Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA B

U ka Khaotsa Moqoqo Tlas’a Maemo Afe?

U ka Khaotsa Moqoqo Tlas’a Maemo Afe?

Ha motho eo re ntseng re buisana le eena a sa utloisise ntho e itseng a bile a botsa lipotso ka eona, re thabela ho ntšetsa moqoqo oa rona pele. Re thabela ho qoqa le batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumeletsang ho amohela lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng.’—Lik. 13:48.

Empa re lokela ho etsa’ng haeba motho eo re kopanang le eena a re hanyetsa, a ngangisana kapa a sa batle ho buisana le rona? Khoba matšoafo ’me u khaotse moqoqo ka bohlale. (Liprov. 17:14) Leka ka hohle ho bontša motho eo hore oa mo hlompha ebile u mosa e le hore nakong e tlang a ka ikutloa a phutholohile ho buisana le rona.—1 Pet. 2:12.