Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 13

Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla

Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Joalokaha Jesu a ile a bolela, balateli ba hae ba ne ba tla hanyetsoa ke mebuso le baeta-pele ba bolumeli ha ba etsa mosebetsi oa boboleli

1, 2. (a) Ke’ng seo baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba se etsa mabapi le mosebetsi oa boboleli, empa baapostola ba ile ba etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha baapostola ba ile ba hana ho mamela taelo ea hore ba khaotse ho bolela?

E NE e le nakoana ka mor’a Pentekonta ea selemo sa 33. E ne e se e le libeke tse ’maloa phutheho ea Bokreste e Jerusalema e thehiloe. Ho hlakile hore Satane o ile a bona e le nako e loketseng hore a hlasele Bakreste. O ne a batla ho felisa phutheho pele e ka hōla le ho ba matla. Ho e-s’o ee kae, Satane o ile a etsa hore baeta-pele ba bolumeli ba thibele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Leha ho le joalo, ka sebete baapostola ba ile ba tsoela pele ho bolela ’me banna le basali ba bangata e ile ea e-ba “balumeli Moreneng.”—Lik. 4:18, 33; 5:14.

Baapostola ba ile ba thaba “hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae”

2 Bahanyetsi bao ba ile ba halefa, eaba ba hlasela baapostola ka ho ba lahlela chankaneng. Leha ho le joalo, lengeloi la Jehova le ile la tla bosiu eaba le bula menyako ea chankana ’me ka meso baapostola ba ne ba se ba qalile ho etsa mosebetsi oa boboleli! Ba ile ba boela ba tšoaroa ’me ba isoa ka pel’a babusi moo ba ileng ba qosoa ka hore ba robile molao o neng o ba thibela ho bolela. Ha baapostola ba araba, ka sebete ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Babusi bao ba ile ba loloma ke bohale hoo ba neng ba batla ‘ho bolaea’ baapostola. Empa ka eona nako eo, Gamaliele, mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle o ile a lemosa babusi bao a re: “Ikeleng hloko . . . Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele.” Se makatsang ke hore babusi bao ba ile ba mamela keletso eo ’me ba tlohela baapostola hore ba tsamaee. Baapostola ba ile ba etsa’ng? Ka sebete ba ile ba tsoela pele “ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Lik. 5:17-21, 27-42; Liprov. 21:1, 30.

3, 4. (a) Satane o ’nile a sebelisa mokhoa ofe ho hlasela batho ba Molimo? (b) Re tla hlahloba eng khaolong ena, le tse peli tse latelang?

3 Nyeoe eo ea selemo sa 33 ea ho hanyetsoa ha phutheho ea Bokreste ke baeta-pele ba bolumeli, e ne e le ea pele empa e ne e se ea ho qetela. (Lik. 4:5-8; 16:20; 17:6, 7) Mehleng ea rōna, Satane o ntse a susumetsa bahanyetsi ba borapeli ba ’nete hore ba hlohlelletse ba boholong hore ba thibele mosebetsi oa rōna oa boboleli. Bahanyetsi bao ba ’nile ba qosa batho ba Molimo ka hore ke batlōli ba molao. Ba ’nile ba re qosa ka hore re batho ba likhathatso. Hape ba re re khothalletsa batho hore ba fetohele ’Muso, ba boela ba re qosa ka hore rea rekisa. Ka nako e loketseng, barab’abo rōna ba ile ba ea makhotleng e le hore ba bontše hore liqoso tseo ke leshano. Linyeoe tseo li ile tsa fella joang? Liqeto tseo makhotla a linyeoe a ileng a li nka lilemong tseo tse mashome tse fetileng li u ama joang kajeno? A re ke re hlahlobe linyeoe tse ’maloa ’me re bone hore na li thusitse joang “ho sireletseng le ho theheng ka molao litaba tse molemo.”—Bafil. 1:7.

4 Khaolong ena re tla hlahloba kamoo re ileng ra sireletsa tokelo ea rōna ea ho ba le bolokolohi ba puo kateng. Likhaolong tse peli tse latelang re tla hlahloba kamoo linyeoe tse ileng tsa hlahleloa khahlanong le rōna li re thusitseng kateng ho se be karolo ea lefatše le ho phela ka melao ea ’Muso.

Na re Likhathatso Kapa re Baemeli ba Tšepahalang ba ’Muso oa Molimo?

5. Ke hobane’ng ha baboleli ba ’Muso ba ile ba tšoaroa qetellong ea lilemo tsa bo-1930, hona ba neng ba etella pele ba ile ba etsa’ng?

