Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 14

Re Tšehetsa ’Muso oa Molimo ka Botšepehi Eseng ’Muso Leha e le Ofe

Re Tšehetsa ’Muso oa Molimo ka Botšepehi Eseng ’Muso Leha e le Ofe

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Batho ba Molimo ba bontša botšepehi ’Musong oa Molimo ka ho se be karolo ea lefatše

1, 2. (a) Ke molao-motheo ofe o ’nileng oa tataisa balateli ba Jesu ho fihlela mehleng ea rōna? (b) Lira tsa rōna li ’nile tsa leka joang ho re hlōla, hona liphello e bile life?

JESU o ile a ema ka pel’a Pilato, moahloli ea matla oa mehleng ea Bajuda, eaba o bua ka molao-motheo o ’nileng oa tataisa balateli ba Hae ho fihlela kajeno. O ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Joh. 18:36) Pilato o ile a ahlolela Jesu lefu empa o ne a sa hlōla. Jesu o ile a tsosoa bafung. Baemphera ba ’Muso oa Roma o matla ba ile ba leka ho felisa balateli ba Kreste empa ha baa ka ba atleha. Bakreste ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle ka nako eo.—Bakol. 1:23.

2 Ka mor’a hore ’Muso o thehoe ka 1914, e meng ea mebuso e matla e kileng ea e-ba teng e ’nile ea leka ho felisa batho ba Molimo. Empa ha ho le o le mong o ileng oa re hlōla. Mebuso e mengata le mekhatlo ea lipolotiki e ’nile ea re qobella hore re e tšehetse lintoeng. Ha ea ka ea atleha ho etsa hore ho be le likarohano har’a rōna. Kajeno, ’Muso o na le bafo hoo e ka bang lefatšeng lohle ’me re kopane hammoho re le bara ba motho ebile ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Sena ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo oa busa le hore Morena Jesu Kreste o ntse a tsoela pele ho tataisa, ho hloekisa le ho sireletsa bafo ba hae. A re ke re hlahlobe kamoo a etsang sena kateng ’me re bone le kamoo ho hlōla linyeoe ho re matlafatsang tumelo kateng ha re ntse re tsoela pele ho se be “karolo ea lefatše.”—Joh. 17:14.

Taba e Ileng ea E-ba ea Bohlokoa

3, 4. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha ’Muso o thehoa? (b) Na batho ba Molimo ba ne ba utloisisa ka botlalo taba ea ho se nke lehlakore lintoeng? Hlalosa.

3 Ka mor’a hore ’Muso o thehoe, ntoa e ile ea qhoma leholimong ’me Satane o ile a liheloa tlaase lefatšeng. (Bala Tšenolo 12:7-10, 12.) Ho ile ha boela ha qhoma ntoa lefatšeng ’me seo se ile sa leka botšepehi ba batho ba Molimo. Ba ne ba ikemiselitse ho latela mohlala oa Jesu oa ho se be karolo ea lefatše. Leha ho le joalo, pele ba ne ba sa utloisise hore na ho ne ho tla ba boima hakae ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki.

4 Ka mohlala, buka ea botšelela ea Millennial Dawn, * e hatisitsoeng ka 1904, e ile ea khothalletsa Bakreste hore ba qobe ho kena lintoeng. Leha ho le joalo, e ile ea bontša hore haeba Mokreste a qobeletsoe ho ngolisa sesoleng, o lokela ho leka ho kōpa ho etsa mosebetsi o mong o sa amaneng le ho ea ntoeng. Haeba seo se ne se sa khonehe ’me a romeloa ntoeng, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha a bolaee motho. Ha a bua ka boemo ba ka nako eo, Herbert Senior ea neng a lula Brithani, ea kolobelitsoeng ka 1905, o ile a re: “Ho ne ho e-na le pherekano e ngata har’a barab’abo rōna ’me ho ne ho se na keletso e hlakileng mabapi le hore na ho loketse ho kenela sesole empa o etsa mosebetsi o sa amaneng le ho ea ntoeng na.”

