mamelang le tseo re sa li mameleng, ha re mamele feela ha ho theosetsa. Ho fapana le moo, re ‘mamela ho tloha pelong.’ (Baroma 6:17) Re ikutloa joaloka mopesaleme oa Bibele ea ileng a ngola a re: “Ke tla rata litaelo tsa hao tseo ke li ratileng.” (Pesaleme ea 119:47) Ka sebele re rata ho mamela Jehova. Rea hlokomela hore hoa tšoaneleha ebile hoa hlokahala hore re mo mamele ka ho feletseng le tlas’a maemo ’ohle. (Deuteronoma 12:32) Re rata hore Jehova a bue ka rōna seo Lentsoe la hae le se bolelang ka Noe. Ha Bibele e bua ka mopatriareka eo ea tšepahalang, ea ileng a bontša hore o rata Molimo ka ho mo mamela ka lilemo tse mashome, e re: “Noe [a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.”—Genese 6:22.

12. Ke neng ho mamela ha rōna ho thabisang pelo ea Jehova?

12 Jehova o ikutloa joang ha re mo mamela ka ho rata? Lentsoe la hae le re ka ho etsa joalo re ‘thabisa pelo ea hae.’ (Liproverbia 27:11) Na ha re mamela re hlile re thabisa pelo ea ’Musi Morena oa bokahohle? Ka sebele rea e thabisa, ’me e le ka lebaka le utloahalang! Jehova o ile a re bōpa re e-na le bolokolohi ba ho khetha. Sena se bolela hore re ka khetha ho mamela Molimo, kapa re ka khetha ho se mo mamele. (Deuteronoma 30:15, 16, 19, 20) Ha re ithaopela ho mamela Jehova ’me re etsa qeto eo hobane re susumetsoa ke pelo e tletseng lerato bakeng sa Molimo, re khahlisa Ntat’a rōna oa leholimo haholo ebile re mo thabisa haholo. (Liproverbia 11:20) Hape re khetha tsela e molemohali ea ho phela.

“LITAELO TSA HAE HA LI BOIMA”

13, 14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ‘litaelo tsa Molimo ha li boima,’ ’me re ka bapisa taba ee joang?

13 Moapostola Johanne o re bolella ho hong ho khothatsang haholo ka litaelo tsa Jehova ha a re: “Litaelo tsa hae ha li boima.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boima” ho 1 Johanne 5:3 le hlile le bolela ntho “e imelang.” * Litaelo tsa Jehova lia utloahala ebile ha li hatelle. Melao ea hae e bonolo hore batho ba sa phethahalang ba e mamele.

14 Re ka ’na ra etsetsa taba ena papiso ka tsela ena. Motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o u kōpa hore u mo thuse ho thotha ha a fallela sebakeng se seng. Ho na le mabokose a mangata a lokelang ho nkoa. A mang a ’ona a bobebe hoo motho a le mong a ka a nkang habobebe, empa a mang a boima ’me a hloka ho nkoa ke batho ba babeli. Motsoalle oa hao o u khethela mabokose ao a batlang hore u a nke. Na o tla u khethela mabokose ao a tsebang hore a tla u imela? Che. A ke ke a rata hore u itematse ka hore u leke ho a nka u le mong. Ka tsela e tšoanang, Molimo oa rōna ea lerato le ea mosa ha a re kōpe hore re boloke litaelo tseo ho leng thata haholo hore re li phethe. (Deuteronoma 30:11-14) A ke ke a re kōpa hore re nke moroalo o boima hakaalo. Jehova o utloisisa mefokolo ea rōna, hobane “o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:14.

15. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore litaelo tsa Jehova li etselitsoe hore li re tsoele molemo haholo?