5 Qetellong ea lilemo tsa bo 1930, metse le linaha ho pholletsa United States of America li ile tsa qobella Lipaki Tsa Jehova hore li fumane tumello kapa laesense ea hore li etse mosebetsi oa boboleli. Empa barab’abo rōna ha baa ka ba batla laesense eo. Ba ne ba lumela hore laesense e ka hlakoloa, hape ba nka hore ha ho na ’muso o nang le matla a ho kena-kenana le taelo eo Jesu a e fileng Bakreste ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. (Mar. 13:10) Ka lebaka leo, baboleli ba makholo ba ’Muso ba ile ba tšoaroa. Ba neng ba etella pele mokhatlong ba ile ba isa taba ena lekhotleng la linyeoe. Ba ne ba nahana hore ba tla bontša ’Muso hore lithibelo tse khahlanong le Lipaki tsa hore li se ke tsa etsa mesebetsi e amanang le borapeli, ha li molaong. Ka 1938 ho ile ha etsahala ntho e ileng ea etsa hore ho be le nyeoe ea bohlokoa. Ho ile ha etsahala’ng?

6, 7. Ho ile ha etsahala’ng ka lelapa la Cantwell?

6 Hoseng ha Labobeli la 26 April, 1938, Newton Cantwell, ea lilemo li 60 le mosali oa hae Esther le bara ba bona Henry, Russell le Jesse—kaofela e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng—ba ile ba ea motseng oa New Haven, Connecticut e le hore ba e’o etsa mosebetsi oa boboleli. Ha e le hantle, ba ne ba ikemiselitse hore ha ba na ho khutla tsatsing leo. Hobane’ng? Ba ne ba se ba ile ba tšoaroa hangata, kahoo ba ne ba lebeletse hore ba ka ’na ba tšoaroa hape. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa nyahamisa lelapa la Cantwell, empa ba ile ba tsoela pele ba bolela molaetsa oa ’Muso. Ba ile ba fihla New Haven ka likoloi tse peli. Mor’abo rōna Newton o ne a khanna koloi ea lelapa e neng e kentse libuka tsa Bibele le keramafono ’me Henry ea lilemo li 22, o ne a khanna koloi e nang le sebuela-hōle. Ka sebele, joalokaha ba ne ba lebeletse, ka mor’a lihora tse seng kae, ba ile ba emisoa ke mapolesa.

7 Pele, Russell ea lilemo li 18 o ile a tšoaroa ha latela mor’abo rōna Newton le mosali oa hae Esther. Jesse ea lilemo li 16, o ne a le sebakanyana ’me o ile a bona ha batsoali ba hae le abuti oa hae ba nkuoa ke mapolesa. Henry o ne a ntse a bolela karolong e ’ngoe ea motse ’me Jesse o ile a sala a le mong. Ho ntse ho le joalo, o ile a nka keramafono ea hae ’me a tsoela pele ho bolela. Banna ba babeli ba Mak’hatholike ba ile ba lumella Jesse hore a ba bapalle puo ea Mor’abo rōna Rutherford e neng e e-na le sehlooho se reng “Enemies.” Empa ha ba ntse ba mametse puo eo, banna bao ba ile ba halefa hoo ba ileng ba batla ho otla Jesse. A khobile matšoafo, Jesse o ile a tsamaea empa nakoana ka mor’a moo lepolesa le ile la mo emisa. Kahoo Jesse le eena o ile a tšoaroa. Lepolesa leo ha lea ka la qosa Morali’abo rōna Cantwell, empa le ile la qosa Mor’abo rōna Cantwell le bara ba hae. Leha ho le joalo, ba ile ba lokolloa ka beile hona letsatsing leo.

8. Ke hobane’ng ha lekhotla le ile la fumana Jesse Cantwell a le molato oa hore ke motho ea likhathatso?

8 Likhoeli tse ’maloa hamorao, ka September 1938, lelapa la Cantwell le ile la hlaha khotla, New Haven. Newton, Russell le Jesse ba ile ba qosetsoa hore ba kōpa chelete ba se na laesense. Ho sa tsotellehe boipiletso ba bona Lekhotleng le Phahameng la Connecticut, Jesse o ile a fumanoa a le molato oa hore ke motho ea likhathatso le ea lukang khotso. Hobane’ng? Hobane banna bao ba Mak’hatholike ba ileng ba mamela puo eo ba ile ba beha bopaki khotla ’me ba re puo eo e ne e nyefola bolumeli ba bona ’me e ile ea ba halefisa. E le ho hanyetsa liqoso tseo, barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la United States, e leng lekhotla le ka holimo-limo la naha.

9, 10. (a) Lekhotla le Phahameng la United States le ile la ahlola nyeoe ea lelapa la Cantwell joang? (b) Qeto eo e re tsoela molemo joang kajeno?

