Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la keteka Keresemese ka lekhetlo la ho qetela ka 1926; ka ho le letona: Batho baa hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li fapane

KAROLO EA BORARO

Melao ea ’Muso—Ho Batla ho Loka ha Molimo

Melao ea ’Muso—Ho Batla ho Loka ha Molimo

U LUMELISA moahelani oa hao ha u feta ha hae. Morao tjena, u hlokometse hore o ntse a le shebile, uena le ba lelapa la hao. Moahelani oa u lumelisa ’me oa u hoehla. O re: “Ke kōpa ho u botsa. Ke hobane’ng ha le fapane le batho ba bang hakaale?” Uena o re: “U bolela’ng?” O re: “Akere u e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Ha le tšoane le batho ba bang. Ha le etse lintho tse etsoang ke malumeli a mang—ha le keteke matsatsi a phomolo ebile ha le kenelle lipolotiking le lintoeng. Ha ho le ea mong oa lōna ea tsubang. Hape, lelapa la hao le itšoere hantle. Ke hobane’ng ha le fapane le batho ba bang hakaale?”

Ua tseba hore karabo e ’ngoe feela: Re phela tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Kaha ke Morena oa rōna, Jesu oa re hloekisa. O re thusa hore re hate moo a hatileng teng le hore re fapane le lefatše lena le khopo. Karolong ena, re tla bona kamoo ’Muso oa Bomesia o ’nileng oa hloekisa batho ba Molimo moeeng, boitšoarong le tseleng eo ba lokelang ho hlophiseha kateng—ba etsa tsena tsohle e le hore ba tlotlise Jehova.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 10

Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng

Keresemese le sefapano li tšoana ka tsela efe?

KHAOLO EA 11

Ho Hloekisoa Boitšoarong—Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo

Likamore tsa balebeli le liheke tsa tempele tse ponong ea Ezekiele li ’nile tsa ba le bohlokoa ho batho ba Molimo ho tloha ka 1914.

KHAOLO EA 12

Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”

Bibele ha e bapise ho hloka taolo le ho ba le taolo empa le ho ba le khotso. Hobane’ng? Hona karabo e ama Bakreste joang kajeno?