5. Makasine ea The Watch Tower ea September 1, 1915 e ile ea etsa hore re utloisise taba efe ka ho hlaka?

5 Leha ho le joalo, makasine ea The Watch Tower ea September 1, 1915, e ile ea etsa hore re utloisise taba ena ka ho hlaka. Ha e bua ka seo buka ea Studies in the Scriptures, e ileng ea se khothalletsa, makasine eo e ile ea re: “Rea ipotsa hore ho kenela sesole empa re sa bolaee batho ebe hase ho sekisetsa melao-motheo ea Bokreste na.” Empa Mokreste o ne a lokela ho etsa’ng ha a tšosoa ka hore o tla thunngoa haeba a hana ho apara liaparo tsa masole le ho kenela sesole? Sehlooho seo se ile sa re: “Na ha ho molemo ho thunngoa ka lebaka la hore re tšepahalla Morena oa Khotso le ka lebaka la ho mamela taelo ea Hae, ho e-na le ho thunngoa ka lebaka la ho sebeletsa marena a lefatše le ho a tšehetsa ’me ka ho etsa joalo re bontša ho se mamele Morena oa rōna ea Leholimong? Re tla khetha ho shoa ka lebaka la ho tšepahalla Morena oa rōna oa Leholimo.” Ho sa tsotellehe ntlha eo e matla, sehlooho seo se ile sa qetella ka ho re: “Ha re khothalletse batho hore ba khethe seo. Re mpa re etsa tlhahiso.”

6. U ithutile’ng mohlaleng oa Mor’abo rōna Herbert Senior?

6 Barab’abo rōna ba bang ba ile ba utloisisa ka ho hlaka hore ho kenela sesole ho fosahetse ’me ba ile ba itokisetsa ho tobana le mathata. Herbert Senior, ea qotsitsoeng ka holimo o ile a re: “Ho ’na ho ne ho se na phapang pakeng tsa ho theola libetsa sekepeng [ho etsa mosebetsi o sa amaneng le ho ea ntoeng] le ho loana ntoeng.” (Luka 16:10) Kaha o ile a hana ho ea sesoleng ka lebaka la bolumeli ba hae, Mor’abo rōna Senior o ile a isoa chankaneng. Eena le barab’abo rōna ba bane ba ne ba le har’a batho ba 16 ba ileng ba hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli, ho akarelletsa le banna ba neng ba tsoa malumeling a mang, ba ileng ba hlola chankaneng ea Richmond e Brithani ’me hamorao sehlopha seo se ile sa bitsoa Richmond 16. Ka letsatsi le leng, Herbert le ba bang ba ile ba nkoa ka sekhukhu ka sekepe eaba ba isoa Fora moo ntoa e neng e kupa teng e le hore ba thunngoe. Eena le ba bang ba ile ba behoa ka pel’a masole empa ha baa ka ba bolaoa. Ho e-na le hoo, kahlolo ea bona e ile ea fokotsoa hore ba hlole lilemo tse leshome chankaneng.

“Ke ile ka utloisisa hore batho ba Molimo ba lokela ho ba le khotso le batho bohle, esita le nakong ea ntoa.”—Simon Kraker (Sheba serapa sa 7)

7. Ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e qhoma, batho ba Molimo ba ne ba se ba ntse ba utloisisa’ng?