9 Ho tloha ka la 29 March, 1940, Moahloli e Moholo, Charles E. Hughes le baahloli ba bang ba robeli ba ile ba mamela ha Mor’abo rōna Hayden Covington, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova a teka nyeoe ka pel’a bona. * Ha ’muelli oa naha ea Connecticut a teka nyeoe ea hae e le ha a leka ho paka hore Lipaki ke batho ba likhathatso, moahloli e mong o ile a botsa a re: “Na hase ’nete hore batho ba bangata ba ne ba sa rate molaetsa oa Kreste Jesu?” ’Muelli eo o ile a araba ka ho re: “Ho joalo ’me haeba ke hopola Bibele ea ka hantle, e boetse e re bolella hore na ke eng se ileng sa etsahalla Jesu ka lebaka la ho bolela molaetsa oo.” Ka ho bua joalo, o ile a ipepesa hakaakang! A sa hlokomele, ’muelli eo o ile a amahanya Lipaki le Jesu ’me a ikamahanya le ba ileng ba qosa Jesu. Ka la 20 May, 1940, Lekhotla le ile la liha kahlolo e emelang Lipaki.

Hayden Covington (ea ka pele bohareng), Glen How (ka ho le letšehali) le ba bang ba tloha khotla ka mor’a ho hlōla nyeoe

10 Qeto eo ea Lekhotla e ile ea e-ba le phello efe? E ile ea sireletsa bolokolohi ba bolumeli e le hore ho se be le ’muso ofe kapa ofe o ka thibelang batho hore ba be le bolokolohi ba ho etsa seo ba se lumelang. Ho feta moo, Lekhotla ha lea ka la fumana Jesse a le molato oa “ho sitisa khotso ea sechaba.” Kahoo, qeto eo e ile ea bontša ka ho hlaka hore Lipaki Tsa Jehova hase batho ba likhathatso. Eo e ile ea e-ba tlhōlo e kaakang ho batho ba Molimo! E re tsoela molemo joang kajeno? Mor’abo rōna oa ’muelli o re: “Tokelo ea ho ba le bolokolohi ba ho etsa seo re se lumelang re sa tšohe hore re tla thibeloa, e re thusa hore kajeno re bolelle batho ba moo re lulang teng molaetsa oa tšepo.”

Na re Hlohlelletsa Bofetoheli Kapa re Baboleli ba ’Nete?

Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada

11. Barab’abo rōna ba Canada ba ile ba kena letšolong lefe, hona hobane’ng?

11 Lilemong tsa bo-1940, Lipaki Tsa Jehova tsa Canada li ile tsa hanyetsoa ka sehlōhō. Kahoo, e le hore batho ba tsebe hore ’Muso o ne o thibela batho ho ba le bolokolohi ba borapeli, ka 1946, barab’abo babo rōna ba ile ba kena letšolong la matsatsi a 16 la ho aba pampitšana e neng e e-na le sehlooho se reng, Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada. Pampitšana eo e maqephe a mane e ile ea pepesa merusu e neng e hlohlelletsoa ke baruti, tšoaro e sehlōhō ea mapolesa le mabifi a ileng a etsoa khahlanong le barab’abo rōna profinseng ea Quebec. Pampitšana eo e ile ea re: “Ho tšoaroa ho seng molaong ha lipaki tsa Jehova ho ntse ho tsoela pele. Ho na le liqoso tse 800 tse khahlanong le lipaki tsa Jehova motseng oa Montreal.”

12. (a) Bahanyetsi ba ile ba hanyetsa letšolo la pampitšana joang? (b) Barab’abo rōna ba ile ba qosoa ka tlōlo efe ea molao? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

12 Letona la Quebec e leng Maurice Duplessis o ile a sebetsa hammoho le Moruti oa Roma e K’hatholike, e leng Villeneuve ’me ha ba utloa litaba tsa pampitšana eo ba ile ba phatlalatsa “ntoa e mahlo-mafubelu” khahlanong le Lipaki. Liqoso tse 800 li ile tsa eketseha ho ba tse 1 600. Morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a re: “Re ile ra tšoaroa ka makhetlo a mangata hoo re neng re se re sa tsebe hore re tšoeroe hakae.” Lipaki tse neng li fumanoa li ntse li aba pampitšana eo li ile tsa qosoa ka tlōlo ea molao ea ho hatisa “sengoliloeng se hlohlelletsang lehloeo.” *