15 Litaelo tsa Jehova ha li boima ho hang, li etselitsoe hore li re tsoele molemo haholo. (Esaia 48:17) Kahoo, Moshe o ne a ka bolella Baiseraele ba boholo-holo a re: “Jehova o laetse hore re phethe melao ena eohle ea tsamaiso, hore re tšabe Jehova Molimo oa rōna bakeng sa molemo oa rōna kamehla, e le hore re tsoele pele re phela joaloka letsatsing lena.” (Deuteronoma 6:24) Le rōna re ka kholiseha hore ha Jehova a re fa melao ea hae, o thahasella hore re iketle ka nako e telele le ka ho sa feleng. Na ruri a ka re fa melao e re lematsang? Jehova ke Molimo ea bohlale bo ke keng ba lekanngoa. (Baroma 11:33) Kahoo, o tseba se ka re tsoelang molemo haholo. Hape, Jehova ke mohlala o ka sehloohong oa lerato. (1 Johanne 4:8) Lerato le susumetsa sohle seo a se buang le seo a se etsang hobane ke seo a leng sona. Ke motheo oa litaelo tsohle tseo a li behelang bahlanka ba hae.

16. Ho sa tsotellehe litšusumetso tsa lefatše lena le hlephileng boitšoarong le mekhoa e bakoang ke ho se phethahale, ke hobane’ng ha re ka phehella ho mamela Molimo?

16 Sena ha se bolele hore ho bonolo ho mamela Molimo. Re lokela ho loana le litšusumetso tsa lefatše lena le hlephileng boitšoarong, le ‘rapaletseng matleng a ea khopo.’ (1 Johanne 5:19) Re boetse re lokela ho loana le ho se phethahale ho re susumelletsang hore re tlōle melao ea Molimo. (Baroma 7:21-25) Empa ha re rata Molimo re ka atleha. Jehova o hlohonolofatsa ba mo mamelang hobane ba batla ho bontša hore baa mo rata. O fana ka moea oa hae o halalelang ho “ba mo mamelang e le ’musi.” (Liketso 5:32) Moea oo o hlahisa ka hare ho rōna tholoana e babatsehang—e leng botho bo ka re thusang hore re phehelle ho mo mamela.—Bagalata 5:22, 23.

17, 18. (a) Bukeng ee re tla sekaseka eng, ’me ha re ntse re e sekaseka, re lokela ho hopola’ng? (b) Khaolong e latelang re tla tšohla’ng?

17 Bukeng ena, re tla sekaseka melao-motheo ea Jehova, le melao ea hae ea boitšoaro le lintho tse ling tse ngata tse bontšang hore na thato ea hae ke efe. Ha re ntse re sekaseka melao-motheo ea Jehova, re lokela ho hopola lintho tse ’maloa tsa bohlokoa. A re hopoleng hore Jehova ha a re qobelle ho mamela melao ea hae le melao-motheo ea hae; o batla hore re mo mamele ka boithatelo ho tsoa botebong ba pelo. A re hopoleng hore Jehova o re kōpa hore re phele ka tsela e tla re tlisetsa melemo e meholo hona joale le e tla re isa bophelong bo sa feleng ka moso. A re nkeng ho mamela ha rōna ka pelo eohle e le monyetla oa bohlokoa oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo.

18 Ka lerato Jehova o re file letsoalo e le ho re thusa hore re tsebe ho khetha se nepahetseng ho se fosahetseng. Leha ho le joalo, matsoalo a rōna a lokela ho koetlisoa e le hore a tle a re tsamaise ka tsela e tšepahalang ’me re tla tšohla sena khaolong e latelang.

^ ser. 9 Bona Khaolo ea 6 ea buka ena e tšohlang kamoo ho ka khethoang boithabiso bo molemo kateng.

^ ser. 11 Le meea e khopo e ka mamela ka lekhonono. Ha Jesu a ne a laela bademona hore ba tsoe bathong ba bang bao ba neng ba kene ho bona, ba ile ba tlameha ho hlompha bolaoli ba hae le ho mo mamela, le hoja ba ne ba sa rate.—Mareka 1:27; 5:7-13.

^ ser. 13 Ho Matheu 23:4, lentsoe lena le sebelisitsoe ho hlalosa “mejaro e boima,” melao e qapollisang lintlha le lineano tse entsoeng ke batho tseo bangoli le Bafarisi ba neng ba imetsa batho feela ka tsona. Lentsoe lena le fetoletsoe e le “hatellang” ho Liketso 20:29, 30 ’me le bolela bakoenehi ba khahlapetsang ba neng ba ‘bua lintho tse sothehileng’ le ba neng ba batla ho khelosa ba bang.