7 Ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e qhoma, batho ba Jehova ba ne ba se ba ntse ba utloisisa ka ho hlaka hore na ho bolela’ng ho se nke lehlakore le hore na ba ne ba hloka ho etsa’ng e le hore ba latele mohlala oa Jesu. (Mat. 26:51-53; Joh. 17:14-16; 1 Pet. 2:21) Ka mohlala, makasine ea The Watchtower ea November 1, 1939, e ne e e-na le sehlooho sa bohlokoa se reng, “Ho se Nke Lehlakore” ’me se ile sa re: “Batho ba selekaneng le Jehova ba tla busoa ke molao oa hore ho hang ba se ke ba nka lehlakore lintoeng tsa lichaba.” Ha Simon Kraker, eo hamorao a ileng a sebeletsa ntlo-khōlō e Brooklyn, New York, a bua ka sehlooho seo, o ile a re: “Ke ile ka utloisisa hore batho ba Molimo ba lokela ho ba le khotso le batho bohle, esita le nakong ea ntoa.” Lijo tseo tsa moea li ile tsa fanoa ka nako e loketseng ’me li ile tsa lokisetsa batho ba Molimo hore ba tobane le mahloriso a maholo ka ho fetisisa ka lebaka la ho tšepahalla ha bona ’Muso.

Ho Tšosoa ke “Nōka” ea Khanyetso

8, 9. Boprofeta ba moapostola Johanne bo ile ba phethahala joang?

8 Moapostola Johanne o ile a profeta hore ka mor’a hore ’Muso o thehoe ka 1914, noha, Satane Diabolose, e ne e tla leka ho felisa batšehetsi ba ’Muso oa Molimo ka hore e tšoele nōka ea tšoantšetso molomong oa eona. * (Bala Tšenolo 12:9, 15.) Boprofeta ba Johanne bo ile ba phethahala joang? Ho tloha lilemong tsa bo-1920 ho ea pele batho ba Molimo ba ile ba hanyetsoa le ho feta. Joaloka barab’abo rōna ba bangata ba neng ba lula Amerika Leboea nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Mor’abo rōna Kraker o ile a lahleloa chankaneng ka lebaka la ho tšepahalla ’Muso oa Molimo. Ha e le hantle, ha ntoa e ntse e kupa, har’a batšoaruoa ba bang le ba bang ba bararo ba neng ba tšoeroe lichankaneng tsa United States ka lebaka la ho se kenele sesole ka lebaka la bolumeli, ba babeli e ne e le Lipaki Tsa Jehova.

9 Diabolose le baemeli ba hae ba ne ba ikemiselitse ho etsa hore bafo ba ’Muso ba khaotse ho tšepahala, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba lula hokae. Ho pholletsa le Afrika, Europe le United States, ba ne ba isoa makhotleng a linyeoe le ka pel’a batho ba neng ba etsa qeto ea hore na ba lokela ho lokolloa ka parole na. Ka lebaka la hore ba ne ba tiile qetong ea bona ea hore ba ke ke ba nka lehlakore, ba ile ba kenngoa chankaneng, ba otloa le ho khaoloa litho. Batho ba Molimo ba Jeremane ba ile ba tobana le khanyetso e matla ka lebaka la ho hana ho tlotla Hitler kapa ho kopanela ntoeng. Batho ba ka bang 6 000 ba ile ba koalloa lichankaneng nakong ea puso ea Manazi ’me ho ile ha bolaoa Lipaki tse fetang 1 600 tsa Majeremane le tseo e seng Majeremane. Ho ntse ho le joalo, Diabolose o ile a hlōleha ho felisa batho ba Molimo.—Mar. 8:34, 35.

“Lefatše” le Metsa “Nōka”

10. “Lefatše” le tšoantšetsa eng, hona le ’nile la emela batho ba Molimo joang?

10 Boprofeta ba moapostola Johanne bo ile ba bolela hore “lefatše,” e leng ba boholong ba neng ba tla emela batho ba Molimo, le ne le tla metsa “nōka” ea mahloriso ’me ka ho etsa joalo le thuse batho ba Molimo. Karolo eo ea boprofeta e phethahetse joang? Lilemo tse mashome ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, hangata “lefatše” le ’nile la emela batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso oa Bomesia. (Bala Tšenolo 12:16.) Ka mohlala, makhotla a nang le tšusumetso e matla a ’nile a sireletsa litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova ha li hana ho kenela sesole le ha li hana ho kenella meketeng ea bochaba. A re qaleng ka ho hlahloba kamoo Jehova a ileng a etsa hore batho ba hae ba hlōle linyeoe tse khōlō tse amanang le taba ea ho kenela sesole.—Pes. 68:20.