13. Ke bo-mang ba pele ba ho qosoa ka hore ba hlohlelletsa bofetoheli, hona lekhotla le ile la fihlela qeto efe?

13 Ka 1947, Mor’abo rōna Aimé Boucher, le barali ba hae e leng Gisèle ea lilemo li 18, le Lucille ea lilemo li 11, e ile ea e-ba ba pele ba ho isoa lekhotleng ka liqoso tsa ho hlohlelletsa bofetoheli. Ba ile ba aba lipampitšana tsa Quebec’s Burning Hate haufi le polasi ea bona e lithabeng tse boroa ho Motse oa Quebec, empa e ne e se batho ba likhathatso. Mor’abo rōna Boucher e ne e le monna ea ikokobelitseng le ea bonolo ea neng a hlokomela polasi ea hae, eo ka linako tse ling a neng a ikela toropong ka kariki. Ho ntse ho le joalo, lelapa la hae le ile la etsoa tse ling tsa lintho tse neng li boletsoe pampitšaneng eo. Moahloli ea neng a tšoere nyeoe eo, a bile a hloile Lipaki o ile a hana ho amohela bopaki bo neng bo bontša hore lelapa la Boucher ha le molato. Ho e-na le hoo, o ile a amohela hore pampitšana eo e ne e hlohlelletsa lehloeo ’me lelapa la Boucher le lokela ho fumanoa le le molato. Ha e le hantle, seo moahloli a neng a se bua ke sena: Ho bua ’nete ke tlōlo ea molao! Aimé le Gisèle ba ile ba qosetsoa ho aba lingoliloeng tse hlohlelletsang lehloeo, esita le Lucille e monyenyane o ile a koalloa chankaneng ka matsatsi a mabeli. Barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Canada, e leng lekhotla le phahameng ka ho fetisisa naheng eo ’me le ile la lumela ho mamela nyeoe eo.

14. Barab’abo rōna ba Quebec ba ile ba etsa’ng lilemong tsa ha ba ntse ba hlorisoa?

14 Ho ntse ho le joalo, bara le barali babo rōna ba Quebec ba ile ba tsoela pele ba bolela molaetsa oa ’Muso le hoja ba hlaseloa ka mabifi ’me hangata ho ne ho e-ba le liphello tse hlollang. Lilemo tse ’nè ka mor’a hore phutuho e qale ka 1946, palo ea Lipaki tsa Quebec e ile ea eketseha ho tloha ho 300 ho ea ho 1 000! *

15, 16. (a) Lekhotla le Phahameng la Canada le ile la etsa qeto efe mabapi le nyeoe ea lelapa la Boucher? (b) Tlhōlo eo e ile ea ama barab’abo rōna le batho ba bang joang?

15 Ka June 1950, Lekhotla le Phahameng la Canada le neng le e-na le baahloli ba robong le ile la mamela nyeoe ea Aimé Boucher. Likhoeli tse tšeletseng hamorao ka la 18 December, 1950, ba ile ba hlōla nyeoe. Hobane’ng? Mor’abo rōna Glen How, ’muelli oa Lipaki, o ile a hlalosa hore Lekhotla le ile la lumela hore ha motho a bontša “bofetoheli” o lokela hore a be a le mabifi kapa a fetohela ’muso. Empa pampitšana ena “e ne e sa hlohlelletse seo kahoo ho e aba ho ne ho se khahlanong le molao.” Mor’abo rōna How o ile a phaella ka ho re: “Ke ile ka inoesa ka nkho kamoo Jehova a ileng a re fa tlhōlo kateng.” *

16 Ka sebele, qeto ea Lekhotla le Phahameng e ne e bontša hore ’Muso oa Molimo oa hlōla. Qeto eo e ile ea hlakola le linyeoe tse neng li tla tse 122 tseo ho tsona Lipaki tsa Quebec li ileng tsa qosoa ka hore li aba lingoliloeng tse khothalletsang lehloeo. Ho feta moo, qeto ea Lekhotla e ne e bolela hore joale baahi ba Canada le ba linaha tse selekaneng le eona ba na le bolokolohi ba ho tletleba haeba ba sa khotsofalle tsela eo ’muso o ba busang ka eona. Ho feta moo, sena se ile sa bontša hore ’muso le kereke ea Quebec li hlōlehile ho etsa hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa e-ba le tokoloho. *

Na Rea Rekisa Kapa re Baphatlalatsi ba Chesehang ba ’Muso oa Molimo?

17. Mebuso e meng e leka ho laola mosebetsi oa rōna oa ho bolela joang?

17 Joaloka Bakreste ba pele, bahlanka ba Jehova kajeno “ha [ba] rekise lentsoe la Molimo.” (Bala 2 Bakorinthe 2:17.) Ho ntse ho le joalo, mebuso e meng e leka ho laola mosebetsi oa rōna oa boboleli ka ho re behela melao e laolang likhoebo. A re ke re hlahlobe linyeoe tse peli tse ileng tsa seka-seka hore na ebe Lipaki Tsa Jehova li rekisa lentsoe la Molimo kapa ke basebeletsi ba Molimo.

