HA U QALA MOQOQO
THUTO EA 2
Qoqa ka Lintho Tse Tloaelehileng
Keletso ea Bibele: “Lentsoe le buuoang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.”—Liprov. 15:23.
Filipi o Ile a Etsa’ng?
1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 8:30, 31 ebe u araba lipotso tse latelang:
Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Filipi?
2. Haeba re iqoqela le motho ka lintho tse tloaelehileng, o tla khona ho phutholoha ’me a thabele ho mamela molaetsa oa Bibele.
U ka Etsisa Filipi Joang?
3. Sheba motho eo u batlang ho qoqa le eena. Ho sheba motho mahlong ho tla u thusa hore u hlokomele hore na o batla ho bua le uena kapa che. Na ho bonahala eka a ka thabela ho qoqa le uena? Haeba u batla ho kenyeletsa molaetsa oa Bibele moqoqong oa lona, u ka re ho eena: “Na u ne u tseba hore . . . ?” Ha u bona hore ha a batle ho bua le uena, mo tlohele.
4. E-ba le mamello. U se ke oa potlakela ho bua le motho ka Bibele. Tsoela pele u qoqa le eena ho fihlela ho hlaha monyetla oa hore u kenyeletse molaetsa oa Bibele o amanang le seo le ntseng le bua ka sona. Haeba u sa khona ho bua le eena ka Bibele, u ka leka hape nakong e tlang.
5. Fetoha le maemo. Motho eo u qoqang le eena a ka bua ka ntho eo u sa e lebellang. Ha seo se etsahala, leka ho bua ka molaetsa oa Bibele o amanang le taba eo a buang ka eona le hoja u ne u sa rera ho bua ka taba eo.