11, 12. Mor’abo rōna Sicurella le Thlimmenos ba ile ba kopana le mathata afe, hona phello e ile ea e-ba efe?

11 United States. Anthony Sicurella e ne e le e mong oa bana ba tšeletseng ba Lipaki. O ile a kolobetsoa a le lilemo li 15. Ha a le lilemo li 21, o ile a ingolisa lefapheng le neng le thaotha masole e le mosebeletsi oa bolumeli. Lilemo tse peli hamorao ka 1950, o ile a ingolisa hape e se e le ea hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Le hoja Lefapha la ’Muso la Bofokisi le sa ka la fumana phoso tlalehong ea hae, Lefapha la Toka le ile la mo qosa. Ka mor’a hore a ise nyeoe ena lekhotleng ka makhetlo a ’maloa, Lekhotla le Phahameng la United States le ile la mamela nyeoe ea Mor’abo rōna Sicurella ’me le ile etsolla qeto eo. Qeto ena ea Lekhotla le Phahameng e ile ea thusa baahi ba bang ba United States hore ba lokolohe ho se kenele tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli.

12 Greece. Ka 1983, Iakovos Thlimmenos o ile a qosoa ka hore oa tella ha a sa batle ho apara liaparo tsa sesole ’me o ile ahloleloa ho ea chankaneng. Ka mor’a hore a lokolloe, o ile a batla mosebetsi oa ho boloka libuka tsa khoebo empa ha aa ka a o fumana hobane o ne a e-na le tlaleho ea hore o kile a ea chankaneng. O ile a isa taba ena khotla, empa ka mor’a hore nyeoe e mo hlōle makhotleng a linyeoe a Greece, o ile a ea Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR). Ka 2000, Moifo o Moholo oa Lekhotla la ECHR o neng o e-na le baahloli ba 17, o ile oa emela Iakovos ’me seo se ile sa etsa hore ho se ke ha hlola ho e-ba le khethollo. Pele ho qeto ena ea lekhotla, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba 3 500 Greece, ba neng ba e-na le tlaleho ea hore ba kile ba isoa chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ka mor’a qeto ena, Greece e ile ea theha molao o ileng oa hlakola litlaleho tseo tsa hore barab’abo rōna ba kile ba isoa chankaneng. Hape, molao o neng o lumella baahi ba Greece ho etsa mosebetsi o mong ho e-na le hore ba kenele sesole, o ileng oa thehoa lilemo tse ’maloa pejana, o ile oa tiisoa ha ho ne ho nchafatsoa Molao-motheo oa Greece.

“Pele ke kena ka khotla, ke ile ka rapela Jehova ka tieo ’me o ile a nthusa hore ke khobe matšoafo.”—Ivailo Stefanov (Sheba serapa sa 13)

13, 14. U nahana hore re ithuta’ng linyeoeng tsa Ivailo Stefanov le Vahan Bayatyan?

13 Bulgaria. Ka 1994, Ivailo Stefanov o ne a le lilemo li 19 ha a ne a thaotheloa ho kenela sesole. O ile a hana ho kenela sesole kapa ho etsa mosebetsi o tšehetsang masole. O ile a ahloleloa ho hlola chankaneng ka likhoeli tse 18, empa o ile a ipiletsa a itšetlehile ka hore o na le tokelo ea ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli. Qetellong nyeoe ea hae e ile ea isoa ECHR. Ka 2001, pele nyeoe ea hae e mameloa, ho ile ha fihleloa tumellano e molemong oa Mor’abo rōna Stefanov. ’Muso oa Bulgaria ha oa ka oa tšoarela Mor’abo rōna Stefanov feela, empa le baahi bohle ba Bulgaria ba neng ba batla ho etsa mosebetsi o mong ntle le ho kenela sesole. *