18, 19. ’Muso oa Denmark o ile oa leka ho thibela mosebetsi oa boboleli joang?

18 Denmark. Ka la 1 October, 1932, ho ile ha etsoa molao o neng o bontša hore ke tlōlo ea molao ho rekisa libuka ntle le laesense. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa ka ba batla laesense eo. Letsatsi le hlahlamang, bahoeletsi ba bahlano ba ile ba qeta letsatsi ba etsa mosebetsi oa boboleli motseng oa Roskilde, o lik’hilomithara tse fetang tse 30 leboea ho motse-moholo, Copenhagen. Qetellong ea letsatsi leo, e mong oa bahoeletsi, August Lehmann o ne a nyametse. O ne a tšoaretsoe ho rekisa a se na laesense.

19 Ka la 19 December, 1932, August Lehmann o ile a hlaha ka pel’a lekhotla. O ile a lumela hore o ne a fa batho libuka tsa Bibele empa a latola hore o ne a li rekisa. Lekhotla le ile la lumellana le eena. Le ile la re: “Moqosuoa . . . o khona ho iphelisa ebile ha a etse mosebetsi ona e le hore a fumane chelete ho e-na le hoo o etsa mosebetsi ona a sebelisa chelete ea hae.” Lekhotla le ile la ema le Lipaki ’me la etsa qeto ea hore mosebetsi oa Lehmann “hase ho etsa khoebo.” Leha ho le joalo, lira tsa batho ba Molimo li ne li ikemiselitse ho thibela mosebetsi oa boboleli ho pholletsa le naha. (Pes. 94:20) Mochochisi oa sechaba o ile a ipiletsa Lekhotleng le Phahameng. Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng?

20. Lekhotla le Phahameng la Denmark le ile la etsa qeto efe, hona barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng?

20 Beke pele ho nyeoe ea Lekhotla le Phahameng, Lipaki tsa Denmark li ile tsa eketsa tšebeletso ea tsona. Ka Labobeli la la 3 October, 1933, Lekhotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto ea lona. Le ile la lumellana le qeto ea lekhotla le tlaasana ea hore August Lehmann ha aa tlōla molao. Seo se ne se bolela hore Lipaki li ka tsoela pele li etsa mosebetsi oa boboleli ka bolokolohi. Ka lebaka la hore Jehova o ba file tlhōlo, bara le barali babo rōna ba ile ba bontša teboho ka ho eketsa mosebetsi oa bona oa boboleli le ho feta. Ho tloha ka nako eo, ’muso ha oa ka oa sitisa barab’abo rōna ba Denmark ho tsoela pele ba etsa tšebeletso ea bona.

Lipaki tse sebete tsa Denmark lilemong tsa bo-1930

21, 22. Lekhotla le Phahameng la United States le ile la etsa qeto efe nyeoeng ea Mor’abo rōna Murdock?

21 United States. Ka Sontaha sa la 25 February, 1940, Robert Murdock Jr., eo e neng e le pula-maliboho le Lipaki tse ling tse supileng, ba ile ba tšoaroa ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli motseng oa Jeannette, o haufi le Pittsburgh, profinseng ea Pennsylvania. Ba ile ba qosetsoa hore ha baa reka laesense ea ho fana ka libuka. Ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la United States ’me lekhotla le ile la lumela ho mamela nyeoe ea bona.

22 Ka la 3 May, 1943, Lekhotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto ea lona ’me Lipaki li ile tsa hlōla nyeoe. Lekhotla le ile la hanyetsa taba ea hore Lipaki li be le laesense hobane seo se ne se sitisa “batho hore ba thabele tokelo e lumeletsoeng Molao-motheong oa Naha.” Lekhotla le ile la hlakola molao oo oa motse ’me la bontša hore “o etsa hore ho se ke ha e-ba le bolokolohi ba ho phatlalatsa litaba hape o thibela batho ho etsa seo ba se lumelang.” Ha a phatlalatsa qeto ea Lekhotla, Justice William O. Douglas o ile a bolela hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova “hase feela ho bolela; hase feela ho aba libuka tsa bolumeli. Ke lintho tsena ka bobeli.” O ile a phaella ka ho re: “Mofuta ona oa mosebetsi oa bolumeli o lokela ho sireletsoa ka molao ka tsela e tšoanang le borapeli bo etsoang ka likerekeng le ha motho a rera a le sefalaneng.”