14 Armenia. Vahan Bayatyan, o ile a qobelloa ho kenela sesole ka 2001. * O ile a hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli empa nako le nako ha a ne a ipiletsa makhotleng ho ne ho lihuoa kahlolo e khahlanong le eena. Ka September 2002, o ile a ahloleloa ho hlola lilemo tse peli le halofo chankaneng empa o ile a lokolloa ka mor’a likhoeli tse leshome le libeke tse peli. Nakong eo, o ile a ipiletsa ECHR ’me nyeoe ea hae e ile ea mameloa. Leha ho le joalo, ka la 27 October, 2009, Lekhotla leo le ile la liha kahlolo e khahlanong le eena. Kahlolo eo e ile ea utloisa barab’abo rōna ba Armenia bohloko ba neng ba tobane le bothata bo tšoanang. Leha ho le joalo, Moifo o Moholo oa Lekhotla oa ECHR o ile oa hlahloba nyeoe eo hape. Ka la 7 July, 2011, Lekhotla le ile la liha kahlolo e emelang e emelang Vahan Bayatyan. Lena e ne e le lekhetlo la pele ECHR e hlokomela hore ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli ho lokela ho sireletsoa hobane batho ba na le bolokolohi ba ho nahana, ho etsa lintho ho latela letsoalo la bona le ba bolumeli. Qeto eo ha ea ka ea sireletsa litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova feela, empa le litokelo tsa batho ba makholo a limilione ba lulang linaheng tseo e leng litho tsa Lekhotla la Europe. *

Bara le barali babo rōna ba Armenia ba tsoa teronkong ka lebaka la kahlolo e ileng ea lihoa ke ECHR

Bothata ba ho Kopanela Meketeng ea Bochaba

15. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba hana ho kopanela meketeng ea bochaba?

15 Batho ba Jehova ba tšepahalla ’Muso oa Bomesia eseng feela ka ho hana ho kenela sesole, empa hape le ka hore ka tlhompho ba hane ho kopanela meketeng ea bochaba. Moea oa bochaba o ile oa nama lefatšeng lohle, haholo-holo ka mor’a hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e qhome. Baahi ba linaha tse ngata ba ne ba lokela ho ikana hore ba tla tšepahalla linaha tsa habo bona ka ho pheta-pheta likano tse itseng, ka ho bina pina ea sechaba kapa ka ho lumelisa folakha. Leha ho le joalo, rōna re inehetse ho Jehova ka ho khetheha. (Ex. 20:4, 5) Ke ka lebaka leo re ileng ra hlorisoa haholo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a boela a sebelisa “lefatše” ho metsa a mang a mahloriso ao. A re ke re hlahlobe linyeoe tse ’maloa tseo Jehova a ileng a thusa batho ba hae hore ba li hlōle a sebelisa Kreste.—Pes. 3:8.

16, 17. Lillian le William Gobitas ba ile ba tobana le bothata bofe, hona u ithutile’ng nyeoeng ea bona?

16 United States. Ka 1940, baahloli ba robeli ho a le mong Lekhotleng le Phahameng la United States ba ile ba liha kahlolo e khahlanong le Lipaki Tsa Jehova nyeoeng e neng e le pakeng tsa Sekolo sa Minersville le lelapa la Gobitis. Lillian Gobitas, * ea neng a le lilemo li 12 le ngoan’abo William ea neng a le lilemo li 10, ba ile ba hana ho lumelisa folakha kapa ho etsa kano ea ho tšepahalla naha, kaha ba ne ba batla ho lula ba tšepahala ho Jehova. Ka lebaka leo, ba ile ba lelekoa sekolong. Nyeoe ea bona e ile ea isoa ka pel’a Lekhotla le Phahameng ’me Lekhotla le ile la fihlela qeto ea hore seo sekolo se se entseng se ne se le tumellanong le molao-motheo oa naha kaha qeto eo e ne e le molemong oa ho “momahanya sechaba.” Qeto eo e ile ea etsa hore Lipaki li hlorisoe. Bana ba Lipaki ba ile ba lelekoa likolong, Lipaki li ile tsa lelekoa mesebetsing ’me tse ling li ile tsa hlaseloa ke sechaba. Buka ea The Lustre of Our Country e re, “ho hlorisoa ha Lipaki ho tloha ka 1941 ho ea ho 1943 e ile ea e-ba tlhaselo e khōlō ka ho fetisisa e neng e le khahlanong le bolumeli Amerika, lilemong tsa bo-1900.”