23. Ke hobane’ng ha ho hlōla linyeoe ka 1943 ho le bohlokoa ho rōna kajeno?

23 Qeto ena ea Lekhotla le Phahameng e ile ea e-ba tlhōlo e khōlō ho batho ba Molimo. E ile ea bontša hore ka sebele re basebeletsi ba Bakreste eseng bo-rakhoebo. Ka letsatsi leo le ke keng la lebaleha la selemo sa 1943, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlōla linyeoe tse 12 ho tse 13 Lekhotleng le Phahameng, ho akarelletsa le nyeoe ea Murdock. Liqeto tsena tsa lekhotla e ile ea e-ba mohlala oa se etsahalang linyeoeng tsa morao tjena moo bahanyetsi ba ’nileng ba boela ba batla ho thibela mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.

“Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-Na le Batho”

24. Re etsa’ng ha ’muso o thibela mosebetsi oa rōna oa boboleli?

24 Joaloka bahlanka ba Jehova, re thaba haholo ha mebuso e re fa tokelo ea ho bolela molaetsa oa ’Muso ka bolokolohi. Leha ho le joalo, ha ’muso o thibela mosebetsi oa rōna, re fetola tsela eo re etsang lintho ka eona ’me re tsoela pele ho etsa mosebetsi oa rōna ka hohle kamoo re ka khonang. Joaloka baapostola, “re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29; Mat. 28:19, 20) Ka nako e tšoanang, re ipiletsa makhotleng a linyeoe hore lithibelo tseo li tlosoe. Nahana ka mehlala e ’meli.

25, 26. Ke’ng se ileng sa etsahala Nicaragua, se ileng sa fella ka hore ho be le nyeoe Lekhotleng le Phahameng, hona sephetho sa nyeoe eo e ile ea e-ba sefe?

25 Nicaragua. Ka la 19 November, 1952, Donovan Munsterman eo e neng e le moromuoa le mohlanka oa lekala, o ile a kena ofising ea Lefapha la Litaba tsa Lehae la motse-moholo, Managua. O ne a laetsoe hore a hlahe ka pel’a Arnoldo García, ea neng a okametse lefapha leo. O ile a bolella Donovan hore Lipaki Tsa Jehova tsohle tsa Nicaragua li “thibetsoe ho tsoela pele li ruta lithuto tsa tsona le ho etsa mesebetsi ea tsona ea bolumeli.” Ha Donovan a botsa lebaka, Mookameli García o ile a mo hlalosetsa hore Lipaki ha li na tumello e tsoang ho mohlanka oa ’muso ea hore li etse tšebeletso ea tsona ebile li qosoa ka hore ke makomonisi. Ke bo-mang ba neng ba re qosa? Baruti ba Roma e K’hatholike.

Barab’abo rōna ba Nicaragua, ha mosebetsi o ntse o thibetsoe

26 Hang-hang mor’abo rōna Munsterman o ile a ipiletsa Lefapheng la Letona la ’Muso le Bolumeli hammoho le ho Mopresidente Anastasio Somoza García, empa ho ne ho sena motho ea mo mamelang. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba fetola tsela eo ba etsang lintho ka eona. Ba ile ba koala Holo ea ’Muso, ba bokana ka lihlopha tse nyenyane ’me ba khaotsa ho paka seterateng, ho ntse ho le joalo ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso. Ka nako e tšoanang, ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Nicaragua, ba kōpa hore le tlose thibelo eo. Likoranta li ile tsa phatlalatsa thibelo eo hammoho le boipiletso ’me Lekhotla le Phahameng le ile la lumela ho mamela nyeoe eo. Ho ile ha etsahala’ng? Ka la 19 June, 1953, Lekhotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto e emelang Lipaki. Lekhotla le ile la fumana hore thibelo eo e ne e kena-kenana le molao-motheo oa bolokolohi ba puo, ba ho etsa liqeto ho latela letsoalo la motho le ba hore motho a bonahatse seo a se lumelang. E ile ea boela ea laela hore likamano tse neng li le teng pakeng tsa ’muso oa Nicaragua le Lipaki li lokisoe.

27. Ke hobane’ng ha baahi ba Nicaragua ba ile ba makatsoa ke qeto ea Lekhotla, hona barab’abo rōna ba ile ba ikutloa joang ka tlhōlo eo?

27 Baahi ba Nicaragua ba ile ba makatsoa ke hore Lekhotla le Phahameng le ile la ema le Lipaki. Pele ho moo, tšusumetso ea baruti e ne e le matla hoo Lekhotla le neng le qoba ho qabana le bona. Hape, ba boholong ’musong ba ne ba e-na le matla hoo Lekhotla le neng le hanyetsana le bona ka seoelo. Barab’abo rōna ba ne ba kholisehile hore ba fumane tlhōlo hobane Morena oa bona o ne a ba sirelelitse ’me ba ne ba tsoela pele ho bolela.—Lik. 1:8.