17 Tlhōlo eo ea lira tsa Molimo e ile ea e-ba ea nakoana. Ka 1943, Lekhotla le Phahameng le ile la hlahloba nyeoe e ’ngoe e tšoanang le ea ba ha Gobitis. E ne e le pakeng tsa Lefapha la Thuto la West Virginia le lelapa la Barnette. Nyeoeng ena, Lekhotla le Phahameng le ile la liha kahlolo e emelang Lipaki Tsa Jehova. E ne e le lekhetlo la pele historing ea United States, Lekhotla le Phahameng le fetola qeto eo le e nkileng kapele joalo. Ka mor’a qeto eo ea lekhotla, ho hlorisoa ha batho ba Jehova pepenene United States ho ile ha fokotseha haholo. Seo se ile sa etsa hore litokelo tsa baahi ba United States li sireletsoe haholoanyane.

18, 19. Pablo Barros o ile a re o thusitsoe ke’ng ho hlōla khatello, hona bahlanka ba bang ba Jehova ba ka etsisa mohlala oa hae joang?

18 Argentina. Pablo Barros ea lilemo li robeli le moena oa hae Hugo ea lilemo li supileng, ba ile ba lelekoa sekolong ka 1976, ka lebaka la ho se kopanele moketeng oa ho phahamisa folakha. Ka letsatsi le leng, mosuoe-hlooho o ile a khothometsa Pablo ’me a mo otla hloohong. O ile a re bashanyana bana ba babeli ba lule sekolong hora ka mor’a hore sekolo se tsoe, a leka ho ba qobella hore ba kenelle litšebeletsong tsa bochaba. Ha a hopola se ileng sa etsahala, Pablo o ile a re: “Ntle le thuso ea Jehova nkabe ke sa khona ho hlōla khatello ea hore ke se ke ka tšepahala.”

Bacha ba bangata ba Lipaki ba ile ba tšepahala ha ba lekoa

19 Ha nyeoe e isoa lekhotleng, moahloli o ile a tšehetsa qeto eo sekolo se e entseng ea ho leleka Pablo le Hugo. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Argentina. Ka 1979, Lekhotla le ile la fetola qeto ea lekhotla le tlaasana ’me la re: “Kotlo eo [ho lelekoa] e hanyetsana le tokelo ea ho ithuta (Molao oa 14) le boikarabelo ba ’Muso ba hore bana ba fumane thuto ea mathomo (Molao oa 5).” Ho hlōla nyeoe eo ho ile ha thusa bana ba Lipaki ba ka bang 1 000. Ba bang ha baa ka ba lelekoa ’me ba bang ba joaloka Pablo le Hugo, ba ile ba amoheloa hape likolong.

20, 21. Nyeoe e neng e ama Roel le Emily Embralinag, e matlafalitse tumelo ea hao joang?

20 Philippines. Ka 1990, Roel Embralinag * ea lilemo li 9 le khaitseli ea hae Emily ea lilemo li 10, hammoho le bana ba bang ba Lipaki ba ka bang 66, ba ile ba lelekoa sekolong ka lebaka la ho hana ho lumelisa folakha. Ntate oa Roel le Emily, e leng Leonardo, o ile a leka ho buisana le matichere, empa ha baa ka ba mo mamela. Ha maemo a ntse a mpefala, Leonardo o ile a isa taba ena Lekhotleng le Phahameng. Leonardo o ne a se na chelete a bile a se na le ’muelli. Lelapa la hae le ile la rapela ka tieo hore Jehova a le tataise. Bana ba ne ba tsoela pele ba songoa le ho hobosoa. Leonardo o ne a bona eka a ke ke a hlōla nyeoe eo hobane o ne a sa tsebe litaba tsa molao.

21 Qetellong lelapa leo le ile la buelloa ke Felino Ganal, ’muelli ea kileng a sebeletsa k’hamphani ea babuelli e neng e tumme haholo naheng eo. Ha nyeoe ena e qala, Mor’abo rōna Ganal o ne a se a tlohetse mosebetsi oo ’me e ne e se e le Paki ea Jehova. Ha nyeoe e isoa Lekhotleng le Phahameng, Lekhotla le ile la liha kahlolo e emelang Lipaki ’me la hlakola taelo ea hore bana ba lelekoe sekolong. Le lekhetlong lena, batho ba neng ba leka ho thefula botšepehi ba batho ba Molimo ba ile ba hlōleha.

Ho se Nke Lehlakore ho Etsa Hore re be Bonngoeng

22, 23. (a) Ho tlile joang hore re hlōle linyeoe tse khōlō hakaale? (b) Taba ea hore re na le khotso re le bara ba motho ba lefatšeng lohle, e paka’ng?

22 Ho tlile joang hore batho ba Jehova ba hlōle linyeoe tse khōlō hakaale? Ha re batho ba lipolotiki. Leha ho le joalo, naheng e ’ngoe le e ’ngoe le lekhotleng le leng le le leng, baahloli ba seng leeme ba ’nile ba re sireletsa ha bahanyetsi ba rōna ba phehella ho re hanyetsa ’me linyeoe tseo li sebelisoa melao-motheong ea linaha tseo. Ha ho pelaelo hore Kreste o re tšehelitse hore re hlōle linyeoe tseo. (Bala Tšenolo 6:2.) Ke hobane’ng ha re ea makhotleng a linyeoe? Hase hore re batla ho fetola molao. Empa morero oa rōna ke ho etsa bonnete ba hore re tsoela pele re sebeletsa Morena oa rōna, Jesu Kreste ntle ho tšitiso.—Lik. 4:29.

23 Har’a batho ba arohantsoeng ke lintoa tsa lipolotiki le lehloeo, Morena oa rōna ea busang, Jesu Kreste, o hlohonolofalitse balateli ba hae ha ba ntse ba leka ho se nke lehlakore. Satane o hlōlehile ho senya bonngoe ba rōna. ’Muso o bokeletse batho ba limilione ba seng ba sa batle ho “ithuta ntoa.” Taba feela ea hore re na le khotso re le bara ba motho ba lefatšeng lohle ke mohlolo, kaha seo se fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore ’Muso oa Molimo oa busa!—Esa. 2:4.

^ ser. 4 Buka ena e boetse e bitsoa The New Creation. Hamorao, libuka tsa Millennial Dawn li ile tsa bitsoa Studies in the Scriptures.

^ ser. 8 E le hore u fumane lintlha tse mabapi le boprofeta bona, sheba buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, khaolo ea 27, leqepheng la 184-186.

^ ser. 13 Qeto ena e ne e boetse e laela ’muso oa Bulgaria hore o lumelle batho ba hanang ho kenela sesole hore ba etse mosebetsi o mong.

^ ser. 14 E le hore u bale ka tlaleho ena ka ho feletseng, sheba Molula-Qhooa oa November 1, 2012, leqepheng la 29-31.

^ ser. 14 Nakong ea lilemo tse 20, ’muso oa Armenia o ne o se o isitse bacha ba Lipaki ba 450 chankaneng. Ka November 2013, oa ho qetela oa bona o ile a lokolloa.

^ ser. 16 Fane ea bona e ile ea ngoloa ka tsela e fosahetseng litlalehong tsa lekhotla.

^ ser. 20 Fane ea bona e ile ea ngoloa ka tsela e fosahetseng, e le Ebralinag litlalehong tsa lekhotla.