28, 29. Bohareng ba lilemo tsa 1980, ke phetoho efe e neng e sa lebelloa e ileng ea etsahala Zaire?

28 Zaire. Bohareng ba lilemo tsa bo 1980, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 35 000 Zaire, eo hona joale e bitsoang Democratic Republic of Congo. Ka lebaka la hore mosebetsi oa ’Muso o ne o eketseha ka sekhahla, ho ile ha hahoa mehaho e mecha ea lekala. Ka December 1985, ho ile ha tšoaroa kopano ea machaba motse-moholo Kinshasa ’me ho ile ha tla baeti ba 32 000 ba tsoang linaheng tse fapaneng, ba ileng ba tlatsa lebala la lipapali. Empa maemo a ile a qala ho fetoha. Ho ile ha etsahala’ng?

29 Mor’abo rōna Marcel Filteau ea tsoang Quebec, Canada, ea ileng a feta mahlorisong a ileng a bakoa ke ’muso oa Duplessis, o ne a sebeletsa e le moromuoa Zaire ka nako eo. Ha a bua ka se ileng sa etsahala, o re: “Ka la 12 March, 1986, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba fumana lengolo le neng le phatlalatsa hore mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa Zaire ha o molaong.” Lengolo leo le ne le saennoe ke mopresidente oa naha, Mobutu Sese Seko.

30. Ke qeto efe e boima eo Komiti ea Lekala e neng e lokela ho e etsa, hona e ile ea etsa’ng?

30 Letsatsi le latelang, seea-le-moea sa sechaba se ile sa phatlalatsa sa re: “Re ke ke ra hlola re utloa ka Lipaki Tsa Jehova mona [Zaire].” Hang-hang mahloriso a ile a latela. Liholo Tsa ’Muso li ile tsa senngoa ’me barab’abo rōna ba ile ba nkeloa thepa ka mahahapa, ba tšoaroa, ba koalloa chankaneng le ho otloa. Esita le bana ba Lipaki ba ile ba koalloa. Ka la 12 October, 1988, ’muso o ile oa nka thepa ea mokhatlo ’me sehlopha sa masole a Lebotho la Tšireletso, se ile sa hapa ofisi ea lekala. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba ipiletsa ho Mopresidente Mobutu, empa ha baa ka ba fumana karabo. Ka nako eo Komiti ea Lekala e ile ea tlameha ho nka qeto e boima, “Na re lokela ho ipiletsa Lekhotleng le Phahameng, kapa re lete?” Timothy Holmes, eo e neng e le moromuoa le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ea naha ka nako eo, o re, “Re ne re tšepile hore Jehova ke eena ea tla re fa bohlale le tataiso.” Ka mor’a ho rapela, komiti e ile ea hlokomela hore e ne e-s’o be nako ea hore ba ise taba lekhotleng. Ho e-na le hoo, ba ile ba ameha ka ho hlokomela barab’abo rōna le ho fumana litsela tsa ho tsoela pele ba etsa mosebetsi oa boboleli.

“Nakong ea nyeoe eo, re ile ra bona kamoo Jehova a ka fetolang lintho kateng”

31, 32. Lekhotla le Phahameng la Zaire le ile la etsa qeto efe, hona qeto eo e ile ea ama barab’abo rōna joang?

31 Ho ile ha feta lilemo tse ’maloa. Khatello e ile ea fokotseha ’me ’muso o ile oa qala ho hlompha litokelo tsa botho. Ofisi ea Lekala e ile ea etsa qeto ea hore joale e ne e le nako ea hore e ipiletse Lekhotleng le Phahameng la Toka la Zaire. Se hlollang ke hore Lekhotla le Phahameng le ile la lumela ho mamela nyeoe eo. Eaba, ka la 8 January 1993, hoo e ka bang lilemo tse supileng ka mor’a hore mopresidente a ntše taelo ea thibelo, Lekhotla le ile la fihlela qeto ea hore seo ’muso o se entseng Lipaki se ne se se molaong, eaba thibelo ea tlosoa. Ak’u nahane hore na seo se ne se bolela’ng! Baahloli bao ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka hore ba hlakole qeto e entsoeng ke mopresidente oa naha. Mor’abo rōna Holmes o re, “Nakong ea nyeoe eo, re ile ra bona kamoo Jehova a ka fetolang lintho kateng.” (Dan. 2:21) Tlhōlo ena e ile ea matlafatsa tumelo ea barab’abo rōna. Ba ile ba hlokomela hore Morena, Jesu, o ile a tataisa batho ba hae hore ba tsebe nako e nepahetseng ea ho nka khato le hore na ba lokela ho nka khato joang.

Lipaki tsa Democratic Republic of Congo li thabile kaha li fumane bolokolohi ba ho rapela Jehova

32 Kaha thibelo e ne e se e tlositsoe, baromuoa ba ile ba lumelloa ho lula Zaire, ho ile ha hahoa mehaho e mecha ea lekala ’me ofisi ea lekala e ile ea lumelloa ho amohela lingoliloeng tsa Bibele tse tsoang linaheng tse ling. * Bahlanka ba Molimo lefatšeng lohle ba thaba hakaakang ha ba hlokomela kamoo Jehova a sireletsang batho ba hae moeeng kateng!—Esa. 52:10.

“Jehova ke Mothusi oa Ka”

33. Re ithuta’ng ha re hlahloba linyeoe tseo re fetileng ho tsona?

33 Ho hlahloba ha rōna linyeoe tseo re fetileng ho tsona ho bontša hore Jesu o ile a phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lōna ba ke keng ba khona ho li hanyetsa kapa ho li phehisa.” (Bala Luka 21:12-15.) Ka linako tse ling, Jehova o ’nile a hlahisa bo-Gamaliele ba mehleng ea rōna ho sireletsa batho ba hae kapa ho susumetsa baahloli ba sebete le babuelli ho emela toka. Jehova o entse hore libetsa tsa bahanyetsi ba rōna li be nthithi. (Bala Esaia 54:17.) Bahanyetsi ba ke ke ba thibela mosebetsi oa Molimo.

34. Ke hobane’ng ha ho hlōla ha rōna linyeoe e le ntho e hlollang? (Sheba le lebokose le reng, “ Litlhōlo Tsa Bohlokoa Tsa Lekhotla le Phahameng Tse Ileng Tsa Ntšetsa Mosebetsi oa Boboleli Pele.”)

34 Ke hobane’ng ha ho hlōla ha rōna linyeoe e le ntho e hlollang? Nahana ka sena: Lipaki Tsa Jehova hase batho ba hlaheletseng kapa ba tummeng. Ha re voute, ha re tšehetse matšolo a lipolotiki ebile ha re leke ho susumetsa bo-ralipolotiki. Ho feta moo, ba bang ba rōna ba isoang makhotleng a phahameng ba nkoa e le batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:13) Kahoo, ho ea ka pono ea batho, ha ho na letho le lekaalo le susumetsang makhotla ho re thusa le ho etsa qeto e khahlanong le bahanyetsi ba rōna ba baeta-pele ba bolumeli le bo-ralipolotiki ba matla. Leha ho le joalo, ka makhetlo-khetlo makhotla a ’nile a ema le rōna! Ho hlōla ha rōna ho paka hore re tsamaea “ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.” (2 Bakor. 2:17) Ke kahoo, re buang joaloka moapostola Pauluse ha a re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.”—Baheb. 13:6.

^ ser. 9 Nyeoe ea Cantwell e khahlanong le Profinse ea Connecticut, e ile ea e-ba ea pele ho tse 43 tse ileng tsa hlaha ka pel’a Lekhotla le Phahameng la United States tseo Mor’abo rōna Hayden Covington a ileng a emela barab’abo rōna ho tsona. O ile a hlokahala ka 1978. Mosali oa hae Dorothy o ile a tšepahala ho fihlela a hlokahala ka selemo sa 2015 a le lilemo li 92.

^ ser. 12 Qoso eo e ne e thehiloe molaong o ileng oa thehoa ka 1606. O ile oa laela lekhotla hore motho a phatlalatsoe a le molato haeba lekhotla le hlokomela hore seo a se buileng se hlohlelletsa lehloeo—le hoja seo motho eo a se buileng e le ’nete.

^ ser. 14 Ka 1950, basebeletsi ba nako e tletseng ba 164 ba ne ba sebeletsa Quebec—ho akarelletsa liithuti tse 63 tse fumaneng mangolo a Gileade tse ileng tsa ithaopela kabelo eo ho sa tsotellehe khanyetso e matla e neng e larile ka pele.

^ ser. 15 Mor’abo rōna W. Glen How e ne e le ’muelli ea sebete, ho tloha ka 1943 ho ea ho 2003, ea ileng a emela Lipaki Tsa Jehova linyeoeng tse makholo Canada le linaheng tse ling.

^ ser. 16 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le nyeoe ena, sheba sehlooho se reng, “The Battle Is Not Yours, but God’s” Tsoheng! ea April 22, 2000 ea Senyesemane, leqepheng la 18-24.

^ ser. 32 Lebotho la Tšireletso le ile la tsoa mohahong oa lekala ’me mehaho e mecha ea lekala e ile ea hahoa sebakeng se seng.